Tokoloho ea ho ba le Lekunutu ke Eng?
“TOKELO ea ho ba le lekunutu ha e utloisisoe habonolo,” ho hlalosa The Guide to American Law, “hobane ha ho tlhaloso e nepahetseng ka eona.” David F. Linowes, moprofesara oa moruo o amang lipolotiki le molao oa naha, oa phaella: “Ha ho tlhaloso eo ho lumellanoang ka eona mabapi le tokelo ea ho ba le lekunutu.”
Ho ea ka molao, tokoloho ea ho ba le lekunutu ke khopolo e batlang e le ncha, e theiloeng sehloohong sa molao se ngotsoeng ke Louis D. Brandeis le Samuel Warren ka 1890. Sehlooho sena se tšoaeang phetoho historing ea molao se ne se susumelitsoe ke khalefo ea bona khahlanong le tlaleho ea koranta e tsosang maikutlo ka tsela e se nang molao.
Ka baka leo tokoloho ea ho ba le lekunutu e hlalositsoe e le “tokelo ea ho tlohela motho ho ba mong.” Leha ho le joalo, moprofesara Masanari Sakamoto oa Univesithi ea Hiroshima o ngotse hore tlhaloso ena “ka bomalimabe e ne e akarelletsa karolo e setseng ea tokelo ena.” O nka tokoloho ea ho ba le lekunutu e le khopolo e tiileng e kopanyelletsang ho ikarola ho ba bang le ho kopana le bona.
Maikutlo a moprofesara Sakamoto a lumellana le tlhaloso ea tokoloho ea ho ba le lekunutu ho The Encyclopedia Americana. Mona tokoloho ea ho ba le lekunutu e hlalosoa e le “polelo ea batho ka bomong, lihlopha, kapa mekhatlo hore e lumelloe ho iketsetsa liqeto mabapi le hore na ke neng, joang, le hore e tla ba ka tekanyo e kae ho tlang ho neoa batho ba bang boitsebiso ka eona.”
Ka baka leo, seo e mong a se nkang e le taba ea lekunutu, ho ka etsahala hore e mong ha a se nke joalo. A re bapiseng lipono tse fapaneng.
Maikutlo ka Tokoloho ea ho ba le Lekunutu
“Ho sireletsoa ha bophelo ba lekunutu ha ho na lentsoe le loketseng ka Sepotoketsi ho le hlalosa. Libuka tsa mantsoe ha li thathamise lentsoe ‘privacy’ [tokoloho ea ho ba le lekunutu] (privacidade),” ho tlalehile O Estado de S. Paulo, koranta ea Brazil. E ne e le ka 1979. Ke feela morao tjena, ka 1986, buka ea mantsoe ea Brazil e thathamisitseng lentsoe privacidade, le nkuoeng Senyesemaneng. Ka puo ea Korea, ha ho na lentsoe le le leng bakeng sa lentsoe la Senyesemane “privacy” (tokoloho ea ho ba le lekunutu).
Boemo ke bo tšoanang Japane. “Ha e le hantle, ha ho na lentsoe la Sejapane bakeng sa ‘privacy’ [tokoloho ea ho ba le lekunutu],” ho hlalosa Donald Keene, setsebi sa Lejapane sa Amerika. “Ho Majapane a tloaetseng ho etsa lintho ka sehlopha,” ho hlokomela Kodansha Encyclopedia of Japan, “tokelo ea motho ka bomong ea ho ba le lekunutu ha ea ka ea hlomphuoa haholo ke lelapa, sehlopha, kapa baahi ba motse hoo ba batlang litaba tsa batho.” Ka mohlala, haeba u batla mosebetsi femeng ea Japane, u lokela ho ikemisetsa ho araba lipotso tse kang: Na u phela hantle le mosali oa hao? O sebetsa hokae? O amohela bokae? Bana ba hao ba na le lilemo tse kae? Ba kena sekolo sefe? Haeba u lesoha, hang ha u fumana mosebetsi, monghali oa hao a ka ’na a re: “E se e le nako ea hore u nyale ’me u lule fatše.”
Na u tla nka sena e le lebaka le utloahalang la ho kenella tokoloho ea hao ea ho ba le lekunutu? Mohiruoa oa Japane a ka ’na a se nahane joalo. Ha Majapane a botsoa hore na ke neng a utloang khotso ea kelello, ke karolo ea 8 lekholong feela ea oona e arabetseng “ha re le bang.” Ke hoo e batlang e le karolo tse peli ho tse tharo tsa ba hlahlobiloeng ba boletseng hore ba utloa khotso ea kelello ha ba na le lelapa kapa metsoalle.
Leha ho le joalo, monyaluoa oa Japane, o ile a tšoha ha a bona se etsahetseng lechatong la hae Philippines. O botsitse monna oa hae oa Philippines hore na baeti ba neng ba le moketeng oa hae oa lechato ke bo-mang. Monna a araba: “Ha ke ba tsebe. Re lokiselitse lijo tse ngata, ’me e mong le e mong a ka tla ’me a kopanela thabong le rōna.” Har’a baahi ba Philippines, sena se bontša kamohelo e mofuthu ea baeti. Ke phapang e kaakang ho baahi ba bangata ba Europa bao ho lebelletsoeng hore ba u meme pele u eta kapa u kopanela ’mokeng oa boikhathollo!
Pele u nyatsa lipono tse fapaneng tsa batho ka tokoloho ea ho ba le lekunutu, leka ho bona lehlakore le letle la kamoo batho ba bang ba e talimang kateng. Moahi oa Europa a ka tletleba ka hore ha ho tokoloho ea ho ba le lekunutu lichabeng tse ling. Leha ho le joalo, lichabeng tsena batho ba rutiloe ho abelana ntho e ’ngoe le e ’ngoe le malapa a bona le metsoalle. Motho o lebelletsoe ho tela tokoloho ea hae ea ho ba le lekunutu ho e-na le ho e sireletsa.
Mathata a Hlokang ho Hlōloa
Ke ’nete, ho na le seo ba bang ba se nkang e le mathata moo batho ka tloaelo ba neoang tokoloho e fokolang ea ho ba le lekunutu. Haeba batho ba phelang sechabeng se joalo ba batla ho ithuta kapa ho kopanela mesebetsing e meng ea botho ba lokela ho hlaolela matla a maholo a ho tsepamisa monahano thutong eo. Donald Keene o hlalositse bukeng ea hae Living Japan: “Tokoloho ea sebele ea ho ba le lekunutu e tla ka ho ikarola ka ho feletseng ho ba bang ka sepheo sa lintho tsa moea, batho ba hōle haholo le uena, ’me mofuta ona oa lekunutu o bohlokoa Japane.”
Ho lula haufi le beng ka uena le metsoalle ho ka baka mathata a mang. Ka mohlala, banyalani ba bang ba Japane ba ee ba ikutloe ba batla ho balehela “lihoteleng tsa marato” hore feela ba tsebe ho thabela kamano e haufi le balekane ba bona. Ka ho tšoanang, Brazil tokoloho e fokola haholo lehaeng moo ligaretene tse tšesaane kapa mabokose a arolang likamore ho e-na le lemati. Meqoqo le melumo e meng e feta habonolo ka likamoreng tse ling.
Empa hase feela maemo a joalo a ntlo a bakang seo ba bang ba se nahanang e le mathata; ho ka ba joalo le ka batho bao ka tlhaho ba nang le botsoalle. Sena se ka khathatsa batho ba hōlisitsoeng ka kelello ea ho ba le lekunutu. Ka mohlala, haeba u se na bana, u ka botsoa lipotso tsa botho tse kang, ‘Na ha u na ngoana? Hobane’ng?’
Na ho na le Phello e Bohloko?
Leha ho le joalo, takatso e fetelletseng ea ho batla ho tseba litaba tsa moahisani oa hao e nyatsoa haholo Denmark. Ka ho tšoanang, le Brithani, batho ba bangata ba kaholimo ho lilemo tse mashome a mane ba boulella tokoloho ea bona ea ho ba le lekunutu esita le baneng ba bona. Batho ba phelang boemong bo itseng sechabeng ba leka ho phela ka tsela e sireletsang tokoloho ea bona ea ho ba le lekunutu.
Leha ho le joalo, linaha tse lebelletseng hlompho e khōlō ea tokoloho ea ho ba le lekunutu li lokela ho jara liphello tsa hoo. Ka mohlala, ha monna ea lilemo li 80 a ne a inotleletse ka ntle ho ntlo Denmark, o ne a ke ke a kokotela moahisani oa hae. O lutse ka ntle hora le halofo boemong bo batang ba leholimo ho fihlela lepolesa le mo thusa ho ea mothong ea etsang linotlolo.
Mathata a kang ana a susumelelitse baahi ba Denmark ho qalisa letšolo la ho ea ka ntlo le ntlo ka bo-1970. Morero oa letšolo lena e ne e le ofe? Ho khothalletsa batho ba ikutloang ba le bolutu ho bitsa baahisani ba bona le ho buisana le bona. Nakong ea likhoeli tse seng kae, baahi ba ka bang 50 000 Denmark ba ne ba kopanela letšolong lena. Ke palo e joalo ea batho ba hōlisitsoeng ka kelello ea ho ba le lekunutu e bontšang tlhoko ea ho ameha ka ba bang.
Leha ho le joalo, Jeremane karolo ea 62 lekholong ea ba hlahlobiloeng ke Mokhatlo oa Allensbacher ba talima tokoloho ea bona ea ho ba le lekunutu e le ka sehloohong bophelong. Empa joaloka ha mokhatlo ona o ile oa qetella peho ea oona: “Haeba re talima ho fa ba bang e le bothoto ’me re bona feela thabo ea rōna ea tokoloho ea ho ba le lekunutu le malapa a rōna, ho ka etsahala hore re fihlile nakong ea ho koala mecha ea puisano har’a batho.” Ke ’nete, ho haelloa ke kameho ka ba bang ho tsamaisana le boithati.
Japane ho hlokomeloa tšekamelo ea batho boithating ha ho hatelloa tokoloho ea ho ba le lekunutu. “Har’a liphetoho tse ngata sechabeng sa Japane tse susumetsoang ke moruo o hōlang oa sechaba,” ho ngola Tetsuya Chikushi, mongoli ea etelletseng pele oa likoranta Japane, “ke ho hōla ha bana ba nang le likamore tsa bona, ketsahalo eo ba bangata ba e talimang e le khōlōhali historing ea sechaba sa Japane.”
Phetoho ena e na le mahlakore a matle le a mabe. Tokoloho ea ho ba le lekunutu e thusa ngoana ho hōlisa boikutlo ba boikarabelo le ho mo fa setšabelo sa ho ithuta le ho nahana. Leha ho le joalo, e ka etsa hore bana ba batle ho ikoalla ka likamoreng tsa bona, ho lahla puisano le lelapa. Ha Hiroshi Nakamura oa Sekolo sa Setso sa Bana Japane a qolla mabaka ana a mabe o itse: “Ho molemo ha ngoana a fuoa tokoloho e sa le pele, ha litlhoko tsa hae tsa bophelo li khotsofatsa haholo, le ha a fuoa tokoloho e phethahetseng ea ho ba le lekunutu—ke menahano ena e bakang lekhalo la ho se lumellane ka kelello ka lapeng.”
Boikutlo bo hōlang ba boithati sechabeng sa Japane bo tšosa baahi ba bangata. Bothata bona bo re thusa ho bona kamoo ho hlokahalang kateng ho leka-lekanya lintho.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 28]
Banyalani ba bang ba balehela “lihoteleng tsa marato” hore feela ba tsebe ho thabela kamano e haufi le balekane ba bona