Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 3/8 maq. 7-9
  • Ba se Nang Matlo Lisosa ke Life?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba se Nang Matlo Lisosa ke Life?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Thuso ea Tšireletso e Fela
  • Theko e Nyolohang le Thuso e Fokolang
  • Lebaka la Kelello
  • Tlokotsi ha ho Batluoa Tharollo
  • Ba se Nang Matlo Bothata ba Lefatše
    Tsoha!—1988
  • Ba se Nang Matlo Na Tšepo e Teng?
    Tsoha!—1988
  • Ho Hloka Bolulo—Ho Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2005
  • Qaka ea Bolulo e Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 3/8 maq. 7-9

Ba se Nang Matlo Lisosa ke Life?

E NE e le bosiu ba mariha bo batang. Louise le lelapa la hae ba ile ba tsosoa habohloko borokong ke lillo tse amang pelo. Mollo o ne o qhomme kamoreng ea moahisani. Moea o bohale oa mariha oa fokisetsa malakabe a mollo mohahong oa mekato e tšeletseng. Ha ba ntse ba tšohile le ho ferekana ba leka ho tsoa kamoreng e mokatong oa bohlano, ’mè oa Louise a oa methating a leka ho balehela mollo ’me a shoa. Metsotso hamorao, malakabe a mollo a chesa mohaho, ’me matlo ’ohle a senngoa ke oona.

Ebile phihlelo e bohloko ka ho fetisisa ho Louise ho lahleheloa ke ’mè le ntlo ea hae ka nako e le ’ngoe. Ka lehlohonolo, o ne a e-na le beng ka eena le metsoalle ba ileng ba mo nka hore a lule le bona, bonyane ka nakoana, ho fihlela a lokisa lintho. Litsebi tsa kahisano li bitsa sena tokisetso ea tšehetso ea sechaba, eo ka lilemo-lemo e sebelelitseng e le thuso ea tšireletso nakong ea tlokotsi.

Ke hobane’ng ha motse o mong le o mong o moholo o e-na le batho ba sollang literateng le mekhoroana bakeng sa batho ba hlokang matlo? Ke hobane’ng ha ho tletse metse e litšila, le mekhukhu? ’Me hantle-ntle, ke hobane’ng ha ho e-na le bothata ba ho hloka matlo?

Ha Thuso ea Tšireletso e Fela

Tlas’a maemo a tloaelehileng, tokisetso ea beng ka motho le metsoalle e sebetsa hantle haholo ho fana ka thuso e hlokahalang nakong ea tlokotsi leha e le efe ea botho. Leha ho le joalo, tokisetso e joalo e-ea fokola mabakeng a itseng. Ho thoe’ng haeba ho hlokahala thuso e khōlō e bitsang chelete e ngata haholo ho feta e ka fanoang ke tokisetso e joalo? Kapa ho thoe’ng haeba merusu ea sechaba e ka sitisa tokisetso e joalo? Ha thuso ea tšireletso e fela, batho ba kena mathateng a maholo.

Sena se a etsahala linaheng tse ngata tse ntseng li hōla moruong. Ka mohlala, India lipula tse khōlō tsa selemo li ipakile li sa lekana lilemong tse ’maloa tse fetileng. Lehlabuleng la 1987, Moindia a le mong ho ba bararo o ne a hloka metsi a lekaneng a ho noa. Khaello ea metsi le eona e bakile ho se hōle ha limela, ’me likhomo tsa shoa larita ka baka la khaello ea lijo masimong, basebetsi ba felloa ke mosebetsi ’me ba hloka tsela ea ho fepa malapa a bona. Khetho e le ’ngoe feela eo ba neng ba talimane le eona e ne e le hore ba siee metse ea bona ea mahae ho ea metseng ea litoropo moo ho sa ntsaneng ho fumaneha mosebetsi.

Liphello tsa ho falla ha batho bana li fetoha mojaro o moholo metseng ea litoropo, eo le eona e seng e khathatsoa ke sepenya sa baahi se ntseng se hōla ka potlako. Hobane bafalli bana ba se na chelete kapa mosebetsi, ha ba tsebe ho lefella esita le kamore e nyenyane ea mokhukhu. ’Me kaha ba falletse tikolohong e ncha ka ho felletseng, bongata ba bona ha ho moo bo ka fumanang thuso teng. Ka baka leo maemo a ba qobella ho tšoana le batho ba bang ba bangata ba phelang literateng, ’me bothata ba khaello ea matlo boa eketseha.

Linaha tse ling tse hōlang moruong li talimane le mathata a tšoanang. Buka Africa in Crisis e itse: “Ka 1950, ho ne ho e-na le motse o le mong feela toropong ea Afrika o neng o e-na le batho ba kaholimo ho millione: Cairo. Ka 1980, ho ne ho e-na le metse e 19 ea baahi ba fetang millione. Ka selemo sa 2000, ho lebelletsoe hore ho be le metse e joalo e fetang 60.” Baahi ba metseng ea mahae ba phallela metseng e meholo ea litoropo ka tšepo ea ho fumana bophelo bo molemo. Empa sena se bakile mekhukhu le bophelo bo fokolang, hangata boemo boo ba bo fumanang moo bo bobe ho feta boo ba bo tlohetseng morao.

Theko e Nyolohang le Thuso e Fokolang

Linaheng tse ruileng kapa tse tsoetseng pele moruong, lisosa tsa ho hloka matlo e ka ba tse fapaneng haholo. Babuelli ba batho ba hlokang matlo hangata ba re lebaka le leholo ke moruo. Ka mohlala, makasine oa litaba oa Canada Maclean’s o tlalehile: “Lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng ho nyoloha ha theko ea lintho tsa ho haha ho nyolohile ho tšoana le ho reka matlo a macha, ho kena ha malapa a ruileng matlung a rekisoang lilemong tsa morao tjena ho nyollotse litheko haholo—selemong se fetileng feela litheko li nyolohile ka karolelano ea 50 lekholong metseng e meng ea litoropo.”

Ntho e ’ngoe e tlatsetsang nyollong ea litheko tsa matlo metseng e mengata ea litoropo ke tsamaiso e bitsoang ho fallela ha batho ba fumanang moputso o mahareng metseng ea litoropo. Hangata matlo a khale, a leng litoropong a nchafatsoa kapa a fetoloa ho ba matlo a bitsang chelete e ngata ’me a kenngoa phahlo ea sejoale-joale e batluoang ke barui ba bacha kapa barutehi ba bacha ba ratang bophelo ba litoropong ho e-na le ba mahae. Hona ha hoa nyolla theko feela empa hape ho fokotsa haholo phumantšo ea matlo bakeng sa malapa a fumanang moputso o tlaase esita le a fumanang moputso o mahareng.

Ka mohlala, motseng oa New York, patlisiso ea moraorao e bontšitse hore lelapa le tlameha ho amohela moputso oa liranta tse 116 000 ka selemo hore le tsebe ho lefella ntlo e ncha ea theko e tloaelehileng ea kamore e le ’ngoe. Phuputso ea sechaba e bontša hore Manhattan le eona e feta metse e meholo ea litoropo ea lichaba ka chelete ea khiro. Ka karolelano ntlo e nang le likamore tse peli tse nkang sebaka sa limithara tse lekanang ka hohle tse 130 se lefisang chelete e molemonyana ea khiro, e bitsa liranta tse 5 110 ka khoeli, ’me lelapa le tlameha ho amohela moputso oa liranta tse 146 000 ka selemo hore le tsebe ho e lefella, haeba le rata ho sebelisa karolo ea 40 lekholong ea moputso oa lona bakeng sa ntlo feela.

Theko ea matlo metseng e meng ea litoropo e ka ba tlaase, empa le moputso o tloaelehileng oa basebetsi o ba tlaase. Kaha ntlo e nka chelete e ngata hakaalo ea moputso oa lelapa, phetoho leha e le efe e seng ntle licheleteng e ka baka tlokotsi habonolo feela. Sena se ile sa etsahala ho John, eo lilemong tse ’maloa tse fetileng a ileng a fallela le litho tsa lelapa la hae la litho tse hlano ho tloha Chicago, Illinois, ho ea Houston, Texas, ho batla mosebetsi. Ka nakoana o ile a tseba ho fepa lelapa la hae ka phaello ea chelete eo a neng a e fumana e le morekisi oa likoloi tsa boithabiso. ’Me, ka baka la moruo o fokolang, ha a ka a tseba ho rekisa letho ka likhoeli tse peli. Ka ho hlōleha ho lefella ntlo ea hae e neng e bitsa liranta tse 1 190 ka khoeli, eena le lelapa la hae ba ntšuoa ntlung. Hobane ho ne ho se moo ba ka fumanang thuso teng, ba ea mekhukhung e lokiselitsoeng malapa a se nang matlo. Le hoja John a ne a kholisehile hore bonyane o ka tlas’a marulelo, o ile a ipotsa hore o tla khutlela neng boemong ba hae ba pele, kaha ha se bahiri ba bangata ba tla hirang motho ea se nang aterese.

Le hoja batho ba bangata ba leng metseng e meholo ea litoropo ba sa hloke matlo, matlo ao ba phelang ho oona ha a ratehe. Phuputso e entsoeng e bontšitse hore esita le motseng oa sejoale-joale o kang New York, karolo ea 10 lekholong ea matlo a rekisoang ke matlo a bitsoang “matlo a molao oa khale,” matlo a neng a nkuoa a se matle esita le tšimolohong ea lekholo lena la lilemo ka baka la ho haella ha litokisetso tsa moea o lekaneng, mabone, le tsamaiso ea likhoere-khoere. Karolo e ’ngoe ea 30 lekholong ke ea “matlo a molao o mocha,” a batlang a ntlafalitsoe, empa a fetisoa ke a bo-1929. Selemo le selemo, batho ba ka bang 30 000 ba qobelloa ho tsoa matlung a bona ha meaho ea bona e senngoa ka ho feletseng hobane e le kotsi.

Lebaka la Kelello

Ho thatafatsa litaba, litsebi tse ngata li lumela hore moruo e ka ’na ea e-ba lehlakore le le leng la bothata ba ho hloka matlo. Ba buella haholo taba ea hore karolo e khōlō ea ba hlokang matlo e bakoa ke hobane ba kula kelellong ’me ka baka leo ha ba tsebe ho itlhokomela.

Ho tloha mahareng a bo-1960 libaka tse ngata tsa phekolo ea mafu a kelello, tsa naha, li leka ho fokotsa theko, li sebelisitse mokhoa o bitsoang katamelo ea sechaba bakeng sa bophelo bo botle ba kelello. Bakuli ba kelello ba phekoloa ka lithethefatsi tse ling tse ncha tse amang kelello ea motho kapa boitšoaro ’me e be kamor’a moo phekolo ena ea khaotsa. Khopolo e ne e le hore ha matšoao a tebileng haholoanyane a lefu lena a le tlas’a taolo ea lithethefatsi, bakuli ba tla phekoleha ka ho phela le batho ba bang le ho tšehetsoa ke bona. Ka baka leo,Canada, ka mohlala, lenane le feletseng la libaka tsa phekolo ea mafu a kelello le fokotsehile ho tloha ho libethe tse 47 600 ka 1960 ho fihla ho tse ka tlaase ho 10 000 hona joale, ’me lenane le lecha la batho ba leng lipetlele tsa mafu a kelello United States le ka tlaase ho kotara ea tlhōrō ea 1955 ea batho ba 559 000.

Maclean’s ea tlaleha: “Empa ho lokoloha ha bakuli ba kelello ho fokolisitsoe haholo ke ho hlōleha ha libaka tse itseng ka har’a naha ho fana ka litšebeletso tse lekaneng tsa sechaba, kapa matlo, bakeng sa bakuli ba pele ba lefu la kelello.” Boholo ba bona bo tlameha ho phela lihosteleng tse marantha le matlung a hirisoang. Ba bang, ka ho hlōleha ho laola bophelo ba bona, ba qetella ba lula mekhukhung kapa seterateng. Baholo ba tsa kahisano metseng e mengata ea Canada ba lekanyetsa hore hoo e ka bang kotara ea batho ba se nang matlo ba khathatsoa ke mofuta o itseng oa lefu la kelello. Phuputso e entsoeng ke Ellen Bassuk oa Sekolo sa Meriana sa Harvard e sibollotse hore “karolo ea 90 lekholong ea lefu la kelello e ka phekoleha” har’a baahi ba lulang mekhukhung e etselitsoeng batho ba se nang matlo Boston.

Boemo ba malapa a se nang matlo a beiloeng lihoteleng tsa mokhatlo oa kahisano kapa libakeng tse tšoanang le tsona ha bo molemo haholo. Le hoja boholo ba oona bo sa ka ba khathatsoa ke lefu la kelello, ho tlala haholo le ho hloka tsamaiso ea likhoerekhoere, hammoho le bolutu le ho hloka morero bophelong, hangata li baka toantšano ka malapeng le likhathatso tsa maikutlo, haholo-holo bakeng sa bana.

Tlokotsi ha ho Batluoa Tharollo

Le hoja litsebi li ke ke tsa lumellana mabapi le hore ho hloka matlo ho bakoa ke ho theoha ha moruo, theko e phahameng ea matlo, mathata a kelello, kapa ho hong ho itseng, likarolo tse ’maloa tsa bothata li ntse li tšosa. Pele ho tsohle, ha ho pelaelo hore bothata ba matlo boa eketseha lefatšeng lohle. Sa bobeli, hangata hase masoha feela a hlokang matlo empa le malapa, a ntse a ameha. ’Me qetellong, lenane la batho ba hlokang matlo ke la batho ba bacha lilemong. Mabaka ana a bohloko a batla tharollo. Ke eng se entsoeng ho rarolla bothata? Se tla atleha hakae? ’Me na ho tla ke ho be le matlo a lekaneng bakeng sa bohle?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Mekhoro ea nakoana haufi le ntlo e ntle

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mark Edwards/UNCHS

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela