Ba se Nang Matlo Na Tšepo e Teng?
“MATLO ke tlhoko ea batho e ka sehloohong hammoho le lijo le metsi ’me lelapa ke boemo ba bohlokoa ba bophelo bo tsoetseng pele. Hang ha linnete tsena li elelloa, ba se nang matlo ba tla hopola seo ba leng sona: tlontlollo ea seriti sa bona le ho amohuoa litokelo tsa motheo tsa batho.”—Lord Scarman, mopresidente oa Lekhotla la United Kingdom bakeng sa Selemo sa Machaba sa Matlo ho ba se Nang Matlo. Lipuo tse kang tsena ka ho hlakileng li bontša hore ba boholong le mebuso ba seli ka bohlokoa ba matlo a eketsehileng le a molemo, ’me ho etsoa boiteko ba ho finyella tlhoko eo. Leha ho le joalo, potso ke hore: Boiteko bona bo atleha hakae? A re nahaneng mehlala e ’maloa.
Tlhahlobo ea Boiteko ba Morao-rao
Bakeng sa ho finyella lenane le eketsehang la baahi ba Bombay, ho tlaleha The Times of India, ho hlokahala matlo a macha a 125 ka letsatsi. Le hoja sena se bonahala e se palo e khōlō, kaofela ke palo e fetang matlo a 45 000 ka selemo, ’me ke eona tsela ea ho finyella khōlo feela. Ho thoe’ng ka mekhoro e fetang 800 000, e litšila motseng? Bakeng sa ho aha matlo a loketseng sebakeng sa eona lilemong tse 20, matlo a mang a 110 a lokela ho ahuoa letsatsi le leng le le leng. Sena se etsa kakaretso ea matlo a fetang 85 000 ka selemo. Ho etsa joalo, “tlhahiso ea rōna ea matlo e lokela ho eketseha ka makhetlo a mane,” ho bolela tlaleho. Ka ho tšoanang, mahareng a 1961 le 1981, motse-moholo oa India, New Delhi, o finyelletse pakane e ka tlaase ho karolo ea eona ea leshome ea matlo a 450 000.
Afrika mebuso e bothateng ba matlo ka lebaka la taolo ea phallelo metseng ea litoropo. Linaheng tse ling, “batho ba sa sebetseng toropong ba khutliselitsoe libakeng tsa mahae,” ho tlaleha The Star, koranta ea Gauteng, Afrika Boroa. Ho tse ling, baahi ba nang le litšoaneleho tsa ho lula moo ba lumelloa ho sebetsa moo. Ho sa tsotellehe mokhosi oa machaba oa khethollo ea ’mala, haholo-holo moo mabaka a morabe a amehang, na bohato bo joalo bo matla ebile bo atlehileng? “Bothata ba ho fana ka mesebetsi le matlo bakeng sa baphaphathehi ba mahaeng ke bo bong bo tsoang taolong haholo Afrika—’me, ha e le hantle, Linaheng tsohle tse Fokolang Moruong,” ho bolela tlaleho. “Ho profetoa hore metse-meholo ea Afrika e tla tobana le ho senyeha ha litsamaiso tsa kahisano le thuto le metsi, motlakase le litšebeletso tsa ho tsamaisoa ha likhoere-khoere.”
Brithani matlo bakeng sa ba futsanehileng kapa ho reka thepa ea ho a lokisa ke mathata a mabeli a maholo a batlang ho eloa hloko ka potlako. “Le hoja ka nako e tšoanang ho boleloa hore rōna joaloka sechaba ‘ha re khone’ ho sebelisa chelete e eketsehileng ho lokisa mathata ana a sisimosang, ha ho thibelo ea mofuta leha e le ofe cheleteng eo re e lefang batho ba rekang matlo ao e leng a bona,” ho bolela Catholic Herald. Ka lebaka la ho fokotsoa ha chelete bakeng sa matlo a sa bitseng haholo, mosebetsi oa kaho o theohile ka ho fetang karolo ea bohlano lilemong tse leshome tse fetileng. Ho phaella ho seo, “re boetse re na le molato o moholo oa chelete bakeng sa ho lokisa matlo a sechaba le ao e seng a batho bohle, o lekanyelitsoe ho [liranta tse limillione tse 172],” ho bolela tlaleho. Hore na ’muso o rerile ho sebetsana le litšenyehelo tsena joang ha ho e-s’o hlake.
“Bothata ba ho hloka matlo Amerika bo feta bothata ba matlo bakeng sa mafutsana le ba hlokang thuso,” ho bolela moqolotsi oa litaba ho New York Post. Ka mohlala, motse oa New York o lefa karolelano ea R3 600 ka khoeli ho boloka lelapa setsing sa tlhokomelo ea malapa, ’me chelete ea selemo tšebeletsong ena ke liranta tse limillione tse 250. Ho phaella moo, o sebelisa liranta tse limillione tse 500 ka selemo ho tsamaisa mahae a tlhokomelo a sechaba a 28. Ho sa le joalo, lenane la batho ba hlokang matlo motseng le tsoela pele ho eketseha. Hobane’ng? “Ha ho motho ea tsebang tsela e molemo ea ho finyella batho ba se nang matlo,” ho phethela tokollo e khethehileng ea batho ba se nang matlo ho U.S.News & World Report. “Matlo a molemo, mesebetsi le lijo tse eketsehileng li ke ke tsa thusa ba kulang kelellong kapa makhoba a lithethefatsi kapa a joala.”
Ho Phekola Matšoao a Bohloko
Ka ho hlakileng, ho rarolla mathata a kajeno a matlo le ho finyella litlhoko tsa nako e tlang tsa matlo ho ipakile e le mosebetsi o boima bakeng sa mebuso ho potoloha lefatše. Hobane’ng? Hobane bothata ba khaello ea matlo hase bo ikhethang. Bo rarahane ka ho tebileng le litšobotsi tse ling tsa mathata a maholo, joaloka sepenya sa baahi, bofuma, ho hloka mosebetsi, le moruo. Ntle le ho sebetsana le mathata ana a mang ka katleho, ho bonahala ho se na tšepo e khōlō bakeng sa matlo. Empa na kajeno ho na le sechaba se lokolohileng mathateng leha e le afe a boletsoeng? Ha e le hantle, na ho na le ’muso o nang le katleho e babatsehang bakeng sa ho sebetsana le mathata aa? Che, ha o eo.
Leseling la sena, boiteko bo etsuoang ho rarolla mathata a batho ba hlokang matlo bo ka tšoantšoa le ho leka ho koala mapatso le masoba tlung e oang. Le hoja boikemisetso e ka ba bo hlomphehang, phello ke ea ho phekola matšoao a bohloko feela. Se hlokahalang ke ho liha motheo o bolileng le ho aha ntlo e ncha ho tloha motheong ho ea holimo.
Ha e le hantle pono ena ha e ncha. E rutiloe makholong a lilemo a 19 a fetileng, ’me e boletsoe pele ho nako hoo baeta-pele ba lineano ba mehleng eo ba ileng ba thatafalloa ho e amohela. “Ha ho motho ea ka behang setsiba se secha seaparong se tsofetseng, hobane setsiba se kentsoeng se ka tabola seaparo sa eketsa ho taboha,” ho boletse Jesu Kreste. (Mattheu 9:16, Today’s English Version) O ne a nahanne eng?
Tharollo ea ka ho sa Feleng
Ho e-na le ho phekola matšoao a bohloko, Jesu o ile a hla a sebetsana le motso oa bothata. O rutile barutuoa ba hae ho talima ’Muso oa Molimo e le tharollo ea ka ho sa feleng e seng feela mathateng a matlo empa hape mafung ’ohle a tšoenyang batho kajeno. “Ho tle ’Muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong,” o ba phehelletse ho rapela joalo. (Mattheu 6:10) ’Muso oo, o tla phethahatsa morero oa Molimo lefatšeng, o ke ke oa leka ho lokisa tsamaiso ea joale e tabohileng le e senyehileng ea lintho. O tla e nkela sebaka.
Sena sohle se tla bolela eng ho uena? Mamela seo moprofeta oa boholo-holo oa Moheberu Esaia a bululetsoeng ho se bolela: “Ba tla haha matlo ’me ba lule ho oona, ba leme merara ’me ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba hahela ba bang matlo ho lula ho oona, kapa ba leme merara ba bang hore ba je. Hobane batho ba ka ba tla phela halelele joaloka lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla khathalla seo matsoho a bona a se entseng.”—Esaia 65:21, 22, The Jerusalem Bible.
Na u hlokometse hore taba ea bohlokoa hase feela ho haha matlo a eketsehileng? Ho e-na le hoo, ke ho hloka leeme, ho lekana, le toka. Na ha u lakatse ho phela tlas’a ’Muso o joalo? U ke ke ua nolofalloa ke ho ba le ntlo ea hao feela e leng ho fetang seo batho ba bangata ba ka nahanang ho ba le sona kajeno, empa u tla phela maemong a khotso, moo ho nang le lijo tse ngata, matlo a hloekileng le metsi, le baahisani ba molemo. Tsena tsohle, le tse ling tse eketsehileng, ke lintho tseo ’Muso o lokileng oa Molimo o tlang ho li finyella.
Tumellanong le taelo ea Jesu, kajeno Lipaki tsa Jehova li bolella batho bohle ka “evangeli ena ea ’muso.” (Mattheu 24:14) Ka maqephe a makasine ona hammoho le motsoalle oa oona, Molula-Qhooa, esita le ka maeto a botho, li ikitlaetsa ka matla ho u tlisetsa litebello tse hlollang tse larileng ka pele. Re u khothalletsa ho ipha nako ea ho hlahlobisisa seo u ka se etsang ho ba har’a bao ba tla phela tlas’a ’Muso oo o lokileng o tla khutlisetsa lefatše lohle la batho lehaeng la Paradeise ea ka ho sa feleng.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 12]
“Ba tla haha matlo ’me ba lule ho oona.”—Esaia 65:21, 15, JB