Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 4/8 maq. 3-4
  • Mehla ea Bofelo Bopaki ke Bofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehla ea Bofelo Bopaki ke Bofe?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntoa, Tlala, le Mafu
  • Banna ba Lipere ba Tšenolo—Kamoo ho Palama hoa Bona ho U Amang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Bapalami Ba Bane ba Lipere-ke Bo-mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Bapalami ba Bane ba Lipere Baa Khemisa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Ho Rarolla Mohlolo oa Banna ba Lipere
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 4/8 maq. 3-4

Mehla ea Bofelo Bopaki ke Bofe?

“Ho ne ho se litšepe tse llang bakeng sa ho tsebisa ka lefu ’me ho ne ho se ea llang ho sa tsotellehe hore na o hlokahalletsoe hobane hoo e ka bang e mong le e mong o ne a lebelletse lefu . . . ’Me batho ba ne ba bua le ho lumela sena, ‘Bona ke bofelo ba lefatše.’”—Motlalehi oa histori oa Itali ha a ngola ka liphello tsa boloetse ba letlalo lekholong la bo14 la lilemo.

BATHO ba tšepahalang melekong e fetileng ka phoso ba ne ba lumela hore ba phela mehleng ea qetello. Mohlaleng o qotsitsoeng ka holimo, e ne e le boloetse ba ho ruruha letlalo, bo ileng ba nkuoa e le pontšo ea bofelo ba lefatše. Litekanyetso tse ling li bolela hore bo bolaile karolo ea boraro ea baahi ba Europa. Empa bofelo ha boa ka ba tla. E ne e-s’o be nako ea ho kenella ha Molimo.

Joale ke joang batho ba ka kholisehang hore Lipaki tsa Jehova li nepile ha li phatlalatsa polelo ka bofelo bo atamelang ba tsamaiso ea joale ea lefatše le ho atolosetsoa ha puso ea Molimo lefatšeng lohle? Ke feela ka ho hlahloba lipolelo tsa bona le ho li bapisa le boprofeta ba Bibele. Joale, ke boprofeta bofe bo tobileng bo bontšang ka liketsahalo tse tšoaeang mehla ea bofelo?

Ntoa, Tlala, le Mafu

Matšoao a mang a ka sehloohong a boprofeta bona a boletsoe ka bokhutšoaane pontšong e tsebahalang ea banna ba lipere tsa Tšenolo ho Tšenolo 6:1-8 ’me ke ana:

“Pere e ’ngoe e khunong, ’me ea e kaletseng a fuoa matla a ho felisa khotso lefatšeng, hore batho ba bolaeane.” Ka kōpo hlokomela hore mopalami oa pere ena o ne a tla felisa khotso lefatšeng, e seng lichabeng tse seng kae feela. Ka baka leo, e tšoantšetsa nako ea ntoa le polao ea lefatše lohle. Na re bone hoo lekholong lena la bo20 la lilemo?

“Pere e ntšo, ’me ea e kaletseng a tšoere sekala letsohong la hae.” Ka ho loketseng ena e tšoantšetsa tlala, le khaello ea lijo. Na maemo ana a teng molokong oa rōna?

“Pere e tšehla, ’me ea e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, a latetsoe ke nģalo ea bafu; a fuoa matla holim’a karolo ea bone ea lefatše ho bolaea batho ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu, le ka libatana tsa naha.” Mona, lefu la pele ho nako, ebang ke ka lebaka la ntoa, tlala, boloetse, kapa sebatana se hlaha, le bokella bahlaseluoa ba lona ka lebitleng la pele ho nako (Hades). Na ba limillione tse mashome ha ba kena lebitleng le joalo mehleng ea rōna?

Lipontšo tsena li tsamaisana le maemo a profetiloeng ke Jesu, a mang a oona e leng: “Sechaba se tla loana le sechaba se seng, ’muso le ’muso o mong. Ho tla ba le litlala le litšisinyeho tsa lefatše . . . Baprofeta ba bangata ba bohata ba tla hlaha; ba tla thetsa ba bangata, ’me ka ho eketseha ha ho hloka molao, lerato bathong ba bangata le tla bata.” (The Jerusalem Bible) O boetse a profeta ka mosebetsi oa lefatše lohle oa ho paka, kapa ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso,’ pele bofelo bo ka tla.

Ho phaella moo, moapostola oa Mokreste Pauluse o hlalositse boitšoaro ba batho, ha a re mehleng ea qetello “batho ba ke ke ba rata letho ntle ho chelete le bobona . . . ba se nang hlompho ea batsoali, ba se nang teboho.” O ekelitse: “E tla ba batho ba beang monate sebakeng sa Molimo, batho ba bolokang sebōpeho sa ka ntle sa bolumeli, empa ba latola ka tieo ’nete ea bona.”—The New English Bible.a

A re hopoleng hore leha boprofeta ba Jesu bo bontša ho fihla ha litaba sehlohlolong historing ea motho ha liketsahalo tsena li kopana molokong o le mong, ha ho hlokahale hore li be khōlō ka palo kapa boholo ho feta molokong leha e le ofe o fetileng, esita leha ho ka ba joalo.

Na u kile ua bona liketsahalo le maemo ana lekholong lena la bo20 la lilemo, haholo-holo ho tloha ka 1914? Na ua li bona ekasita le hona joale ka 1988? E le khopotso, a re hlahlobeng tse ling tsa liketsahalo tse ikhethang tse ammeng le tse ntseng li ama batho ’me re arabele potso, Na li bontša hore nako ea ho kenella ha Molimo ka ’Muso oa hae e haufi?—Luka 21:29-33.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Boprofeta bona bo ka fumanoa ka botlalo mangolong a latelang a Bibele: Mattheu 24; Luka 21; Mareka 13; 2 Timothea 3:1-5.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Mongolo o seemahaleng sena sa sehopotso sa Ntoa ea I ea Lefatše oa baleha: “Ho mohopolo o sa feleng oa Batlotlehi ba Shoeleng ba motse oa Moreneng oa Evesham [Engelane] ba faneng ka bophelo ba bona bakeng sa Naha ea Bona Ntoeng e Khōlō.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela