Pono ea Bibele
Na U Lokela ho Boloka Melao e Leshome?
E NE e le ka selemo sa 1513 B.C.E.a ha monoana oa Molimo o ngola lejoeng. Ho tloha nakong eo Melao e Leshome e ile ea kopitsoa ke batho ’me ea tsebahatsoa lefatšeng lohle. Batho ba makholo a limillione ba e balile, ’me ba bangata ba e tseba ka hlooho. Ho ka etsahala hore ha ho na melao e meng e ileng ea bolokoa haholo joalo. Potso ke hore, ha e le mona e bile teng ka lilemo tse 3 500 selemong sena sa 1988: Na Melao e ntse e sebetsa hore e ka bolokoa?—Exoda 20:1-18, 31:18.
E ne E Reretsoe Bo-mang?
Molimo o file batho ba neng ba tsejoa e le Baiseraele Melao e Leshome. Mantsoeng a oona a qalang, o ile oa hlakisa hore ke ho sechaba sena feela o buileng mantsoe ana: “Ke ’na Jehova, Molimo oa hao, o u ntšitseng lefatšeng la Egepeta, tlung ea bohlanka.” Sena se bontša hore Melao e Leshome e ne e etselitsoe ho ba karolo ea melao ea sechaba sena.—Exoda 20:2.
Na E Fetiselitsoe ho Bakreste?
Leha ho le joalo, na Melao e Leshome e ne e akareletsa hoo e neng e tla bolokoa kamehla le ho sebetsa ho bao e seng Baiseraele? Che. Makholo a lilemo hamorao ha phutheho ea Bokreste e theoa, Molao ona ha oa ka oa fetisetsoa ho eona. Hobane’ng? Hobane Bibele e bolela hore “Kreste ke phetho ea molao.” (Ba-Roma 10:4) Sena se bolela’ng?
Ho etsa papiso, morao koana ka 1912 rekoto ea lefatše ea ho tlola palo e baletseng e ne e le limithara tse 2, 01. Lilemo tse 75 hamorao, ka 1987, rekoto e ne e le limithara tse 2, 43. Leha ho le joalo, ho tlameha ho ba le bophahamo bo feletseng boo motho a ka tlōlang tšepe e tšehelitsoeng ke lipalo tse peli. Mohlōli ea ka finyellang bophahamo boo ba ho qetela o tla phetha lirekoto tsohle tsa lefatše tsa ho tlōla. Hape ho ka ’na ha thoe ke “phetho” ea tsona. Joale, sena se ka sebetsa joang Melaong e Leshome?
Ha Molimo o ne o thea “Molao,” o neng o kopanyelletsa Melao e Leshome le e meng e kaholimo ho 600, le ho e nea Baiseraele, o ile a bea pakane kapa tekanyetso ea phetheho. Re ka ’na ra re o ile a phahamisa haholo tšepe ea leballo. Molao ona oa Molimo e ne e le oa tekanyetso e phahameng haholo ea boitšoaro hoo e leng motho ea phethahetseng feela ea neng a ka o fihlella. Moeklesia 7:20 e re: “Ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea ntseng a etsa hantle, a sa tšohe a etsa sebe.”
Kahoo tšepe—litekanyetso tse lokileng tsa Molimo—li ne li beiloe holimo haholo bakeng sa Baiseraele ba sa phethahalang, kapa Bajode. Hobane’ng? Moapostola oa Mokreste Pauluse oa hlalosa: “[Molao] o beiloe ka baka la litlōlo, ho tle ho be ho fihle [Messia, kapa Kreste] leloko leo lipallo li etselitsoeng lona.” (Ba-Galata 3:19) Ka Molao, Molimo o bontšitse Bajode hore kaofela e ne e le batlōli ba neng ba sa phethahala ba molao, ba neng ba hlōleha ho finyella pakane ea ho boleloa ba lokile ka baka la mesebetsi ea bona.
Ho ne ho e-na le a le mong feela ea neng a ka tlōla tšepe eo ea leballo: Messia ea neng a tla tla ea tšepisitsoeng, kapa Kreste. Ka baka leo, tekanyetso eo e phahameng e ne e beiloe ka pele ho Bajode e le ntho eo ba neng ba lokela ho e etsa sepheo sa bona ha ba talimile pele ho Mohlōli oa ho qetela, Messia, ho e tlōla ka ho sa feleng.
“Ho re Isa ho Kreste”
Tumellanong le sena, Pauluse o tsoela pele khaolong ea boraro ea Ba-Galata, temana ea 24: “Ka mokhoa o joalo, molao e bile molisa oa bongoana ba rōna, ho re isa ho Kreste, re tle re beoe ba lokileng ka tumelo [ho eena].” Linakong tsa Bibele molisa o ne a tsamaea le ngoana ho mo isa ho tichere ea hae ’me o ne a ka laela le ho khalemela ngoana.
Melao e Leshome, le melao e meng eohle, e ne e ka lokisetsa Bajode bakeng sa Messia le ho ba tataisetsa ho eena. Ha Jesu a fihla, le ho lula har’a bona, le ho shoa a mametse molao ka ho phethahetseng, a fetoha “phetho ea molao.” Kahoo, Molimo oa tlosa tšepe eo, le ho fa Bajode se seng se molemonyana. Joale qetellong ba ne ba ka “beoa ba lokileng ka mohau oa oona feela, ka topollo e leng ho Jesu Kreste.”—Ba-Roma 3:24.
Hape Pauluse o re, “Ha le pusong ea molao, empa le le pusong ea mohau,” hape o re, “Ekare ha le tsamaisoa ke moea, ha le pusong ea molao.”—Ba-Roma 6:14; Ba-Galata 5:18.
Seo U Lokelang ho se Mamela
Joale, kaha Bakreste ha ba “pusong ea molao,” na ebe joale ba lokolohile melaong ea boitšoaro? Che. Joaloka ha Pauluse a bontšitse, Bakreste ba tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo, ha o tataisetse motho leha e le mang sebeng. O boetse o ba phehella ho hloboha libeng tseo ho builoeng ka tsona Melaong e Leshome. Ka mohlala, ha u bala 1 Bakorinthe 6:9, 10, u tla fumana melao e mengatanyana ea Bakreste e tšoanang le e meng ea Melao e Leshome. Ke lithibelo khahlanong le borapeli ba litšoantšo, bofebe, bosholu, le meharo.
Kreste le eena o ile a akaretsa Molao oa khale, o neng o kopanyelletsa Melao e Leshome, le melao ena e ’meli e meholo: “Rata Morena Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka khopolo ea hao eohle” le o reng, “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Mattheu 22:37-39) Ka ho loanela ho e mamela, ho kōpa tšoarelo ha re sitoa, le ho bontša tumelo sehlabelong sa Kreste, re tla fumana mohau o sa tšoanelang ho Molimo le ho re amohela ho fumana bophelo bo sa feleng.—2 Ba-Thessalonika 2:16.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona boitsebiso bukeng ea Mokhatlo oa Watch Tower Aid to Bible Understanding, leqephe 333.