U Talima Melao e Leshome Joang?
BATHO ba talima Melao e Leshome ea Bibele ka litsela tse fapa-fapaneng. Masabatha a bolela hore Melao e Leshome e tlama batho bohle. Maluthere a e nka e le “sehlopha sa melao se molemohali se kileng sa fanoa seo ho sona motho ka mong a ka ralang bophelo ba hae.” ’Muelli oa K’hatholike o-oa hlalosa, “Ha e utloisisoa hantle, Melao e Leshome e ntse e fana ka motheo oa bophelo ba Bokreste.”
Ka hona, le hoja lihlopha tse ling tsa bolumeli li lumela hore re lokela ho utloa Melao e Leshome kahohle-hohle, tse ling li e nka e le tataiso feela bakeng sa mokhoa o motle oa boitšoaro. Ka sebele, ho latela Encyclopædia of Religion and Ethics, “mohlomong ha ho na tokomane ea batho e sebelisitseng tšusumetso e khōloanyane bophelong ba bolumeli le ba boitšoaro ho feta Mantsoe a Leshome [Melao e Leshome].” Ke hobane’ng ha ho le joalo? Pele nahana hore na e re’ng. E mekhutšoaane, e-ea utloisiseha, ’me e matla. Empa u lokela ho talima Melao e Leshome joang? E bolela’ng ho uena?
[Lebokose le leqepheng la 3]
MELAO E LESHOME
1. U se ke ua ba le melimo e meng pel’a sefahleho sa ka.
2. U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng, leha e le setšoantšo se le seng sa tse holimo maholimong, leha e le sa tse tlase lefatšeng, leha e le sa tse metsing ka tlase ho lefatše. U se ke ua li khumamela, u se ke ua li sebeletsa. . . .
3. U se ke ua tlaela ka lebitso la Jehova, Molimo oa hao . . .
4. Hopola letsatsi la phomolo ho le khetha. U tla sebetsa ka matsatsi a tšeletseng, ’me u etse mosebetsi oa hao kaofela. . . . U se ke ua etsa mosebetsi le o mong ka letsatsi leo, leha e le uena, leha e le mora oa hao, leha e le morali oa hao, leha e le mohlanka oa hao e motona, leha e le e motšehali, leha e le khomo tsa hao, leha e le moeti oa hao ea ka menyakong ea hao . . .
5. Hlonepha ntat’ao le ’m’ao . . .
6. U se ke ua bolaea.
7. U se ke ua feba.
8. U se ke ua utsoa.
9. U se ke ua etselletsa oa heno ka leshano.
10. U se ke ua lakatsa ntlo ea oa heno; u se ke ua lakatsa mosali oa hae, leha e le mohlanka oa hae e motona, leha e le e motšehali, leha e le khomo ea hae, leha e le esele ea hae, leha e le ntho e ’ngoe e leng ea oa heno.—Exoda 20:3-17.