Leihlo—“Setho se Honoheloang ke Baetsi ba Mochine oa Computer”
RETINA ke lera le lenyenyane le kenang kamor’a leihlo. E tšesane joaloka pampiri, ’me e na le lisele tsa methapo ea boko tse limillione tse makholo tse hlophisitsoeng ka mara a fapaneng. Buka The Living Body ea bolela, “Retina ke karoloana e ’ngoe ea sele e hlollang haholo ’meleng oa motho.” Ke “setho se honoheloang ke baetsi ba mochine oa computer, ’me e kopanya lipalo tse ka bang limillione tse likete tse 10 ka motsotsoana o mong le o mong,” ho bolela Sandra Sinclair bukeng ea hae How Animals See.
Joaloka ha k’hemera e kenya setšoantšo filiming, mahlo a rōna a kenya setšoantšo seo re se bonang joalo karolong ena ea retina. Leha ho le joalo, joaloka ha Ngaka Miller a hlalosa, filimi “hase letho ha e bapisoa le kutlo e feto-fetohang ea retina.” Ka “filimi” e tšoanang re nolofalloa ho bona lintho hantle ka ngoeli kapa ka makhetlo a 30 000 khanyeng e matla ea letsatsi. Ho feta moo, retina e re nolofalletsa ho bona hantle likarolo tsohle tsa ntho esita leha karolo e ’ngoe e le khanyeng ea letsatsi ’me e ’ngoe e le moriting. Moprofesara Guyton bukeng ea hae Textbook of Medical Physiology oa hlalosa: “K’hemera e ke ke ea etsa sena ka baka la khanya e lekanyelitsoeng e hlokehang bakeng sa ho hlahisa setšoantšo se setle.” Ke ka baka leo, batšoantši ba hlokang khanya ea flash.
“Kutlo e feto-fetohang ea retina” e etsahala ka baka la lisele tse limillione tse 125 tse bitsoang li-rod. Tsena ke lisele tse arabelang leseling le lenyenyane, tse etsang hore re bone bosiu. ’Me ho teng lisele tse ka bang limillione tse 5,5 tse bitsoang li-cone tse arabelang khanyeng e ngata le ho etsa hore re bone phapang pakeng tsa mebala. Lisele tse ling tsa li-cone li arabela khanyeng e khubelu, tse ling ho e tala ’me tse ling ho e putsoa. Ho arabela ha tsona ho kopaneng ho u nolofaletsa hore u bone mebala eohle e makasineng ona. Ha mefuta eohle ea lisele tsena tse tharo tsa li-cone e tsositsoe ka tsela e tšoanang, u bona ’mala o hlakileng o mosoeu.
Liphoofolo tse ngata li lekanyelitsoe tsebong ea tsona ea ho bona ’mala ’me tse ngata ha li o bone hohang. Ngaka Rendle Short oa bolela: “Ho bona ’mala ho ekeletsa haholo ho thabeleng bophelo. Lithong tsohle tsa ’mele tse hlileng li seng bohlokoa haholo bakeng sa ho phela, leihlo le ka nkoa le tsoteha haholo.”
“Tšebelisano ea Mohlolo”
Litšoantšo li kena karolong ena ea retina li shebile holimo joaloka ha li etsa filiming ea k’hemera. “Ke hobane’ng ho rōna lefatše le sa sheba holimo?” ho botsa Ngaka Short. Oa hlalosa: “Hobane boko bo na le tloaelo ea ho khutlisetsa litšoantšo boemong ba tsona.”
Ho ’nile ha etsoa ligalase tse khethehileng tsa mahlo tse shebisang litšoantšo holimo. Litekong tsa mahlale, batho ba neng ba roala ligalase tse joalo ba ne ba bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e shebile holimo. Joale, kamor’a matsatsi a seng makae, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e makatsang. Ba ile ba qalisa ho bona ka tsela e tloaelehileng! “Tšebelisano e kopaneng ea mohlolo ea leihlo le boko ba hao e bontšoa ka litsela tse ngata,” ho hlalosa The Body Book.
Ha leihlo la hao le ntse le bala mola ona, lisele tsa li-cone li khetholla enke e ntšo pampiring ena e tšoeu. Leha ho le joalo, karolo ea retina ha e arabele litlhakung tsa alafabete tse entsoeng ke motho. Karolo e ’ngoe ea boko e fa letoto la litlhaku tsena mabitso. Ho hlokahala hore boitsebiso bo fetisoe.
Retina e fetisetsa molaetsa karolong e kamorao ea boko e sebelisa methatsoana ea kutlo e limillione. Buka The Brain ea hlalosa: “Ho fetisoa ha boitsebiso ho tsoa karolong ea retina ho ea karolong e kamorao ea boko, ho hlophisitsoe hantle haholo. . . . Haeba khanya e bonesa karolo ka ’ngoe ea retina, karolo e loketseng ea pono [bokong] e tla arabela.”
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ka ho fapaneng le filimi ea k’hemera, leihlo ha le a itšetleha ka khanya ea flash hobane retina e arabela khanyeng ka litsela tse ngata
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Retina ea hao e na le lisele tse limillione tsa methapo ea boko, tse bitsoang li-cone, tse arabelang ’maleng o motala, o mofubelu, kapa o moputsoa