Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 6/8 maq. 9-11
  • Boko—“Bo Feta Computer”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boko—“Bo Feta Computer”
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boko bo Hlollang ka ho Fetisisa
  • Bo Entsoe ke Mang?
  • Motho ea Ithutang Tsela eo Boko ba Motho bo Sebetsang ka Eona o Hlalosa Tumelo ea Hae
    Tsoha!—2017
  • Tšilo ea Lijo, e Rarahane Joaloka Boko
    Tsoha!—2017
  • Boko Boo bo Hlollang ba Lesea!
    Tsoha!—1987
  • “Bokahohle Bohle ka Hloohong”
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 6/8 maq. 9-11

Boko—“Bo Feta Computer”

SETHO se seng se setle ka ho fetisisa ke boko ba motho. Boko, hammoho le methapo eohle ea bona, hangata bo bapisoa le li-computer tse entsoeng ke batho. Ho totobetse hore li-computer li entsoe ke batho ’me li sebetsa ho latela litaelo tse nahannoeng pele ke bahlophisi ba lenaneo la boitsebiso ba tsona. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba lumela hore ha ho na bohlale bo ikarabelang ka ho “kopanya likhoele” le ho “hlophisa lenaneo la boitsebiso” ba boko ba motho.

Leha li-computer li sebetsa ka potlako e khōlō, li sebetsa ka boitsebiso bo le bong ka nako e le ’ngoe, empa methapo ea kutlo ea boko ba motho e sebetsa ka boitsebiso bo limillione ka nako e le ’ngoe. Ka mohlala, ha u ntse u otlolla maoto letsatsing le pholileng la selemo u ka thabela botle ba naha, ua mamela meloli ea linonyana, le ho fofonela lipalesa. Maikutlo ana a thabisang kaofela a fetisetsoa ka nako e le ’ngoe bokong ba hao. Ka nako e tšoanang, letoto la boitsebiso le tsoa liseleng tse amohelang boitsebiso tse maotong a hao, ho tsebisa boko ka boemo ba nako e ’ngoe le e ’ngoe ba leoto ka leng le boemo ba mosifa o mong le o mong. Lintho tse khopang tse tseleng ea hao li hlokomeloa ke mahlo a hao. Motheong oa boitsebiso bona kaofela, boko bo tiisa hore mohato ka mong o nkuoa habonolo le hore u se ke ua hata noha kapa lejoe.

Khabareng, likarolo tse ka tlase tsa boko ba hao li laola ho otla ha pelo ea hao, ho hema, le mesebetsi e meng ea bohlokoa. Empa boko ba hao bo sebetsana le lintho tse eketsehileng. Ha u ntse u tsamaea, u ka bina, ua bua, ua bapisa botle ba naha ba hona joale le ba nako e fetileng, kapa ua rera lintho tsa nako e tlang.

The Body Book e etsa qeto: “Boko bo feta mochine oa computer. Ha ho computer e ka etsang qeto ea hore e khathetse kelellong kapa e senya talenta ea eona ’me e lokela ho qalisa mokhoa o mocha oa bophelo. Computer ha e tsebe ho fetola lenaneo la eona ka potlako; pele e qalisa le lecha, motho ea nang le boko o tlameha ho le hlophisa hape. . . . Computer ha e tsebe ho phomola, kapa ho bōpa lipono tse thabisang ka kelellong, kapa ho tšeha. Ha e tsebe ho susumetsoa kapa ho qapa. Ha e tsebe ho ba seli kapa ho lemoha se boleloang. Ha e tsebe ho rata.”

Boko bo Hlollang ka ho Fetisisa

Liphoofolo tse kang litlou le libōpuoa tse ling tse khōlō tsa metsing li na le boko bo boholo ho feta ba motho, ha boholo ba boko bo bapisoa le ba ’mele, boko ba motho bo boholo ka ho fetisisa. Bukeng ea hae The Brain Richard Thompson oa hlalosa: “Tšoene e na le ’mele o moholo ho feta oa motho empa boko ba eona bo etsa karolo ea bone ea boko ba motho.”

Palo ea litselana tse fapaneng tse pakeng tsa lisele tsa methapo ea boko ba motho li ngata hoo li ke keng tsa baloa. Ke ka hobane lisele tsa methapo ea boko li na le libaka tse ngata tseo li kopanelang ho tsona; sele e le ’ngoe ea mothapo oa boko e ka kopana le tse ling tse fetang likete tse lekholo. “Palo ea libaka tsa makopano tse ka bang teng bokong ba rōna ba kajeno ke e sa feleng,” ho bolela Anthony Smith bukeng ea hae The Mind. “E khōlō ho feta palo-kakaretso ea lisele tsa athomo tse etsang bokahohle boo re bo tsebang,” ho bolela seithuti sa mahlale sa lisele tsa methapo ea boko Thompson.

Empa ho na le ho hong ho hlokomelehang haholoanyane. Ke tsela eo lisele tsa methapo ea boko li kopantsoeng ka eona e nolofaletsang batho ho nahana, ho bua, ho mamela, ho bala, le ho ngola. ’Me lintho tsena li ka etsoa ka lipuo tse peli kapa ho feta. “Puo ke phapang e khōlō pakeng tsa batho le liphoofolo,” ho bolela Karl Sabbagh bukeng ea hae The Living Body. Puo ea liphoofolo e bonolo ha e bapisoa le ea batho. ’Muelli oa thuto ea ho iphetola ha lintho Sabbagh oa lumela, phapang “hase feela taba ea liphoofolo ea ho ntlafatsa matla a tsona a ho etsa lerata—ke letšoao le leholo le etsang hore motho e be motho, ’me le bonahala har’a liphapang tse khōlō tse teng sebōpehong sa boko.”

Sebōpeho se hlollang sa boko ba motho se susumelelitse batho ba bangata ho sebelisa hamolemo matla a bona ka ho ba le tsebo mesebetsing e meng ea matsoho, ho ithuta seletsa sa ’mino, ho tseba puo e ’ngoe, kapa ho hōlisa litalenta leha e le life tse tlatsetsang thabong ea bophelo. “Ha u ithuta tsebo e ncha,” ho ngola Lingaka R. le B. Bruun bukeng ea bona The Human Body, “u ruta lisele tsa methapo ea boko ba hao ho kopana ka tsela e ’ngoe. . . . Ha u tsoela pele ho sebelisa boko ba hao, le bona bo tsoela pele ho hlahisa litholoana.”

Bo Entsoe ke Mang?

Na ho hong ho hlophisitsoeng le ho makhethe hakaana joaloka letsoho, leihlo, le boko li hlahile ka kotsi ho sa reroa? Haeba motho a rorisoa ka ho etsa lisebelisoa, li-computer, le lifilimi tse nkang litšoantšo, ka sebele ho na le e mong ea lokelang ho fuoa tlotla ka ho etsa letsoho le tsebang ho etsa lintho tse ngata, leihlo, le boko. Mopesaleme oa Bibele o boletse: “Oho Jehova, ke tla u boka hobane ka tsela e tšabehileng ke entsoe ka mokhoa o babatsehang, joaloka ha moea oa ka o hlokomelisisa.”—Pesaleme ea 139:1, 14, NW.

Mesebetsi e mengata e babatsehang ea ’mele oa motho e etsahala re sa e hlokomele. Litokollo tse latelang tsa makasine ona li tla bua ka litšebetso tse ling tse makatsang, ’me hape e bang re tsofala, re kula, le ho shoa, lintho tsena li ka hlōloa, e le hore re ka thabela bophelo lefatšeng ka ho sa feleng!

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Boko ba motho bo sebetsa ka boitsebiso bo limillione ka nako e le ’ngoe. Ha u tsamaea, lisele tse amohelang boitsebiso maotong a hao li tsebisa boko ba hao ka boemo ba nako le nako ba letsoho ka leng le boemo ba mosifa o mong le o mong

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Boko bo rarahane haholo ’me bo tseba ho etsa lintho tse ngata ho feta computer

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela