“Bahlaseluoa ba ka Sehloohong ba Tlhoriso ea Bolumeli”
TLHŌRISO ea bolumeli e bile ka nako eohle historing. Ho bolaea ha Kaine Abele ho susumelitsoe ke liphapang tsa bolumeli. Kaine ha a ka a rata taba ea hore Molimo o ananele sehlabelo sa Abele empa a sa talima sa hae ka kananelo. O ile a halefa ’me qetellong a bolaea moena oa hae.—Genese 4:3-8.
Jesu Kreste o profetile hore balateli ba hae ba tla hlorisoa, haholo-holo mehleng ea bofelo. O hlokomelisitse: “Le tla . . . tšoengoa le ho bolaoa; ’me batho ba lichaba tsohle ba tla le hloea ka lebaka la lebitso la ka.”—Mattheu 24:9, The New English Bible.
Lilemong tse likete tse fetileng malumeli a maholo a ile a hlorisana joaloka ha ho bonahala taolong ea oona e hatellang holim’a batho ba tšohileng. Mak’hatholike, Maprotestanta, Mahindu, Mamoseleme, Bajode, le ba bang ba ile ba ameha ntoeng ea ho bolaeana. Lebitsong la bolumeli, ho pholosa moea, tlhaloso e nepahetseng ea melao ea kereke, le tlhoriso li ’nile tsa lokafatsoa. Bajode ba hloriselitsoe bolumeli ba bona le morabe. Linaheng tse ling lekholong lena la bo20 la lilemo, bokomonisi bo latolang boteng ba Molimo bo hlalositse bolumeli ka hore ke ‘ntho e thethefatsang kelello.’
Leha ho le joalo, lekholong lena la lilemo, ho na le sehlopha se seng se hlorisitsoeng litšobotsing tsohle—ebang ke ka bolumeli kapa ka lipolotiki. Ke sefe, ’me litšusumetso ebile life?
“Bahlaseluoa ba ka Sehloohong”
Bukeng ea hae ea haufinyana The Court and the Constitution (1987) eo e neng e le ’muelli ea khethehileng oa Watergate, Archibald Cox oa ngola: “Bahlaseluoa ba ka sehloohong ba tlhōriso ea bolumeli United States lekholong la bo20 la lilemo ebile Lipaki tsa Jehova.” Ke eng se bakileng boemo boo? O tsoela pele: “Li ile tsa qala ho hapa thahasello le ho tsosa thibelo ka bo-1930, ha bolumeli ba bona le manane li eketseha. Li bua ka tšenolo ea Molimo e tsoang ka Bibeleng, li ile tsa ema likoung tsa literata ’me li ea ka ntlo le ntlo, li nehelana ka lipampitšana tsa Mokhatlo oa Watchtower ’me li ruta hore bokhopo bo laola mekhatlo e hlophisitsoeng ea likereke, khoebo, le ’Muso ke likofuto tsa Satane.”
Ha lichaba li kenella Ntoeng ea II ea Lefatše, Lipaki e bile bahlaseluoa le bashoela-tumelo ba moea oa bochaba o tletseng hohle o neng o khothalletsoa ke mebuso e loanang. Lichabeng tse ling tlamo ea ho lumelisa folaga e ile ea qalisoa likolong. Tšebeletso e tlamang ea sesole e ile ea fetoha molao. Le hoja Lipaki tsa Jehova li lumela ho lefa Sesare seo e leng sa Sesare—’me mohlomong lihlotšoana tse nyenyane li ile tsa lefa lekhetho la tsona ’me tsa mamela melao ea naha ka hloko—li boetse tsa lefa Molimo ka seo li lumelang hore oa se batla, e leng, borapeli le botšepehi bo phahameng. Li hlonepha melao-metheo e lokileng eo hangata folaga ea sechaba e e emelang, empa ho tsona ho lumelisa folaga ke borapeli ba litšoantšo. Boemo boo bo ikentse khathatsong United States ka bo1930 le bo40.
Bana ba makholo ba ile ba lelekoa likolong ha ba hana ho lumelisa folaga. Joaloka ha Moprofesara Mason a bolela bukeng ea hae Harlan Fiske Stone: Pillar of the Law: “Ho hana ha bona [ho lumelisa folaga] ho ne ho sa bolele hore ba ne ba sa rate naha ea bona. Ho ne ho mpa ho bolela hore, joaloka ha ba bala Mangolong, ho lumelisa folaga ho ne ho sa lumellane le thuto ea Bibele ea ho khumamela litšoantšo tse betliloeng.”
Tseko e ile ea isoa Lekhotleng le Phahameng la Linyeoe la U.S., ’me ka 1940, ka vouto tse 8 ho e le ’ngoe, boipiletso ba Lipaki bo ile ba latoloa. Mohanyetsi ea neng a thahasella e ne e le Moahloli Harlan Fiske Stone. Moprofesara Mason o hlalosa kamoo ba bang ba arabetseng kateng: “John Haynes Holmes, molula-setulo oa Lekhotla la Tšireletso la Amerika, o bolela hore pono e fapaneng ea Stone ‘ke e ’ngoe ea tse khōlō historing ea Amerika.’ Khatiso ea likoranta ebile e ratoang haholo. Likoranta tse ka sehloohong tse 171 ka potlako tsa nyatsa qeto; ke ba ’maloa feela ba e lumetseng.” Empa joale ke eng se ileng sa etsahala?
Moprofesara Cox o tsoela pele ka tlaleho ea hae: “Tlhoriso ea Lipaki tsa Jehova e ile ea eketseha. Libakeng tse ling, haholo-holo Texas, Lipaki li ile tsa hlaseloa ke lihlopha tsa merusu hobane li hana ho lumelisa folaga, ’me ka linako tse ling li tšoaroa joalo ka ‘basebeletsi ba Nazi.’” Maine, Holo e ’ngoe ea ’Muso e ile ea chesoa. Toropong e ’ngoe Illinois, batho kaofela “ba ile ba hlasela Lipaki tse ka bang 60.” Ba boholong ba ile ba etsa eng? “Mapolesa a ne a sa etse letho kapa ho kopanela.” Joaloka ha Moprofesara Mason a tlaleha: “Lekhotla la Toka le lateletse leqhubu lena la pefo qetong ea lekhotla nyeoeng ea pele ea ho Lumelisa Folaga. Kahoo Lekhotla ebile sebetsa sa ho loanela mehopolo ea batho.”
Phetoho e sa Lebelloang
Ho sa tsotellehe tlhōriso ena e bohloko, bana ba Lipaki, joaloka Baheberu ba bararo ba tšepahalang, ba ile ba hana ho lumelisa folaga. (Daniele, khaolo 3) Lefapha la Litaba tsa Molao la Mokhatlo oa Watchtower le ile la tsoela pele ho tseka nyeoeng ea ho lumelisa folaga ka makhotla a boipiletso. Ha e le hantle, “Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsoela pele li hatella likōpo tsa tsona ka matla hoo [Moahloli] Stone a ileng a hlahisa hore li lokela ho ‘ba le matla ka lebaka la thuso eo li fanang ka eona ea ho rarolla mathata a molao a tokoloho ea baahi.’”—Harlan Fiske Stone: Pillar of the Law, leqephe 598.
Joale ka la 14 Phuptjane, 1943 (Letsatsing la Folaga), Lekhotla le Phahameng la Linyeoe la U.S. la nka bohato bo sa tloaelehang. La ikhula nyeoeng e ’ngoe e fapaneng ea ho lumelisa folaga (Lekhotla la Thuto la West Virginia v. Barnette) ’me la hlakolela Lipaki qoso. Letsatsing lona leo, nyeoeng, e ’ngoe e amang Lipaki tsa Jehova, baahloli ba boletse: “Joaloka ha ho entsoe ho baipelaetsi [Lipaki] o [molao] ba neha kotlo le hoja seo ba se buang se sa bontše hore se entsoe ka morero o mobe, ho buella mohato oa ho fetohela sechaba kapa ’muso. . . . Tlas’a liqeto tsa rōna tsa bonokoane melao e joalo e ke ke ea qobelloa ho kenela lipuisano tse joalo.”
Moahloli Jackson, joaloka ’muelli oa Lekhotla, o kopanyellelitse le pono e bohlale joaloka ea Gamaliele: “Haeba ho na le ntho e tsitsitseng molaong oa rōna, ke hore ha ho ’muso, o phahameng kapa o fokolang, o ka hlalosang se tla etsahala ka bolumeli bo itšunyang lipolotiking, bochaba, bolumeli, kapa lintho tse ling tsa maikutlo kapa ho hatella baahi ho bolela ka lentsoe kapa tumelo ea bona.” Qeto ena e bitsitsoe “e ’ngoe ea liphetoho tse sa lebelloang historing ea Lekhotla.”—Bapisa Liketso 5:34, 38, 39.
Ke hobane’ng ha ho utloahala hore ke Lipaki feela tse sa tlanngoeng ke molao oa ho hlompha folaga? Moprofesara Cox oa hlalosa: “Phoso ea ’Muso ke hore o hatella bana ba [Lipaki] libakeng tsa Gobitis le Barnette ho amohela khopolo ea bopolotiki eo ba neng ba sa e lumele.” Seo Lipaki li se entseng ebile ho latela molao-motheo oa Bibele: “E ka khona re utloe Molimo ho ena le batho.”—Liketso 5:29.
Ke Hobane’ng ha ho Sireletsoa Baahi ba Fokolang ka Palo?
Tlhahlobong ea hae ea linyeoe tsena, Cox o phahamisa potso ea bohlokoa: “Ke hobane’ng ha re lokela ho tšoenyeha ka tokoloho ea moea ea baahi ba fokolang ka palo ba hanang ho lumelisa folaga? Kapa ho sireletsa menyetla ea boramerusu ba boevangeli ba Lipaki tsa Jehova?” Oa araba: “Boholo ba karabo bo itšetlehile seriting sa motho ka mong moo botho ba rōna bo itšetlehileng teng, seriti sa bolumeli le melao. Karolo e khōlō e itšetlehile ka hore haeba ’Muso o ka thibela Lipaki tsa Jehova . . . , ho latelang e ka ba rōna.”
E, ho hatella tokoloho ea borapeli ha baahi ba fokolang ka palo ho sa tloaelehang e ka ba bohato bo bonyenyane bo lebisang bohatong bo boholo ba ho hatella litokoloho tsa baahi ba bang. Empa ho na le taba e thahasellisang eo Moprofesara Cox a e akarelletsang:
“Boholo bo itšetlehile ka hore sehlopha se lulang hōle se ka ’na sa utloa ’nete—’nete e beheletsoeng ka thoko kapa e lahliloeng ka ho feletseng ke bahatelli ba eona.” ’Me har’a linnete tse hatelloang ke e boleloang ke Lipaki tsa Jehova, e leng, hore tšepo ea batho feela bakeng sa khotso le pholoho ke ’Muso oa Molimo ka Jesu Kreste.—Daniele 2:44; Mattheu 6:9, 10.
“Bo-ramerusu” ba Bakreste
Ha Cox a bitsa Lipaki “bo-ramerusu,” ho ke ho hopoloe kamoo barutuoa ba pele ba Bakreste ba ileng ba bitsoa kateng ke bahanyetsi ba bona: “Banna bana ba bakile morusu hohle lefatšeng joale ba tlile mona . . . Ba nyatsa melao ea Sesare kaofela, ba bolela hore ho na le morena e mong, ea bitsoang Jesu.” (Liketso 17:6, 7, New International Version) Boemo bo tšoana hakaakang le boo Lipaki tsa Jehova li iphumaneng ho bona linaheng tse ngata! ’Me ke hobane’ng ho le joalo? Ka mabaka a tšoanang ao Bakreste ba pele ba ileng ba a hlorisetsoa—ho khomarela ha bona Jesu Kreste, e le Morena oa bona, le ho ’Muso oa hae.
Boboleli bo atlehileng ba Lipaki bo etsa hore baruti ba bolumeli ba batle thuso ea ba boholong. Joaloka ha ho etsahetse kamor’a boboleli bo atlehileng ba Pauluse. Tlaleho ea re bolella: “Empa Bajode ka lebaka la mōna oa bona ba phuthela batho ba bang lepatlelong la motse, ba tsosa moferefere, ’me ba ferekanya motse. . . . Ba hulela Jason ka boeena le litho tse ling tsa phutheho ka pel’a babusi.”—Liketso 17:5, 6, NEB.
Lipaki tsa Jehova li hlorisitsoe ka leeme linaheng tse ngata, linakong tsa ntoa le khotso. Hangata bahlohlelletsi ba tlhōriso e joalo ebile baeta-pele ba bolumeli ba sebelisitseng tšusumetso ea bona mekheng ea joale e busang ho thibela mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova. Mohlala o moholo e bile oa tlhōriso ea Lipaki tsa Jehova Spain ea Bok’hatholike lilemong tsa bo1950 ho ea ho 1970. Banna, basali, le bana, ba ile ba hlorisoa, ba lefisoa chelete, ’me ba koalloa teronkong ka baka la ho ithuta Bibele ka lekunutung matlung a bona. Bahlankana ba makholo ba ahloletsoeng lilemo tse kaholimo ho tse leshome teronkong ea sesole ka ho se jele pate ha Bokreste.a
Nyeoe ea Lipaki tsa Jehova Spain ke e khethehileng hoo ramolao ea tsebahalang, Senor Martin-Retortillo, a ngotseng: “Ha motho a ithuta Tsamaiso ea Molao ka lilemo tse leshome, ’me a hlokomela mabaka a ’muso a lithibelo a polokeho ea sechaba a amang boitšoaro ba bolumeli, ho na le ’nete e le ’ngoe e hapang thahasello: Ke hore linyeoe tsohle tseo ho sebetsanoang le tsona, ba seng ba ile ba [ameha] ke litho tsa sehlopha se le seng sa bolumeli. . . ‘Lipaki tsa Jehova.’”
Tlhōriso e Hlōleha ho Thibela Lipaki
Ho tloha ka 1970, Lipaki tsa Jehova li thabetse tokoloho ea molao Spain, empa ho e-na le tse 10 000 tse neng li cheseha nakong eo, hona joale ho na le tse ka bang 70 000 tse kopanelang le liphutheho tse ka bang sekete! Ho joalo le United States. (Nakong eo Moprofesara Cox a buang ka eona (bo1930-bo1940), ho ne ho le teng feela Lipaki tse 40 000 ho isa ho 60 000 United States le kakaretso ea tse ka bang 115 000 lefatšeng lohle. Kajeno ho na le Lipaki tse fetang 770 000 United States le tse 3 400 000 lefatšeng liphuthehong tse 55 000. Tlhōriso e hlōlehile ho thibela tsoelopele ea mosebetsi oa lefatše lohle ea ho ruta.
Ha Lipaki li tobana le tlhōriso li fana ka karabo e le ’ngoe: “A ho ahloleng lōna ho bona hore ana ke taba e lokileng pel’a Molimo ho utloa lōna ho fetisa Molimo na? Hobane ha e le rōna, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela tseo re li boneng le tseo re li utloileng.”—Liketso 4:19, 20.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlaleho e feletseng ka tlhōriso ena Spain, bona 1978 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 164-247.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Lekhotla le boletse hore ho hana ho lumelisa folaga ha se tello
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ke Moahloli Stone a le mong feela ea tšehelitseng boemo ba Lipaki tsa Jehova ka 1940 qetong ea Lekhotla le Phahameng la Linyeoe
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tumello ea Ofisi ea Mohlokomeli oa Polokelo, Lekhotleng le Phahameng la Linyeoe United States
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ka ho vouta ka bongata baahloli bana ba ile ba ema le Lipaki tsa Jehova tsekong ea ho lumelisa folaga
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tumello ea Ofisi ea Mohlokomeli oa Polokelo, Lekhotleng le Phahameng la Linyeoe United States