Litekanyetso Tsa Boitšoaro Tse Lokelang ho Hlomphuoa
Ho theosa le histori, banna le basali ba sebete ba ’nile ba ba khahlanong le mohopolo o tloaelehileng oa mehla ea bona. Ba mameletse khatello ea lipolotiki, ea bolumeli, le ea merabe, hangata ba lumela ho bolaeloa litumelo tsa bona.
BAKRESTE ba pele ba ne ba le sebete ka tsela e khethehileng. Nakong ea mahloriso a mabifi a makholo a mararo a lilemo a qalang, ba bangata ba bona ba ile ba bolaoa ke Baroma ba bahetene ka lebaka la ho hana ho rapela moemphera. Ka linako tse ling, ho ne ho hahoa aletare lebaleng la boithabiso. E le hore ba ka lokoloha, Bakreste ba ne ba lokela hore feela ebe ba ne ba ile ba tsipa libano ka menoana ba li chesetsa ho amohela boemo ba moemphera ba ho ba le sebōpeho sa bomolimo. Leha ho le joalo, ba seng bakae ba ile ba sekisetsa. Bongata bo ile ba khetha ho shoa ho e-na le ho latola tumelo ea bona.
Mehleng ea kajeno, Lipaki Tsa Jehova tsa Bakreste li etsa se tšoanang mabapi le ho se jele pate lipolotiking. Ka mohlala, ho tiea ha tsona ho sa tsotellehe khanyetso ea Bonazi ho ka netefatsoa ke tlaleho ea histori. Pele le ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, hoo e ka bang kotara ea Lipaki tsa Jeremane e ile ea shoa, haholo-holo likampong tsa mahloriso, hobane li ile tsa lula li sa jele pate ’me li hana ho re “Heil Hitler.” Bana ba banyenyane ba ile ba qobelloa ho arohana le batsoali ba bona ba Lipaki. Ho sa tsotellehe khatello, bacha ba ile ba lula ba tiile ’me ba hana ho silafatsoa ke lithuto tseo e seng tsa mangolo tseo ba bang ba neng ba leka ho ba qobella tsona.
Ho Lumelisa Folakha
Hase hangata Lipaki Tsa Jehova e bang bahlaseluoa ba mahloriso a sehlōhō joalo kajeno. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho se utloane ho ba teng ka lebaka la qeto e etsoang ke Lipaki tse nyenyane ho latela letsoalo la tsona, ea ho se kopanele litšebeletsong tse etsoang ka lebaka la ho rata naha, tse kang ho lumelisa folakha.
Bana ba Lipaki Tsa Jehova ba rutoa hore ba se thibele ba bang ho lumelisa folakha; ho ho motho ka mong ho iketsetsa qeto. Leha ho le joalo, boemo ba Lipaki ka botsona bo tiile: Ha li lumelise folakha ea sechaba sefe kapa sefe. Ruri sena ha sea rereloa ho bontša ho hloka tlhompho. Ka sebele li hlompha folakha ea naha efe kapa efe eo li lulang ho eona, ’me li bontša tlhompho ena ka ho utloa melao ea naha eo. Ha ho mohla li kopanelang liketsong tsa mofuta ofe kapa ofe tse khahlanong le ’muso. Ha e le hantle, Lipaki li lumela hore mebuso ea batho ea kajeno e bōpa “tokisetso ea Molimo” eo a e lumeletseng hore e be teng. Ka hona li nka hore li tlas’a taelo ea bomolimo ea ho lefa makhetho le ho hlompha ba joalo “ba phahameng ba nang le matla a ho laela.” (Baroma 13:1-7) Sena se lumellana le polelo e tummeng ea Kreste: “Busetsang ho Cesare seo e leng sa Cesare—le ho Molimo seo e leng sa Molimo.”—Matheu 22:21, Jerusalem Bible ea K’hatholike.
Ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Empa, joale ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa hlomphe folakha ka ho e lumelisa?’ Ke hobane li talima ho lumelisa folakha e le ketso ea borapeli, ’me borapeli ke ba Molimo; ka lebaka la letsoalo li ke ke tsa rapela mang kapa mang leha e le eng kapa eng ntle ho Molimo. (Matheu 4:10; Liketso 5:29) Ka hona, lia ananela ha matichere a hlompha tumelo ena ’me a lumella bana ba Lipaki ho sebetsa tumellanong le litumelo tsa bona.
Ha ho makatse hore ebe hase Lipaki Tsa Jehova feela tse lumelang hore ho lumelisa folakha ho amana le borapeli, joalokaha lipolelo tse latelang li bontša:
“Lifolakha tsa pele li ne li e-na le sebōpeho sa bolumeli ka ho feletseng. . . . Ho bonahala hore kamehla ho ’nile ha batloa thuso ea bolumeli bakeng sa ho halaletsa lifolakha tsa sechaba.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Encyclopædia Britannica.
“Folakha, joaloka sefapano, ea halalela. . . . Melao le litaelo tse amanang le boikutlo ba batho mabapi le litekanyetso tsa sechaba li sebelisa mantsoe a matla, a nang le tšusumetso, a joaloka, ‘Tšebeletso ho Folakha,’ . . . ‘Ho Hlompha Folakha,’ ‘Ho Inehela ho Folakha.’” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—The Encyclopedia Americana.
“Bakreste ba ne ba hana ho . . . etsetsa molingoana oa moemphera [oa Roma] mahlabelo—e leng hoo kajeno ho batlang ho tšoana le ho hana ho lumelisa folakha kapa ho pheta kano ea botšepehi.”—Those About to Die (1958), ea Daniel P. Mannix, leqepheng la 135.
Hape, ka ho hana ho lumelisa folakha, Lipaki Tsa Jehova ha li rere ho hlompholla ’muso leha e le ofe kapa babusi ba oona. Ke feela hore li ke ke tsa inama ka pel’a setšoantšo se emelang Naha kapa ho se lumelisa ka mokhoa oa borapeli. Li tšoantša sena le boemo bo ileng ba nkoa ke bahlankana ba bararo ba Baheberu mehleng ea Bibele ba ileng ba hana ho inama ka pel’a seemahale se neng se emisitsoe lehoatateng la Dura ke morena oa Babylona Nebukadnezare. (Daniele khaolo ea 3) Kahoo he, le hoja ba bang ba lumelisa folakha le ho ikanela ho tšepahala ho eona, bana ba Lipaki Tsa Jehova ba rutoa hore ba sebetse tumellanong le letsoalo la bona le koetlisitsoeng ka Bibele. Kahoo, ka khutso le ka tlhompho ba qoba ho kopanela. Ka mabaka a tšoanang, bana ba Lipaki ba khetha ho se kopanele ha ho binoa kapa ho letsoa lipina tsa sechaba.
Tokelo ea Batsoali
Kajeno, linaha tse ngata li hlompha tokelo ea batsoali ea ho fa bana ba bona thuto ea bolumeli e lumellanang le litumelo tsa bona. Malumeli ’ohle a tšehetsa tokelo ena, joalokaha ho bontšitsoe ke molao oa lekhotla la kereke o ntseng o sebetsa Kerekeng e K’hatholike: “Kaha ba file bana ba bona bophelo, batsoali ba tlas’a tlamo e thata haholo ea ho ba ruta, ’me ba na le tokelo ea ho etsa seo; ke ka lebaka leo batsoali haholo-holo ba lokelang ho fa bana ba bona thuto ea Bokreste tumellanong le thuto ea Kereke.”—Canon 226.
Lipaki Tsa Jehova ha li batle ho fetang hoo. Joaloka batsoali ba tsotellang, li leka ho ruta bana ba tsona litekanyetso tsa ’nete tsa Bokreste le ho kenya ka botebo ka ho bona lerato bakeng sa baahisani le ho hlompha thepa ea batho ba bang. Li lakatsa ho latela keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Bakreste Efese: “Batsoali, le se ke la tšoara bana ba lōna ka tsela e tla etsa hore ba halefe. Ho e-na le hoo, ba hōliseng ka taeo ea Bokreste le thuto.”—Baefese 6:4, Today’s English Version.
Malapa a Arohaneng Bolumeling
Malapeng a mang, ke motsoali a le mong feela eo e leng Paki ea Jehova. Boemong bo joalo, motsoali oa Paki o khothalletsoa ho hlokomela tokelo ea motsoali eo e seng Paki ea hore le eena a rute bana ho latela litumelo tsa hae tsa bolumeli. Bana ba pepesehileng liponong tse sa tšoaneng tsa bolumeli ba latsoa liphello tse seng kae tse bohloko haeba li teng.a Ha e le hantle, bana bohle ba lokela ho iketsetsa qeto ea hore na ba tla latela bolumeli bofe. Ho tloaelehile hore e se be bacha bohle ba khethang ho latela litekanyetso tsa bolumeli ba batsoali ba bona, ebang ke Lipaki Tsa Jehova kapa che.
Tokelo ea Bana ea Bolokolohi ba Letsoalo
Hape u lokela ho tseba hore Lipaki Tsa Jehova li nka hore letsoalo la Mokreste ka mong ke la bohlokoa haholo. (Baroma khaolo ea 14) Phutheho e mabapi le Litokelo Tsa Ngoana, e ileng ea lumelloa ke Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng ka 1989, e ile ea hlokomela tokelo ea ngoana mabapi le “bolokolohi ba monahano, letsoalo le bolumeli” le tokelo ea “ho ntša maikutlo a hae ka bolokolohi le ho etsa hore maikutlo ao a nahaneloe tabeng leha e le efe kapa mokhoeng o amang ngoana eo.”
Ha ho bana ba babeli ba tšoanang hantle. Ka hona, e ka ’na ea e-ba ho utloahalang hore u lebelle ho se tšoane ho itseng liqetong tseo bacha ba Lipaki kapa liithuti tse ling ba li etsang mabapi le mesebetsi e itseng le likabelo sekolong. Re tšepa hore le uena u lumellana le molao-motheo oa bolokolohi ba letsoalo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabapi le bana ba batsoali ba litumelo tse sa tšoaneng, Steven Carr Reuben, Ph.D., bukeng ea hae Raising Jewish Children in a Contemporary World, o-oa hlokomela: “Bana baa ferekana ha batsoali ba phela bophelo ba ho ikhakanya, bo ferekaneng, ba ho se phutholohe, le ba ho qoba litaba tsa bolumeli. Ha batsoali ba itlhahisa kamoo ba leng kateng, ba tšepahala, ba totobatsa litumelo tsa bona, litekanyetso, le mekhoa ea ho hlompha lintho tse itseng, bana ba hōla ba sireletsehile ba e-na le boikutlo ba ho tšoaneleha tikolohong ea bolumeli eo e leng ea bohlokoa haholo khōlisong ea boitlhompho ba bona le ea ho tseba sebaka sa bona lefatšeng.”
[Lebokose le leqepheng la 20]
Tlhompho, Empa Eseng Borapeli
Hoseng ho hong, sekolong se seng Canada, ngoanana oa Paki ea lilemo li 11 ea bitsoang Terra o ile a hlokomela hore tichere e tsoetse kantle ho phaposi ea ho ithutela le seithuti-’moho le eena ka metsotso e seng mekae. Kapele ka mor’a moo, ka lenyele tichere e ile ea kōpa Terra hore a ee le eona ofising ea hlooho ea sekolo.
Ha a kena ka ofising, hang-hang Terra o ile a hlokomela hore folakha ea Canada e aliloe deskeng ea hlooho ea sekolo. Eaba tichere e laela Terra hore a tšoele folakha eo ka mathe. O ne a fana ka maikutlo a hore kaha Terra o ne a sa bine pina ea sechaba leha e le ho lumelisa folakha, ho ne ho se lebaka la hore a se ke a tšoela folakha eo ka mathe ha a laeloa ho etsa joalo. Terra o ile a hana, a hlalosa hore le hoja Lipaki Tsa Jehova li sa rapele folakha, ka sebele lia e hlompha.
Tichere eo ha e khutlela ka phaposing ea ho ithutela, e ile ea tsebisa hore e sa tsoa etsa teko liithuting tse peli, ka ho li laela hore li tšoele folakha ka mathe. Le hoja seithuti sa pele ka tloaelo se ne se kopanela litšebeletsong tse bontšang ho rata naha, leha ho le joalo se ile sa tšoela folakha ka mathe ha se laeloa ho etsa joalo. Leha ho le joalo, le hoja Terra a ne a sa bine pina ea sechaba leha e le ho lumelisa folakha, o ile a hana ho e hlompholla ka tsela ena. Tichere e ile ea bontša hore ho ba babeli bana, Terra ke eena ea ileng a bontša tlhompho e loketseng.
[Lebokose le leqepheng la 24]
Melao-motheo e Meng ea Boitšoaro eo Lipaki Tsa Jehova li e Bolokang
Mabapi le litekanyetso tsa boitšoaro, Lipaki Tsa Jehova li ruta bana ba tsona ho lula ba arohile boitšoarong, mekhoeng, kapa esita le maikutlong ao, le hoja a tloaelehile lefatšeng kajeno, a ka ba ntšang kotsi kapa a ntša ba bang kotsi. (Jakobo 1:27) Ka hona li lemosa bana ba tsona ka likotsi tsa lithethefatsi le mekhoa e meng, e kang ho tsuba le tšebeliso e mpe ea tahi. (Liproverbia 20:1; 2 Bakorinthe 7:1) Li lumela hore botšepehi le ho khothala ke tsa bohlokoa. (Baefese 4:28) Li ruta bana ba tsona ho qoba puo e litšila. (Baefese 5:3, 4) Hape li ba ruta ho phela ka melao-motheo ea Bibele mabapi le boitšoaro tabeng ea botona le botšehali le ho hlompha bolaoli le ’mele oa motho le thepa ea ba bang. (1 Bakorinthe 6:9, 10; Tite 3:1, 2; Baheberu 13:4) Ka tieo li lumela hore ho phela ka melao-motheo eo ho molemo haholo ho bana ba tsona.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Lipaki Tsa Jehova li leka ho ruta bana ba tsona litekanyetso tsa ’nete tsa Bokreste
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
“Busetsang ho Cesare seo e leng sa Cesare—le ho Molimo seo e leng sa Molimo”.—Matheu 22:21, Jerusalem Bible
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Bahlankana ba bararo ba Baheberu ba ile ba hana ho inama ka pel’a seemahale se neng se emisitsoe ke morena oa Babylona Nebukadnezare
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Bana ba khothalletsoa ho thahasella ba bang