Karolo ea Batsoali
Ntle ho pelaelo, ho hōlisa bana hore e be batho ba baholo ba tsitsitseng sechabeng sa kajeno hase mosebetsi o bobebe.
U.S. NATIONAL Institute of Mental Health e ile ea phatlalatsa liphello tsa patlisiso e entsoeng ho batsoali bao ho neng ho nkoa hore ba atlehile—bao bana ba bona, ba lilemo tse ka holimo ho 21, “kaofela e neng e le batho ba baholo ba molemo le bao ho neng ho totobetse hore ba khona ho ikamahanya hantle le maemo sechabeng sa rōna.” Batsoali bana ba ile ba botsoa: ‘Ho latela phihlelo ea lōna ea botho, ke keletso efe e molemohali eo le ka e fang batsoali ba bang?’ Likarabo tse ngata e bile tsena: ‘E-bang lerato haholo,’ ‘laeang ka tsela e khothaletsang ho ntlafatsa,’ ‘nkang nako le le hammoho,’ ‘rutang bana ba lōna ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng,’ ‘hlaolelang tlhomphano,’ ‘ba mameleng e le kannete,’ ‘ba tataiseng ho e-na le ho ba komela,’ ’me ‘le talime lintho ka tsela ea sebele.’
Leha ho le joalo, batsoali hase bona feela ba sebeletsang ho hlahisa bacha ba kenang lilemong tsa ho ba batho ba baholo ba khonang ho ikamahanya hantle le maemo. Matichere le ’ona a phetha karolo e ka sehloohong tabeng ena. Moeletsi oa sekolo ea nang le phihlelo o ile a hlokomela: “Sepheo se ka sehloohong sa thuto ea sekolo ke ho tšehetsa batsoali hore ba hlahise bacha ba kenang lilemong tsa ho ba batho ba baholo ba nang le boikarabelo le ba hōlileng hamolemo kelellong, ’meleng, le maikutlong.”
Ka hona batsoali le matichere ba na le pakane e tšoanang—ho hlahisa bacha bao hamorao e tla ba batho ba baholo ba hōlileng ka ho feletseng le ba tsitsitseng ba thabelang bophelo le ba khonang ho fumana sebaka se ba loketseng sechabeng seo ba lulang ho sona.
Basebetsi-’moho, Eseng Bahlōlisani
Leha ho le joalo, mathata aa hlaha ha batsoali ba hlōleha ho sebelisana le matichere. Ka mohlala, batsoali ba bang ba iphapanyetsa thuto ea bana ba bona ka ho feletseng; ba bang ba leka ho hlōlisana le matichere. Ha e bua ka boemo bona, koranta ea Sefora e itse: “Tichere ha e sa le eona feela e ikarabellang thutong ea bana. Batsoali, ba tšoenyehileng ka ho fetisisa ka katleho ea bana ba bona, ba hlahlobisisa libuka tsa sekolo, ba nyatsa mekhoa ea ho ruta le ho e tšoaea phoso, ’me hang-hang ba itšoara ka tsela e bontšang ho khopeha ha ka lekhetlo la pele bana ba bona ba fumana limaraka tse tlaase.” Liketso tse joalo e ka ba ho kena-kenana le litokelo tsa matichere.
Lipaki Tsa Jehova li ikutloa hore bana ba tsona ba sebeletsoa hamolemo ha batsoali ba sebelisana le matichere, ba thahasella thuto ea bana ba bona ka tsela e sebetsang le e molemo. Li lumela hore tšebelisano e joalo ke ea bohlokoa ka ho khethehileng hobane mosebetsi oa hao joaloka tichere o fetohile o thata haholoanyane.
Mathata a Sekolo Kajeno
Likolo ha lia sireletsoa mathateng a sechaba ka kakaretso, kaha tsamaiso ea tsona e bonahatsa seo sechaba seo e leng karolo ea sona se leng sona. Mathata a sechaba a eketsehile ka potlako ho theosa le lilemo. Ha e hlalosa maemo a leng sekolong se seng United States, The New York Times e ile ea tlaleha: “Liithuti li robala ka tlelaseng, li sokelana liphasejeng tseo mabota a tsona a tletseng mengolo kapa litšoantšo ka linako tsohle, ba nyelisa liithuti tse molemo. . . . Hoo e ka bang liithuti tsohle li tobana le mathata a kang ho hlokomela bana, ho sebetsana le batsoali ba kentsoeng teronkong le ho pholoha pefo ea likenke. Letsatsing lefe kapa lefe, hoo e ka bang karolo e le ’ngoe ho tse hlano e-ea lofa.”
Se tšosang ka ho khethehileng ke bothata bo ntseng bo e-ja setsi lichabeng tsohle ba pefo likolong. Lintoa tse neng li loanoa nako le nako tse neng li akarelletsa ho sutumetsana le ho khothometsana li nketsoe sebaka ke ho lemalla ho thunyana le ho hlabana ka lithipa. Libetsa li se li tloaelehile haholoanyane, litlhaselo li se li le mabifi haholoanyane, ka bana ba retelehelang pefong kapele-pele ba bile ba le lilemong tse tlaase haholoanyane.
Ha ho pelaelo hore hase naha e ’ngoe le e ’ngoe e talimanang le maemo a nyarosang hakaalo. Leha ho le joalo, matichere a mangata lefatšeng ka bophara a tobana le boemo bo boletsoeng koranteng ea Sefora ea beke le beke Le Point: “Tichere ha e sa hlomphuoa; ha e na matla a ho laela.”
Ho se hlomphe bolaoli ho joalo ho hlahisetsa bana bohle kotsi ea sebele. Ka hona Lipaki Tsa Jehova li leka ho ruta bana ba tsona ho utloa le ho hlompha bolaoli, e leng litšoaneleho tseo hangata li haellang bophelong ba sekolo kajeno.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
Lipaki Tsa Jehova li ikutloa hore bana ba tsona ba sebeletsoa hamolemo ha batsoali ba sebelisana le matichere, ba thahasella thuto ea bana ba bona ka tsela e sebetsang le e molemo
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 26]
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Matichere a phetha karolo e ka sehloohong tabeng ea ho hlahisa bacha ba kenang lilemong tsa ho ba batho ba baholo ba khonang ho ikamahanya hantle le maemo
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Batsoali ba atlehang ba nka nako ba le hammoho le bana ba bona