Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ed leq. 31
  • Qetello

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Qetello
  • Lipaki Tsa Jehova le Thuto
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ehlile Lipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba ’Nete?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na Bana ba Lokela ho Tseba ka Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Motheo oa Seo U se Lumelang ke Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Lipaki Tsa Jehova le Thuto
ed leq. 31

Qetello

MORERO oa bukana ena hase ho tšohla litumelo tsa bolumeli tsa Lipaki Tsa Jehova ka tsela e pharaletseng. Ho e-na le hoo, re lekile ka matla ho hlalosa melao-motheo e meng eo Lipaki li lumelang ho eona le ho bontša ka ho hlakileng mofuta oa litšusumetso tsa lelapa tse amang seithuti sa hao haeba motsoali a le mong e le Paki kapa e le Lipaki ka bobeli.

Lipaki Tsa Jehova li hatella haholo khōlo ea moea ea bana ba tsona. ’Me li ikutloa li kholisehile hore sena se eketsa khōlo ea bana ba tsona likarolong tse ling. Seo ba se lumelang le melao-motheo eo ba e bolokang e etsa hore bophelo ba bona bo be le morero ’me e ba thusa ho sebetsana le mathata a bona a letsatsi le letsatsi. Ho phaella moo, litumelo tseo le melao-motheo li lokela ho ba susumelletsa ho leka ho ba liithuti tse chesehang le baahi ba molemo bophelong bohle ba bona.

Lipaki li leka ka matla ho talima bophelo ka tsela ea sebele, ka hona li nka thuto e le ea bohlokoa haholo. Ke ka lebaka leo li lakatsang ho sebelisana le uena kahohle kamoo li ka khonang. Ha e le tsona, malapeng a tsona le libakeng tsa tsona tsa borapeli ho pota lefatše, li tla tsoela pele ho khothalletsa bana ba tsona ho phetha karolo ea bona tšebelisanong ena e behang litholoana.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela