Motheo oa Seo U se Lumelang ke Ofe?
Ho lumela ho ’nile ha hlalosoa e le “ho kholoa, ho amohela ntho e le ’nete kapa e le ea sebele.” Tokomane ea Machaba a Kopaneng e bitsoang Universal Declaration of Human Rights e sireletsa ‘tokelo ea motho e mong le e mong ea bolokolohi ba monahano, ba letsoalo le ba bolumeli.’ Tokelo ena e akarelletsa bolokolohi ba “hore a fetole bolumeli ba hae kapa tumelo ea hae” haeba a batla ho etsa joalo.
LEHA ho le joalo, ebe ke hobane’ng ha motho a ka batla ho fetola bolumeli ba hae kapa tumelo? Maikutlo a atisang ho hlahisoa ke a reng: “Ke na le bolumeli ba ka ’me boa nkhotsofatsa.” Batho ba bangata ba na le maikutlo a hore esita le tumelo e fosahetseng e ke ke ea ntša motho kotsi. Ka mohlala, motho ea lumelang hore lefatše le bataletse, ho ka etsahala hore a se ke a intša kotsi kapa a ntša motho e mong kotsi. Ba bang ba re: “Re lokela ho lumela hore ha re tšoane.” Na kamehla ke bohlale ho lumela joalo? Na ngaka e ne e tla lumela hore e mpa e le ho se tšoane ka maikutlo ha ngaka e ’ngoe e phehella ho lumela hore ka mor’a hore e tšoare litopo ka ’moshareng e ka toba phaposing ea bakuli ea sepetlele ho ea hlahloba bakuli?
Tabeng ea bolumeli, litumelo tse fosahetseng li ’nile tsa baka kotsi e khōlō historing. Nahana ka lintho tse tšosang tse ileng tsa etsahala ha baeta-pele ba bolumeli “ba susumelletsa bachesehi ba feteletseng ba Bokreste pefong e se nang mohau” Lintoeng tse Halalelang tseo ho neng ho boleloa hore ke tsa bolumeli tsa Mehleng e Bohareng. Kapa u nahane ka bo-ralithunya ba kajeno ba “Bakreste” ntoeng e ’ngoe ea haufinyane ea lehae, “ba neng ba khomarelitse litšoantšo tsa Movirigo likutung tsa lithunya tsa bona, ba le joaloka bahlabani ba Mehleng e Bohareng bao mefeng ea lisabole tsa bona e neng e e-na le mabitso a bahalaleli.” Bachesehi bana bohle ba ne ba lumela hore ba nepile. Leha ho le joalo, ho totobetse hore lintoeng le likhohlanong tsena le tse ling tsa bolumeli, ho ne ho e-na le ntho e fosahetseng ka ho feletseng.
Ke hobane’ng ha ho e-na le meferefere le likhohlano tse ngata hakaale? Karabo ea Bibele ke hore Satane Diabolose ‘o khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9; 2 Bakorinthe 4:4; 11:3) Moapostola Pauluse o ile a lemosa hore ka masoabi, balumeli ba bangata ba ne ba tla “ahloleloa timelo” kahobane ba ne ba tla thetsoa ke Satane, ea neng a tla “hlahisa mehlolo le meeka e reretsoeng ho thetsa.” Pauluse o itse ba joalo ba ne ba tla “koala likelello tsa bona hore li se ke tsa rata ’nete e ka beng e ba pholositse” ’me kahoo ba ne ba tla ‘thetseha hore ba lumele leshano.’ (2 Bathesalonika 2:9-12, The New Testament, ea William Barclay) U ka fokotsa menyetla ea hore u lumele leshano joang? Ha e le hantle, motheo oa seo u se lumelang ke ofe?
Na ke Ntho eo U Hōlisitsoeng ka Eona Hore U e Lumele?
Mohlomong u hōtse ka tumelo ea lelapa leno. Ntho eo e ka ’na ea e-ba ntle. Molimo o rata hore batsoali ba rute bana ba bona. (Deuteronoma 6:4-9; 11:18-21) Ka mohlala, mohlankana Timothea o ile a rua molemo haholo ka ho mamela ’m’ae le nkhono’ae. (2 Timothea 1:5; 3:14, 15) Mangolo a khothalletsa ho hlompha seo batsoali ba se lumelang. (Liproverbia 1:8; Baefese 6:1) Empa na ’Mōpi oa hao o ne a rerile hore u lumele lintho hobane batsoali ba hao ba li lumela? Ha e le hantle, ho khomarela ka hlooho e ntšo seo meloko e fetileng e neng e se lumela le ho se etsa, ho ka ba kotsi.—Pesaleme ea 78:8; Amose 2:4.
Mosali oa Mosamaria ea ileng a kopana le Jesu Kreste o ne a hōlisitsoe hore a lumele bolumeling ba hae ba Basamaria. (Johanne 4:20) Jesu o ile a hlompha bolokolohi ba hae ba ho khetha seo a batlang ho se lumela, empa o ile a boela a mo totobaletsa: “Le rapela seo le sa se tsebeng.” Ha e le hantle, o ne a lumela lintho tse ngata tse fosahetseng, ’me Jesu o ile a mo bolella hore o tla tlameha ho fetola tumelo ea hae haeba a tla rapela Molimo ka tsela e amohelehang—e leng “ka moea le ka ’nete.” Ho e-na le ho khomarela tumelo eo ho seng pelaelo hore o ne a e rata, ka mor’a nako, eena le ba bang ba kang eena, ba ne ba tla tlameha ho “mamela tumelo” e senotsoeng ka Jesu Kreste.—Johanne 4:21-24, 39-41; Liketso 6:7.
Na U Rutiloe Hore U e Lumele?
Mesuoe e mengata le bao e leng litsebi mafapheng a khethehileng a thuto ba lokeloa ke tlhompho e khōlō. Empa, histori e tletse mehlala ea mesuoe e tummeng haholo e neng e fositse ka ho feletseng. Ka mohlala, rahistori Bertrand Russell o bolela se latelang ka libuka tse peli tse ngotsoeng ke rafilosofi oa Mogerike Aristotle tse buang ka litaba tsa saense, “ha ho polelo le e ’ngoe ea tsona e ka amoheloang saenseng ea kajeno.” Esita le litsebi tsa kajeno li atisa ho etsa liqeto tse fosahetseng ka ho feletseng. Ka 1895, rasaense oa Lenyesemane, Lord Kelvin, ka kholiseho o ile a tiisa a re: “Ho ke ke ha etsoa mechine e fofang e boima ho feta moea.” Kahoo, motho ea bohlale, ha a lumele ka bofofu feela hore ntho e itseng ke ’nete hobane mosuoe ea itseng ea hlomphehang a re ke ’nete.—Pesaleme ea 146:3.
Ho hlokahala hore ho eloe seli ka tsela e tšoanang litabeng tsa thuto ea bolumeli. Moapostola Pauluse o ne a rutiloe hantle haholo ke mesuoe ea hae ea bolumeli ’me o ne a ‘chesehela lineano tsa bo-ntat’ae haholo.’ Leha ho le joalo, ’nete ke hore cheseho ea hae bakeng sa tumelo ea neano ea baholo-holo ba hae, e ne e mo bakela mathata. E ile ea etsa hore a ‘hlorise phutheho ea Molimo le ho e ripitla.’ (Bagalata 1:13, 14; Johanne 16:2, 3) Ho hobe ka ho fetisisa, Pauluse o ile a ‘raha litsenene’ ka nako e telele, a hana tšusumetso e ka beng e ile ea mo khannela ho lumela ho Jesu Kreste. Ho ile ha hlokahala hore Jesu a kenelle ka matla e le hore Pauluse a susumeletsehe ho fetola tumelo ea hae.—Liketso 9:1-6; 26:14.
Na U Susumetsoa ke Mecha ea Litaba?
Mohlomong seo u se lumelang se susumelitsoe haholo ke mecha ea litaba. Batho ba bangata ba thabela hore ebe mecha ea litaba e na le bolokolohi ba puo, e leng ho etsang hore ba fumane boitsebiso bo ka bang molemo. Leha ho le joalo, ho na le matla a maholo a ka laolang mecha ea litaba ’me hangata aa e laola. Hangata ho hlahisoa boitsebiso bo leeme bo ka ’nang ba ama monahano oa hao ka bolotsana.
Ho phaella moo, mecha ea litaba ea ipiletsa kapa e hohela batho ba bangata ka ho phatlalatsa haholo lintho tse hapang thahasello le tse sa tloaelehang. Ntho eo batho ba neng ba sa lumelloa ho e utloa kapa ho e bala lilemong tse seng kae tse fetileng, kajeno ke ntho e tloaelehileng. Litekanyetso tse hlomamisitsoeng tsa boitšoaro li ntse li hlaseloa le ho felisoa butle-butle kajeno. Monahano oa batho o ntse o sotheha butle-butle. Ba qala ho lumela hore “botle ke bobe le bobe ke botle.”—Esaia 5:20; 1 Bakorinthe 6:9, 10.
Ho Fumana Motheo o Tiileng oa Tumelo
Ho theha taba maikutlong le lifilosofing tsa batho ho tšoana le ho haha holim’a lehlabathe. (Matheu 7:26; 1 Bakorinthe 1:19, 20) Ebe joale ke eng eo u ka thehang tumelo ea hao ho eona ka kholiseho? Kaha Molimo o u file bohlale ba hore u hlahlobe lefatše le u potolohileng le ho botsa lipotso mabapi le litaba tsa moea, na hase ho utloahalang hore ntho e ’ngoe eo a neng a tla e lokisetsa ke mokhoa oa hore u fumane likarabo tse nepahetseng tsa lipotso tsa hao? (1 Johanne 5:20) Ha ho pelaelo hore o ne a tla etsa joalo! Leha ho le joalo, ebe ntho ea ’nete le ea sebele litabeng tsa borapeli u ka e fumana joang? Ha re tsilatsile ha re bolela hore Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, ke lona feela le ka thusang ho etsa sena.—Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16, 17.
E mong a ka ’na a re: “Butle! na batho ba nang le Bibele hase bona ba bakileng likhohlano le meferefere e mebe ka ho fetisisa litabeng tsa lefatše?” Ke ’nete hore baeta-pele ba bolumeli ba bolelang hore ba latela Bibele ba hlahisitse likhopolo tse ngata tse ferekanyang le tse loantšanang. Ha e le hantle, lebaka ke hore ha baa theha tumelo ea bona Bibeleng. Moapostola Petrose ha a ba hlalosa o re ke “baprofeta ba bohata” le “mesuoe ea bohata” ba neng ba tla qapa “maquloana a timetsang.” Petrose o re “tsela ea ’nete e tla nyefoloa” ka lebaka la mesebetsi ea bona. (2 Petrose 2:1, 2) Ho ntse ho le joalo, Petrose o ngola hore “re na le lentsoe la boprofeta le tiisitsoeng haholoanyane; ’me le etsa hantle ha le le ela hloko joaloka lebone le khanyang sebakeng se lefifi.”—2 Petrose 1:19; Pesaleme ea 119:105.
Bibele e re khothalletsa ho netefatsa tumelo ea rōna ka seo e se rutang. (1 Johanne 4:1) Babali ba limilione ba makasine ena ba ka paka hore ho etsa joalo ho entse hore bophelo ba bona bo be le morero ’me bo tsitse. Kahoo, tšoana le Baberea ba bohlale. ‘Hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng’ pele u etsa qeto ea hore na u lumela eng. (Liketso 17:11) Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u etse sena. Ha e le hantle, ke qeto ea hao hore na u batla ho lumela eng. Leha ho le joalo, ke bohlale ho tiisa hore tumelo ea hao e chorisoa ke Lentsoe la ’nete la Molimo le senotsoeng ho e-na le ho chorisoa ke bohlale ba motho kapa litakatso tsa hae.—1 Bathesalonika 2:13; 5:21.
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Ka kholiseho u ka theha tumelo ea hao Bibeleng