Tokelo ea Hao ea ho Lumela
Mohlomong u nka tokelo ea hao ea ho lumela eng kapa eng eo u ratang ho e lumela e le ea bohlokoa. Ho joalo ka e mong le e mong. Baahi ba limilione tse likete tse tšeletseng ba lefatše ba hlahisitse litumelo tse fapa-fapaneng ha ba sebelisa tokelo ena. Joaloka mebala, libōpeho, boleng, tatso, monko le molumo tse sa tšoaneng tseo re li fumanang pōpong, litumelo tse sa tšoaneng li atisa ho eketsa thahasello, thabo le nyakallo bophelong. Ho fapa-fapana hona ho ka natefisa bophelo haholo.—Pesaleme ea 104:24.
EMPA ho hlokahala hore motho a be seli. Litumelo tse ling li fapane ’me hape li kotsi. Ka mohlala, mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, batho ba bang ba ne ba lumela hore Bajuda le Mafreemason ba ne ba rerile ho “senya tsoelo-pele ea Bokreste le ho theha ’muso oa lefatše oo ba o kopanetseng.” Mohloli o mong oa tumelo ena e ne e le pampitšana e hanyetsang Bajuda e bitsoang Protocols of the Learned Elders of Zion. Pampitšana ena e ne e fana ka maikutlo a se nang bopaki a hore litokisetso li akarelletsa ho buella makhetho a phahameng, ho khothalletsa tlhahiso ea libetsa, ho hlohlelletsa ka matla hore ba bang ba tingoe menyetla ea ho kena khoebong ea lintho tse itseng e le hore ‘moruo oa Balichaba o ka putlamisoa ka tšohanyetso.’ Liqoso li ne li boetse li akarelletsa ho laola thuto e le hore ‘Balichaba ba ka fetoloa libatana tse sa nahaneng,’ esita le ho haha liporo tsa terene tse tsamaeang ka tlas’a lefatše tse kopanyang metse e meholo e le hore babusi ba Bajuda ba ka ‘hlōla bahanyetsi leha e le bafe ka ho ba timetsa ka ho feletseng.’
Ha e le hantle, lintho tsena e ne e le mashano a neng a reretsoe ho rotetsa maikutlo a ho hanyetsa Bajuda. Mark Jones, oa British Museum, o re: ‘Leshano lena le sa tsebisahaleng le ile la saballa ho tloha Russia,’ moo le ileng la hlaha ka lekhetlo la pele sehloohong sa koranta ka 1903. Le ile la fihla ho The Times ea London ka la 8 May, 1920. Nako e fetang selemo hamorao, The Times e ile ea pepesa hore tokomane eo ke ea leshano. Khabareng, tšenyo eona e ne e entsoe. Jones o re, ‘Mashano a kang ana, a thijoa ka thata.’ Hang ha batho ba a amohela, a hlahisa litumelo tse bakang bora, tse chefo le tse kotsi—hangata ka liphello tse kotsi, joalokaha histori ea lekholo la bo20 la lilemo e bontšitse.—Liproverbia 6:16-19.
Tumelo Khahlanong le ’Nete
Ha e le hantle, litumelo tse fosahetseng li ka hlaha leha ho se na mashano a ka boomo. Ka linako tse ling, ha re utloisise lintho hantle. Ke batho ba bakae ba shoeleng pele ho nako e le ha ba etsa ntho eo ba neng ba lumela hore e nepahetse? Hape, re lumela ntho hobane feela re batla ho e lumela. Moprofesa e mong o bolela hore esita le bo-rasaense “hangata ba nka likhopolo le liqeto tsa bona e le tsa bohlokoa.” Litumelo tsa bona li ba bakela leeme. Ka mor’a moo, bophelong bohle ba bona ba ka leka ntle ho katleho ho tšehetsa litumelo tsa bona tse fosahetseng.—Jeremia 17:9.
Ho etsahetse lintho tse tšoanang ka tumelo ea bolumeli—e nang le ho ikhanyetsa ho hongata haholo. (1 Timothea 4:1; 2 Timothea 4:3, 4) Motho e mong o na le tumelo e matla ho Molimo. E mong o bolela hore motho eo o mpa “a qapa tumelo ka ntho e sieo.” E mong o lumela hore u na le moea o sa shoeng o pholohang lefu. E mong o lumela hore ha u e-shoa bophelo ba hao bo fela ka ho feletseng le ka ho phethahetseng. Ho totobetse hore litumelo tse loantšanang joaloka tsena e ke ke ea e-ba ’nete kaofela. Kahoo, na hase bohlale ho kholiseha hore seo u se lumelang e hlile ke ’nete hase feela seo u batlang ho se lumela? (Liproverbia 1:5) See u ka se etsa joang? Sehlooho se latelang se tla tšohla taba ena.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Sehlooho sa 1921 se pepesang “Protocols of the Learned Elders of Zion”