“Poloko ke ea Jehova”
LINAKONG tsa maqakabetsi a sechaba le tsa tsitsipano ea machaba, batho ba lebella hore mebuso ea bona e ba sireletse. Mebuso eona e matlafatsa mananeo a litokisetso tsa ho momahanya sechaba. Ha mananeo a ho rata naha a hōlisoa ka ho eketsehileng ka litokisetso tse joalo, mekete ea bochaba e bolokoa ka cheseho e eketsehileng hape e bolokoa khafetsa.
Ha sechaba se le boemong ba tšohanyetso, moea oa ho rata naha o atisa ho etsa hore batho ba ikutloe ba momahane ba bile ba le matla ’me ba bangata ba hōlisa moea oa tšebelisano le oa tlhokomelano. Leha ho le joalo, sehlooho se seng ho The New York Times Magazine se re: “Bochaba bo kotsi joaloka boikutlo bo bong le bo bong” kahobane “hang ha bo bontšoa, bo ka bontšoa ka litsela tse mpe.” Bo ka ’na ba bontšoa ka tsela e ka kenellang bolokolohing ba sechaba le ba bolumeli ba baahi ba bang ba naha. Ka ho khethehileng Bakreste ba ’nete ke bona ba bang tlas’a khatello ea ho sekisetsa litumelo tsa bona. Ba itšoara joang ha moea o joalo o aparela batho ba ba potolohileng? Ke melao-motheo efe ea Mangolo e ba thusang ho lemoha hore na ba itšoare joang le ho boloka botšepehi ho Molimo?
“U se ke Ua li Inamela”
Ka linako tse ling, ho lumelisa folakha ea sechaba e ba pontšo e tloaelehileng ea ho bontša moea oa ho rata naha. Empa lifolakha li atisa ho ba le litšoantšo tsa lintho tse maholimong, tse kang linaleli, hammoho le tsa lintho tse lefatšeng. Molimo o ile a hlalosa maikutlo a hae ka ho inamela lintho tse joalo ha a ne a laela batho ba hae a re: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše. U se ke ua li inamela kapa ua hlohlelletsoa hore u li sebeletse, hobane ’na Jehova Molimo oa hao ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng.”—Exoda 20:4, 5.
Na ho lumelisa folakha e emelang Naha kapa ho e khumamela ho khahlanong le molao oa ho fa Jehova Molimo boinehelo bo khethehileng? Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba e-na le “lipontšo,” kapa matšoao, tseo meloko ea bona e arotsoeng likoto tse tharo e neng e bokana ho tsona lefeelleng. (Numere 2:1, 2) Cyclopedia ea McClintock le Strong e hlalosa mantsoe a Seheberu a hlalosang matšoao a joalo ka ho re: “Ho ’ona ha ho na le nang le moelelo oa folakha, e leng kamoo re nahanang kateng ka ‘letšoao.’” Ho feta moo, matšoao a Baiseraele a ne a sa nkoe a halalela, ebile ho sebelisoa ha ’ona ho ne ho sa etsetsoe litšebeletso tsa mofuta ofe kapa ofe. A ne a sebetsa e le lipontšo feela, a bontša batho moo ba lokelang ho phuthehela teng.
Litšoantšo tsa likerubime ka tabernakeleng le tempeleng ea Solomone e ne e le mohlala oa likerubime tse leholimong. (Exoda 25:18; 26:1, 31, 33; 1 Marena 6:23, 28, 29; Baheberu 9:23, 24) Hore litšoantšo tsena tsa likerubime li ne li sa lokela ho rapeloa ho totobatsoa ke ’nete ea hore batho ba ne ba sa li bone le ka mohla le hore mangeloi ka booona ha a rapeloe le ka mohla.—Bakolose 2:18; Tšenolo 19:10; 22:8, 9.
Nahana hape ka setšoantšo sa noha ea koporo seo moprofeta Moshe a ileng a se etsa ha Baiseraele ba ntse ba le leetong lefeelleng. Setšoantšo seo e ne e le letšoao ’me se ne se amana le lintho tsa bohlokoa tsa boprofeta. (Numere 21:4-9; Johanne 3:14, 15) Se ne se sa khumameloe kapa hona ho sebelisoa borapeling. Leha ho le joalo, makholo a lilemo ka mor’a lefu la Moshe, ka mokhoa o sa nepahalang Baiseraele ba ile ba qala ho rapela setšoantšo seo, ba bile ba se chesetsa libano. Kahoo, Morena Ezekiase oa Juda o ile a se roba likoto.—2 Marena 18:1-4.
Na lifolakha tsa sechaba ke matšoao feela a sebelisetsoang molemo o itseng? Li tšoantšetsa eng? Mongoli J. Paul Williams o ile a re: “Folakha ke letšoao le leholo la tumelo la bochaba le ntho e ka sehloohong e rapeloang.” The Encyclopedia Americana e re: “Folakha, joaloka sefapano, ea halalela.” Folakha ke letšoao la Naha. Kahoo, ho e inamela kapa ho e lumelisa ke tšebeletso ea bolumeli e fang Naha tlhompho ea borapeli. Ketso e joalo e bolela hore Naha ke eona e ka tlisetsang batho poloko ’me ha e lumellane le seo Bibele e se bolelang ka borapeli ba litšoantšo.
Ka ho hlaka Mangolo a re: “Poloko ke ea Jehova.” (Pesaleme ea 3:8) Ho ke ke ha boleloa hore mekhatlo kapa matšoao a batho ke tsona tse tlisetsang batho poloko. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste-’moho le eena a re: “Baratuoa ba ka, le balehele borapeli ba litšoantšo.” (1 Bakorinthe 10:14) Bakreste ba pele ba ne ba sa kopanele liketsong tsa borapeli ba Naha. Bukeng e bitsoang Those About to Die, Daniel P. Mannix o re: “Bakreste ba ile ba hana ho . . . etsetsa moemphera [oa Roma] ea nang le tšusumetso e matla mahlabelo, e leng ho batlang ho tšoana le ho hana ho lumelisa folakha kajeno.” Bakreste ba ’nete ba etsa joalo kajeno. E le hore ba fe Jehova boinehelo bo khethehileng, ha ba lumelise folakha ea sechaba sefe kapa sefe. Ka ho etsa joalo, ba etelletsa Molimo pele empa ba ntse ba hlompha mebuso le babusi. Ka sebele, ba hlokomela hore ba tšoanela ho ikokobelletsa “balaoli ba phahameng” ba mebuso. (Baroma 13:1-7) Hantle-ntle Mangolo a re’ng ka ho bina lipina tse bontšang ho rata naha, tse kang pina ea sechaba?
Lipina Tsa Sechaba ke Eng?
The Encyclopedia Americana e re: “Lipina tsa sechaba ke lipolelo tsa ho rata naha ’me hangata li akarelletsa likōpo tsa hore Molimo a tataise le ho sireletsa sechaba le babusi ba sona.” Ha e le hantle, pina ea sechaba ke sefela kapa thapelo e etsoang lebitsong la sechaba. Hangata e kōpa hore sechaba se ene ’me se phele ka nako e telele. Na Bakreste ba ’nete ba lokela ho kopanela maikutlong a joalo a etsoang ka thapelo?
Moprofeta Jeremia o ne a phela har’a batho ba neng ba bolela hore ba sebeletsa Molimo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a mo laela a re: “U se ke ua rapella sechaba sena, leha e le ho phahamisa mohoo oa kōpo e tiileng bakeng sa sona kapa thapelo kapa ua etsa thapeli ho ’na, kaha ke tla be ke sa u mamela.” (Jeremia 7:16; 11:14; 14:11) Ke hobane’ng ha Jeremia a ile a fuoa taelo ee? Hobane sechaba se ne se tletse bosholu, lipolao, bofebe, ho hlapanya ka leshano le borapeli ba litšoantšo.—Jeremia 7:9.
Jesu Kreste o ile a beha mohlala ha a re: “Ha ke etse kōpo malebana le lefatše, empa ke etsa kōpo malebana le bao u mphileng bona.” (Johanne 17:9) Mangolo a bolela hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo” ’me “lea feta.” (1 Johanne 2:17; 5:19) Kahoo, Bakreste ba ’nete ba ka rapela joang ka likelello tse hlaphohileng hore tsamaiso e tjee e be le nala ’me e be teng ka nako e telele?
Ha e le hantle, hase lipina tsohle tsa sechaba tse akarelletsang lithapeli tse eang ho Molimo. Encyclopædia Britannica, e re: “Maikutlo a lipina tsa sechaba aa fapana, e ka ba lithapelo tse etsetsoang morena kapa mantsoe a ntšang maikutlo mabapi le lintoa tsa bohlokoa tsa sechaba kapa liphetohelo tsa ’muso . . . kapa ea e-ba lipolelo tse ntšang maikutlo a ho rata naha.” Empa na ho na le lintoa kapa liphetohelo tsa ’muso tsa sechaba sefe kapa sefe tseo batho ba batlang ho khahlisa Molimo ba ka li thabelang? Tabeng ea barapeli ba ’nete, Esaia o ile a bolela esale pele a re: “Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela.” (Esaia 2:4) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Le hoja re tsamaea nameng, ha re loane ntoa ho ea ka seo re leng sona nameng. Etsoe lihlomo tsa ntoa ea rōna hase tsa nama.”—2 Bakorinthe 10:3, 4.
Hangata lipina tsa sechaba ke boikutlo ba seo sechaba se ikhantšang ka sona kapa seo se phahameng ka sona. Pono ena ha ea thehoa Mangolong. Puong ea hae Areopago, moapostola Pauluse o ile a re: “[Jehova Molimo] o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše lohle.” (Liketso 17:26) Moapostola Petrose eena o ile a re: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.
Ka lebaka la kutloisiso ea bona ea Bibele, ba bangata ba iketsetsa qeto ea hore ha ba na ho kopanela tumelisong ea folakha le ho bineng lipina tsa ho rata naha. Empa ba itšoara joang ha ba shebane le maemo a amang lintho tsee?
Hana ka Tlhompho
Ha Morena Nebukadnezare oa Babylona ea boholo-holo a ne a leka ho momahanya ’muso oa hae, o ile a emisa setšoantšo se seholo sa khauta lehoatateng la Dura. Ka mor’a moo o ile a lokisetsa mokete oa ho se khakola oo a ileng a memela ho oona babusisi ba hae ba liprofinse, balaoli le babusisi, baeletsi le bahlanka ba bang ba phahameng ba ’muso. Ha ’mino o lla, bohle ba phuthehileng ba ne ba lokela ho khumama ’me ba rapele setšoantšo seo. Har’a ba neng ba tlameha ho ba teng e ne e le Baheberu ba bararo ba banyenyane—Shadrake, Meshake le Abedenego. Ba ile ba bontša joang hore ha ba kopanele moketeng oo oa bolumeli? Ha ’mino o qala ’me ba phuthehileng ba khumama ka pel’a setšoantšo, Baheberu bana ba bararo ba ile ba sala ba eme.—Daniele 3:1-12.
Kajeno, ho tloaelehile hore lifolakha li lumelisoe ka ho otlolla letsoho kapa ka ho beha letsoho phatleng kapa pelong. Ka linako tse ling, motho a ka ema ka tsela e itseng. Linaheng tse ling, ho lebeletsoe hore bana sekolong ba khumame ’me ba sune folakha. Ka ho ema ba khutsitse ha ba bang ba lumelisa folakha, Bakreste ba ’nete ba totobatsa hore ke bashebelli ba hlomphang.
Ho thoe’ng haeba tšebeletso ea folakha e etsoa ka tsela eo ho ema feela ho fanang ka bopaki ba ho kopanela? Ka mohlala, mohlomong seithuti se seng sekolong se khethoa hore se emele sekolo kaofela ’me se lumelise folakha ka ntle palong ea folakha ha liithuti tse ling li eme lipasha ka phaposing ea ho rutela. Boemong bona ho ema ho bontša ho lumellana le hore seithuti se ka ntle ke moemeli oa hao ha ho lumelisoa folakha. Ho ema ka mokhoa ofe kapa ofe ho ne ho tla bontša ho kopanela tšebeletsong. Ha ho le joalo, ba lakatsang ho shebella feela ka tlhompho ba ka tsoela pele ba lutse. Haeba sehlopha se se se ntse se eme ha tšebeletso e joalo e qala, ho ka etsoa joang? Tabeng ena, ho ke ke ha bontša hore rea kopanela haeba re tsoela pele re eme.
Ha re re mohlomong motho ha a kōptjoe hore a lumelise folakha empa o kōptjoa hore a e tšoare, ebang ke phareiteng kapa phaposing ea ho ithutela kapa sebakeng se seng feela, e le hore ba bang ba e lumelise. Ho e-na le ho ‘balehela borapeli ba litšoantšo,’ joalokaha Mangolo a laela, ea etsang joalo o tla be a hlile a etella pele tšebeletsong eo. Ho joalo le ka motho ea kenang phareiteng e machang ho bontša lerato la naha. Kaha ho etsa joalo e tla be e le ho tšehetsa se tlotloang ke phareite eo, ka letsoalo le letle Bakreste ba ’nete ha ba kene ho eona.
Ha ho letsoa pina ea sechaba, hangata se hlokahalang ke feela hore motho a eme ho bontša hore o tšehetsa maikutlo a pina eo. Maemong a joalo, Bakreste baa lula. Haeba ba ne ba se ba ntse ba eme ha pina ea sechaba e qala, ha ho hlokahale hore ba ikhathatse ka ho lula fatše. Ha ho tšoane leha ba ema ka ho khetheha bakeng sa pina ea sechaba. Ka lehlakoreng le leng, haeba ho lebeletsoe hore sehlopha se eme ’me se bine, ho ema feela ka lebaka la ho hlompha, empa motho a sa bine ha ho bontše hore motho o kopanela maikutlong a pina e binoang.
“E-bang le Letsoalo le Molemo”
Mopesaleme ha a qeta ho hlalosa ho hloka thuso ha lintho tse fuoang tlhompho ea borapeli tse entsoeng ke batho, o ile a re: “Ba li etsang ba tla ba feela joaloka tsona, bohle ba li tšepileng.” (Pesaleme ea 115:4-8) Kahoo, ho hlakile hore mosebetsi ofe kapa ofe o amanang ka ho toba le ho etsa lintho tsa borapeli, ho akarelletsa lifolakha tsa sechaba, barapeli ba Jehova ba ke ke ba o amohela. (1 Johanne 5:21) Ho ka ’na ha hlaha maemo a mang a mosebetsi ao ho ’ona Bakreste ba bontšang ka tlhompho hore ba rapela Jehova feela eseng folakha kapa seo e se emelang.
Ka mohlala, mohiri a ka ’na a kōpa mohiruoa hore a phahamise kapa a theole folakha e mohahong. Hore na mohiruoa o tla ho etsa kapa che, ho itšetlehile ka hore na o ikutloa joang ka boemo boo. Haeba ho phahamisa kapa ho theola folakha ke karolo ea tšebeletso e khethehileng, eo ho eona batho ba emang lipasha kapa ba lumelisang folakha, ho etsa ketso ena ho tšoana le ho kopanela tšebeletsong ea eona.
Ka lehlakoreng le leng, haeba ho se tšebeletso e amehang ho phahamisoeng le ho theoloeng ha folakha, liketso tsena hase letho haese feela ho etsa mesebetsi e kang ho lokisetsa mohaho hore o sebelisoe, ho notlela le ho notlolla mamati le ho bula le ho koala lifensetere. Maemong a joalo, folakha ke letšoao feela le emelang Naha, ’me haeba ho e phahamisa kapa ho e theola e le o mong oa mesebetsi e etsoang kamehla, sena ke qeto ea motho ka mong e thehiloeng letsoalong la hae le koetlisitsoeng ka Bibele. (Bagalata 6:5) Letsoalo la motho e mong le ka ’na la mo khannela hore a kōpe mookameli oa hae hore a re mohiruoa e mong a phahamise folakha le ho e theola. Mokreste e mong a ka ’na a ikutloa hore letsoalo la hae le mo lumella ho tšoara folakha hafeela ho se na tšebeletso e amehang. Ho sa tsotellehe hore na morapeli oa ’nete o etsa qeto efe, re lokela ‘ho ba le letsoalo le molemo’ ka pel’a Molimo.—1 Petrose 3:16.
Ha ho na moo Mangolo a hanyetsang ho sebetsa kapa ho ba mehahong ea sechaba e kang liofisi tsa ’masepala le likolo, moo ho fanyehoang folakha ea sechaba. Folakha e ka hlaha le litempeng, lilaesenseng tsa likoloi, kapa linthong tse ling tse entsoeng ke ’muso. Ho sebelisa lintho tse joalo ka bohona ha ho etse hore batho e be ba kopanelang liketsong tsa borapeli. Hoo e leng taba mona, hase boteng ba folakha kapa setšoantšo sa eona, taba ke hore na motho o itšoara joang malebana le eona.
Hangata lifolakha li ngoloa lifensetereng, mamating, likoloing, lideskeng, kapa linthong tse ling. Ho ka ’na ha rekoa seaparo se nang le mokhabiso oa folakha. Linaheng tse ling, molao o thibela ho apara lintho tse joalo. Le haeba ho etsa joalo e se tlōlo ea molao, ho tla bontša’ng ka boemo ba motho mabapi le lefatše? Jesu Kreste o ile a bolela se latelang ka balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16) Hape ho eloe hloko hore na ketso e joalo e ka ba le phello efe ho barapeli-’moho. Na e ka lematsa matsoalo a ba bang? Na qeto ea bona ea ho ema ba tiile tumelong e ka fokolisoa? Pauluse o ile a eletsa Bakreste a re: ‘Le nepisise lintho tsa bohlokoa haholo, e le hore le hloke sekoli le hore le se ke la khopisa ba bang.’—Bafilipi 1:10.
“Le be Bonolo ho Bohle”
Ha maemo a lefatše a ntse a nyotobela ‘linakong tsena tse mahlonoko,’ ho ka etsahala hore maikutlo a ho rata naha a tote. (2 Timothea 3:1) Ba ratang Molimo ba se ke ba lebala hore poloko ke ea Jehova feela. Boinehelo bo khethehileng bo lokela eena feela. Baapostola ba Jesu ha ba ne ba bolelloa hore ba etse se khahlanong le thato ea Jehova, ba ile ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle.” (2 Timothea 2:24) Kahoo, Bakreste ba leka ho ba le khotso, baa hlompha hape ba bonolo ha ba ntse ba itšetlehile ka matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele ha ba etsa liqeto mabapi le ho lumelisa folakha le ho bina lipina tsa sechaba.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Baheberu ba bararo ba neng ba tiile empa ba e-na le tlhompho, ba ile ba khetha ho khahlisa Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Mokreste o lokela ho itšoara joang nakong ea tšebeletso e bontšang ho rata naha?