Sephiri se ea Teba
RE PHELA haufi le ’nete ha re lintšing tsa lefu. Leha ho le joalo, lefu e sala e le phihlelo e tšosang hore ho ka nahanoa ka eona. Ha ho makatse hore khopolo e inahanetsoeng le sephiri lia eketseha nako e ’ngoe le e ’ngoe ha lefu le atamela bophelo. Bophelo bo bokhutšoane, ’me joaloka ha Shakespeare a hlokometse, “Lefu le na le letsatsi la lona.”
Joale, lefu la sebele ke eng? Eo ke potso ea pele eo re lokelang ho e hlalosa.
’Nete e sa Amoheloeng
Ho latela Encyclopedia Britannica, lefu le hlalosoa e le “ho se be teng ha bophelo.” Le hoja motho a lumela hore litlhapi, liphoofolo, le linonyana li shoa ka tlhaho, kelello ea hae e ’molella hore lefu la motho le tla joaloka sera, esita joaloka ha Bibele e bolela.a
Ho libōpuoa tsohle lefatšeng lena, ke motho feela ea tsebang ho nahana ka lefu la hae. O boetse o ikhethile ka ho epela bafu ba hae. Hangata, joaloka ha Encyclopaedia Britannica e hlalosa, moetlo oa ho epela bafu “o simollotse takatsong e fokolang kapa karolo ea ho amohela lefu e le qetello ea bophelo ba motho. Ho sa tsotellehe bopaki bo tšosang ba ho bola ha ’mele oa motho ho bakoang ke lefu, tumelo ea hore karolo e ’ngoe ea motho e tsoela pele ho phela kamor’a lefu ha e fele.”
Ka lebaka leo, meetlo e tsamaeang le lefu hangata e amahangoa le litumelo tsa boholo-holo le litumela-khoela.
Meetlo le Litumelo
Ka mohlala, mabitla a mangata a boholo-holo ha a na masapo feela a bafu empa hape le bopaki ba lijo le lino, tse beiloeng ka tumelo ea hore mofu o hloka lintho tse joalo kamor’a ho kenngoa lebitleng. Limmapa tsa tulo le mahlo li ne li tšoantšitsoe makaseng a bafu a Baegepeta bakeng sa ho tataisa mofu. Lisebelisoa le lintho tsa botho, joaloka mabenyane, li beoa lebitleng ka morero oa hore mofu o tla thabela ho ba le tsona bophelong kamor’a lefu.
Ho ile ha fumanoa masapo a bafu a lulisitsoe, joaloka ngoana ka pōpelong, hoo batho ba bang ba boholong ba ho hlalosang e le pontšo ea tumelo ea ho tsoaloa hape. Magerike le Maroma a ne a lumela hore ho hlokahala hore bafu ba fetisetsoe Styx, e leng nōka e khōlō e ka tlas’a lefatše. Tšebeletso ena e ne e etsoa ke Charon, mokhanni oa sekepe oa modemona. Bakeng sa tšebeletso ea hae o ne a lefuoa ka chelete e kengoang ka molomong oa mofu, tloaelo e ntseng e tsoela pele ho fihlela kajeno likarolong tse ngata tsa lefatše.
“Ho hlakile hore bolumeli bo bong le bo bong bo boholo bo na le litumelo tsa bona ka tsela ea ho shoa, ka lefu ka bolona le bophelo kamor’a lefu,” ho bolela A Dictionary of Religious Education. Ke ’nete—empa ke hobane’ng ho lumeloa joalo? Ke hobane ho sa amoheloe khopolo ea qetello ea bophelo. “Ha ho motho ea lumelang lefu la hae,” ho lumetse ngaka ea mafu a kelello Sigmund Freud, ’me “[monahanong] oa rōna re kholisehile ka ho se shoe ha hae.”
Hangata monahano o joalo o lebisitse ho hōleng ha litumelo tse ling tse ngata. Nahana ka tse ling tse khōlō.
Pelekatori le Lihele
Haeba bafu ba phela, ba loketse e be ba sebakeng se itseng—empa hokae? Bothata bo mona, kaha ba shoang ha ba babe haholo kapa ha ba molemo haholo. Ho latela monahano oa motho oa toka, motho o arola bafu ba lokileng le ba khopo.
Pono ea baruti, joaloka ha e ngotsoe ho The Jewish Encyclopedia, e baleha ka mokhoa o latelang: “Letsatsing la ho qetela la kahlolo ho tla ba le lihlopha tse tharo tsa meea: e lokileng e tla ngoloa hang-hang bakeng sa bophelo bo sa feleng; e khopo e tla ea Gehenna; empa eo liketso tsa eona le libe tsa eona li lekanang e tla ea Gehenna ’me e ee holimo le tlase ho fihlela e hloekisitsoe.” Ba bangata ba tla elelloa hore polelo ea ho qetela mantsoeng ana a qotsitsoeng ke tlhaloso ea pelekatori.
Ka ho thahasellisang, ha New Catholic Encyclopedia e fana ka tlhaloso ea thuto ea pelekatori, e re: “Se fumanoeng ke hore, thuto ea [Roma e] K’hatholike ea pelekatori e theiloe neanong, e seng Lengolong le Halalelang.” Sena ha se makatse, hobane lentsoe lena ha le eo ka Bibeleng, ’me khopolo eo ha e rutoe ke eona. Empa ho thoe’ng ka Gehenna, phello ea ba khopo ho ea ka The Jewish Encyclopedia?
Gehenna ke lentsoe la Segerike le tsoang lentsoeng la Seheberu geh hinnom’, e leng Khohlo ea Hinnome, e ka boroa-bophirimela ho Jerusalema. Nakong e fetileng e ne e le moo bana ba neng ba etsoa sehlabelo ho molingoana Moloke teng ’me, ho bolela The Jewish Encyclopedia, “ka lebaka lena khohlo e ile ea nkoa e le e rohakiloeng, ’me ka lebaka leo ‘Gehenna’ ka potlako e ile ea fetoha tšoantšetso e lekanang le ‘lihele.’”
“Lihele, ho ea ka malumeli a mangata,” ho bolela The World Book Encyclopedia, “ke sebaka kapa boemo bo laoloang ke mademona, moo batho ba khopo ba hlokofatsoang teng kamor’a lefu.” Ena e sa ntsane e le thuto e rutoang ka matla ke likereke tse ling tsa Bokreste-’mōtoana le malumeli a mang. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba hōlile ba ena le tšabo ea sebele ea ho ea liheleng.
“Ha ke ne ke sa le moshanyana,” ho ngotse mongoli oa lipale oa Lenyesemane Jerome K. Jerome ka selemo sa 1926, “Lihele tsa sebele li ne li sa ntse li amoheloa ke lichaba tsa malumeli a mangata e le ’nete. Bohloko bo bakoang ho ngoana ea iketsetsang setšoantšo [sa lihele] kelellong ea hae bo ke ke ba fetelletsoa. Ho nkentse hore ke hloee Molimo, ’me hamorao, ha kelello ea ka e hōlang e latola khopolo ena e le e se nang kelello, ke ile ka hloea bolumeli bo neng bo ruta thuto ena.”
Ho sa tsotellehe pono ea hao ka lihele (bona lebokoso “Lihele le Gehenna—Phapang” bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng), qetello e thabisang ba bangata ke ea leholimo kapa Nirvana.
Leholimo le “Nirvana”
“Leholimo ke sebaka le boemo bo hlohonolofalitsoeng ba thabo e sa feleng Botenng ba Molimo, le mangeloi a Oona a halalelang le bahalaleli,” ho bolela The Catholic Religion—A Manual of Instruction for Members of the Anglican Church. Ea phaella: “Le boetse le na le thabo e sa feleng hammoho le baratuoa, ba shoeleng ka mohau, ’me ba phethahetse ’me ba halalela ka ho sa feleng.”
Ka lehlakoreng le leng, Nirvana e bontša tumelo ea Bobuddha ea hore “khotso ea sebele le tlhohonolofatso” li ka fumanoa feela ka “bohloko, lebiling le tsoelang pele la ho tsoaloa hape” ’me qetellong le eme. Ka tsela leha e le efe, ka leholimo kapa Nirvana, bolumeli bo re neha khetho e re lumellang ho qetella matšoenyeho a bophelo bona, bo tla lateloa ke bophelo lefatšeng le khutsitseng.
Na lithuto tsena tse loantšanang li re thusa ho arabela potso ea rōna Ho etsahala joang ha re shoa? kapa na sephiri se a teba? Re ka tseba joang hore seo re khethang ho se lumela ke ’nete? Na bolumeli bo ruta ’nete kapa tšōmo?
Qetello ea rōna kamor’a lefu e tla lula e le sephiri—ntle le haeba re ka arabela potso ea motheo eo ka boeona e nang le karabo: Moea ke eng? Re lokela ho etsa sena lekhetlong le latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona lengolo la pele la Pauluse ho Ba-Korinthe, khaolo 15, temana 26.
[Lebokose le leqepheng la 20]
Ho Hatsetsa Setopo le ho se Shoe?
“Cryonic suspension” ke mokhoa o sebelisoang ho boloka bafu tlas’a mohatsela o fokolang haholo. ’Mele ’ohle o kenngoa ka botlolong e tlatsitsoeng ka “nitrogen” e mokelikeli tekanyong ea-232° C, kapa bareki ba ikhethela ho ba “baamoheli ba hlooho” ho bolelang hore ho boloka lihlooho feela. “Ha ke lumele bophelo kamor’a lefu ka kutloisiso ea bolumeli,” ho bolela mopresidente oa feme ea Brithani e buellang ho hatsetsa setopo, “empa ke thabela bophelo ’me ke nahana hore ho emisa bophelo ke ntho e mpe.” Boikemisetso ba khoebo ke hore nakong e tlang, thuto ea mahlale e tla tseba ho boloka bophelo, haesita le ho etsetsa lihlooho tse bolokiloeng ’mele e mecha. “Ena ke tsela e ’ngoe ea ho finyella ho se shoe,” kamoo ho tlalehang “The Sunday Times” ea London.
[Lebokose le leqepheng la 21]
Lihele le Gehenna—Phapang
Lentsoe “lihele” ke lentsoe la Senyesemane le fetoletsoeng ka phoso e le “Gehenna,” e leng lebitso la thotobolo ea boholo-holo e kantle ho motse oa Jerusalema, eo Jesu a e sebelitseng ho tšoantšetsa timetso ea ka ho sa feleng. (Mattheu 10:28, “NW”) Joale, ho thoe’ng ka lihele ka botsona (tseo ka Seheberu li ngoloang e le “she’ohl’” ’me ka Segerike e le “hai’-des”)? Haeba e ne e le sebaka sa tlhokofatso, na motho e mong le e mong o ne a ka batla ho ea moo? Che. Hobane mopatriareka Jobo o ile a kōpa Molimo hore o mo pate moo. (Jobo 14:13, “NW”) Ha Jonase a ne a le mpeng ea tlhapi e khōlō ho ne ho tšoana le ha a le liheleng tsa Bibele, ’me o ile a rapela ho Molimo bakeng sa thuso. (Jonase 2:1, 2) Lihele tsa Bibele ke lebitla le tloaelehileng la batho, moo bohle ba shoeleng ba phomotseng khopolong e lerato ea Molimo ’me ba emetse tsoho.—Johanne 5:28, 29.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ho ne ho tšoantšitsoe mahlo lekaseng la Moegepeta oa boholo-holo ka tumelo ea hore ‘moea oa mofu o ka tseba ho bona’
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tumello ea Polokelo ea Lintho tsa Khale ea Brithani, London
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Khohlo ea joale ea Hinnome, boroa-bophirima ho Jerusalema