Ke Bo-mang ba Eang Liheleng?
Karabo ea Bibele
Lihele (“Sheole” le “Hadese” ka lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona pele) ke lebitla eseng sebaka seo ho hlokofatsoang batho ka mollo ho sona. Ke bo-mang ba eang liheleng? Ke batho ba lokileng le ba babe. (Jobo 14:13; Pesaleme ea 9:17) Bibele e re lebitla lena le tloaelehileng la batho ke “ntlong ea pokano bakeng sa e mong le e mong ea phelang.”—Jobo 30:23.
Esita le Jesu o ile a ea liheleng ha a e-shoa. Leha ho le joalo, “ha aa ka a tloheloa liheleng,” hobane Molimo o ile a mo tsosa.—Liketso 2:31, 32, The Bible in Basic English.
Na lihele ke ntho ea ka ho sa feleng?
Batho bohle ba eang liheleng ba tla ntšoa ho tsona, ’me ba khutlisetsoe bophelong ke Jesu ka matla a Molimo. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Ha Tšenolo 20:13 e bua ka tsoho ea bafu e tla etsahala nakong e tlang e re, “lefu le lihele li ile tsa nehelana ka bafu ba ka ho tsona.” (King James Version) Ka mor’a hore batho bohle ba liheleng ba ntšoe ho tsona, li ke ke tsa hlola li e-ba teng; ha ho na motho ea tla ea moo hape hobane “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”—Tšenolo 21:3, 4; 20:14.
Leha ho le joalo, hase motho e mong le e mong a eang liheleng ha a e-shoa. Bibele e bontša hore batho ba bang ba etsa bokhopo hoo ba ke keng ba fetoha. (Baheberu 10:26, 27) Ha batho ba joalo ba e-shoa, ha ba ee liheleng empa ba ea Gehenna, e leng sebaka se emelang timetso ea ka ho sa feleng. (Matheu 5:29, 30) Ka mohlala, Jesu o ile a bontša hore baeta-pele ba bang ba bolumeli ba baikaketsi ba mehleng ea hae, ba ne ba tla ea Gehenna.—Matheu 23:27-33.