Ho Etsahetse’ng ka Mollo oa Lihele?
U UTLOISISA lentsoe “lihele” joang? Na u nahana ka lihele e le sebaka sa sebele sa mollo le sebabole, sa ho hlokofatsoa le ho utloa bohloko ka ho sa feleng? Kapa ebe mohlomong lihele ke tšoantšetso e hlalosang boemo bo itseng?
Ka makholo a lilemo, baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba ’nile ba nahana hore joang kapa joang baetsalibe ba tla qetella ba le liheleng tsa mollo tsa tlhokofatso e bohloko ka ho fetisisa. Khopolo ena e sa ntsane e tloaelehile har’a lihlopha tse ling tse ngata tsa bolumeli. U.S.News & World Report e re: “Ho ka etsahala hore ebe lihele ke lentsoe le tloaelehileng haholo ka malapeng a Bakreste, empa hase bona feela ba rutang thuto ena. Hoo e ka bang malumeling ’ohle a maholo a lefatše le ho a mang a manyenyane, batho ba tšosoa ka mefuta e sa tšoaneng ea kotlo e bohloko ea ka mor’a lefu.” Mahindu, Mabuddha, Mamosleme, Majaine le Batao ba lumela liheleng tsa mofuta o itseng.
Leha ho le joalo, batho ba kajeno ba na le maikutlo a mang ka lihele. Makasine e boletsoeng ka holimo e re: “Le hoja batho ba bangata ba sa ntsane ba e-na le maikutlo a tloaelehileng a hore [liheleng] ho na le mollo, kajeno ho hlaha maikutlo a hore kahlolo ea ka ho sa feleng ke bohloko bo khethehileng ba ho koalloa boinotšing, e leng ho bolelang hore e ka ’na eaba lihele hase sebaka se nang le mollo.”
Koranta ea Majesuite e bitsoang La Civiltà Cattolica e re: “Ke phoso . . . ho nahana hore ka bademona, Molimo o sebelisa ntho e kang mollo ho hlokofatsa ka tsela e tšabehang batho ba ahloletsoeng tsuo.” E phaella ka ho re: “Lihele li teng, empa hase sebaka, ke boemo, ke tsela eo ka eona motho a utloang bohloko ba ho arohana le Molimo.” Ka 1999 Mopapa John Paul II o ile a re: “Ho e-na le hore lihele e be sebaka, ke pontšo ea boemo ba bao ka bolokolohi le ka ho feletseng ba ikarohanyang le Molimo, mohloli oa bophelo bohle le thabo.” Tabeng ea litšoantšo tse bontšang lihele e le sebaka sa mollo, o itse: “Li bontša kamoo bophelo bo se nang Molimo e leng ba ho tsieleha le ho hloka morero ka ho feletseng kateng.” Rahistori oa kereke Martin Marty o boletse hore haeba mopapa a ne a hlalositse hore lihele ke “malakabe le diabolose ea apereng sutu e khubelu ea nang le fereko e khōlō, batho ba ne ba sa tl’o lumela.”
Liphetoho tse tšoanang li etsahala le malumeling a mang. Tlaleho ea moifo oa thuto ea bolumeli oa Kereke ea Chache e itse: “Lihele hase tlhokofatso ea ka ho sa feleng, ke khetho ea ho qetela le e ke keng ea fetoloa ea tsela ea bophelo e hanyetsang Molimo ka ho feletseng le ka tieo hoo qetello e leng ho timetsoa ka ho feletseng.”
Katekisema ea Kereke ea Episcopal ea United States e re lihele ke “lefu la ka ho sa feleng kahobane re lahlile Molimo.” Batho ba eketsehileng, kamoo ho bolelang U.S.News & World Report, ba buella khopolo ea hore “qetello ea ba khopo ke timetso, eseng ho utloa bohloko ka ho sa feleng. . . . [Ba] bolela hore ba lahlang Molimo qetellong, ba tla felisoa ‘mollong o felisang sohle’ oa lihele.”
Le hoja tšekamelo ea kajeno e le ho lahla khopolo ea mollo le sebabole, ba bangata ba ntse ba khomaretse tumelo ea hore lihele ke sebaka sa sebele sa tlhokofatso. Albert Mohler oa Southern Baptist Theological Seminary ea Louisville, Kentucky, U.S.A. o re: “Mangolo a bolela ka ho hlaka hore lihele ke sebaka sa sebele sa tlhokofatso ea mollo.” Athe tlaleho ea The Nature of Hell, e lokisitsoeng ke Evangelical Alliance Commission, e re: “Lihele ke boikutlo ba ho lahloa le ho hlokofatsoa.” Ea phaella: “Liheleng ho na le maemo a kotlo le tlhokofatso a itšetlehileng ka hore na libe tse entsoeng lefatšeng li mpe hakae.”
Re sa boela re re, na lihele ke sebaka sa mollo sa tlhokofatso ea ka ho sa feleng kapa sa timetso? Kapa na ke feela boemo ba ho arohana le Molimo? Hantle-ntle lihele ke eng?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 4]
Histori e Khutšoanyane ea Mollo oa Lihele
BA IPOLELANG hore ke Bakreste ba ile ba amohela tumelo ea mollo oa lihele neng? Nako e telele ka mor’a lefu la Jesu Kreste le baapostola ba hae. Encyclopædia Universalis ea Sefora e re: “Apocalypse of Peter (ea lekholong la bobeli la lilemo C.E.) ke buka ea pele ea Bakreste [ea mangolo a neano ao e seng karolo ea Bibele] e ileng ea hlalosa kotlo le tlhokofatso ea baetsalibe liheleng.”
Leha ho le joalo, bo-Ntate ba pele ba Kereke ba ne ba sa lumellane ka lihele. Justin Martyr, Clement oa Alexandria, Tertullian le Cyprian ba ne ba lumela hore lihele ke sebaka sa mollo. Origen le setsebi se seng sa thuto ea bolumeli se bitsoang Gregory oa Nyssa ba ne ba nahana hore lihele ke sebaka sa karohano le Molimo, e leng sebaka sa ho hlokofatsoa moeeng. Ka lehlakoreng le leng, Augustine oa Hippo, o ne a lumela hore ho hlokofatsoa liheleng ho etsahala moeeng le nameng ’me ke maikutlo a ileng a amoheleha. Moprofesa J.N.D. Kelly o ile a ngola, a re: “Lekholong la bohlano la lilemo thuto e matla ea hore baetsalibe ba ke ke ba ba le monyetla oa ho phela hape ka mor’a lefu le hore mollo oo ba tla timetsoa ka oona o ke ke oa tima e ne e tletse hohle.”
Lekholong la bo16 la lilemo, bo-raliphetoho ba Baprostanta ba kang Martin Luther le John Calvin ba ne ba utloisisa hore tlhokofatso ea mollo oa lihele ke tšoantšetso ea ho phela thōko le Molimo ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, khopolo ea hore lihele ke sebaka sa tlhokofatso e ile ea khutla makholong a mabeli a latelang a lilemo. ’Moleli oa Moprostanta Jonathan Edwards o ne a tšosa Bo-ralikolone ba Maamerika ba lekholong la bo18 la lilemo ka litšoantšo tse bonahalang hantle tsa lihele.
Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a moo, malakabe a lihele a ile a qala ho kokobela le ho nyamela. U.S.News & World Report e re: “Lihele li batlile li fela lekholong la bo20 la lilemo.”
[Litšoantšo]
Justin Martyr o ne a lumela hore lihele ke sebaka sa mollo
Augustine oa Hippo o ile a ruta hore motho o hlokofatsoa moeeng le ’meleng liheleng