Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 61
  • Ke’ng se Etsahalang ha Motho a Khutlile Makhatheng a Lefu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke’ng se Etsahalang ha Motho a Khutlile Makhatheng a Lefu?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Ho Tla Etsahala’ng Haeba re ka Shoa?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lebaka Leo ka Lona Jesu a sa Kang a Potlaka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 61

Ke’ng se Etsahalang ha Motho a Khutlile Makhatheng a Lefu?

Karabo ea Bibele

Batho ba bangata ba khutlileng makhatheng a lefu ba re ba hopola moea o tsoa nameng kapa ba bona khanya e bohale kapa sebaka se botle bo hlollang. Buka ea Recollections of Death e re: ‘Ba bang ba nka hore ba bile le tokelo e ikhethang ea ho bona hore na bophelo bo joang ka mor’a lefu.’ Le hoja Bibele e sa bue ka batho ba kileng ba khutla makhatheng a lefu, e fupere ’nete ea motheo e bontšang hore seo hase se etsahalang ka mor’a lefu.

Bafu ha ba tsebe letho.

Bibele e re bafu “ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Ha re e-shoa, ha re fetele sebakeng se seng, empa re khaotsa ho ba teng. Thuto ea hore re na le moea o sa shoeng o tsoelang pele o phela ha ’mele ea rōna e shoa, ha e ea thehoa Bibeleng. (Ezekiele 18:4) Kahoo, lintho leha e le life tseo batho ba khutlileng makhatheng a lefu ba li hopolang, ha li bontše se etsahalang leholimong, liheleng kapa ka mor’a lefu.

Lazaro o ile a re’ng ka bophelo ka mor’a lefu?

Tlaleho ea Bibele e bontša hore Lazaro o ne a hlile a shoele: Jesu o ile a mo tsosa bafung ka mor’a matsatsi a mane. (Johanne 11:38-44) Haeba Lazaro a ne a phela sebakeng se itseng ka mor’a hore a shoe, e ne e tla ba ketso e sehlōhō hore Jesu a mo khutlisetse bophelong. Leha ho le joalo, Bibele ha e bontše hore Lazaro o ile a bua letho ka bophelo ka mor’a lefu. Ha ho pelaelo hore Lazaro a ka be a ile a bua ka taba eo haeba a ne a phetse ka mor’a lefu. Re lokela ho hlokomela hore Jesu o ile a tšoantša lefu la Lazaro le boroko, e leng se bontšang hore ha Lazaro a ntse a shoele, o ne a sa tsebe letho.​—Johanne 11:11-14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela