Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 7/8 maq. 22-24
  • Sephiri se Senotsoe!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sephiri se Senotsoe!
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moea—Tlhaloso ea Bibele
  • Plato le Moea
  • Moea ho Latela Bibele
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Pono ea Hao ka Moea e Ama Bophelo ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Moea ke Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na U na le Moea o sa Shoeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 7/8 maq. 22-24

Sephiri se Senotsoe!

BATHO ba bangata ba lumela hore lefu ha se qetello ea bophelo ba motho ba bolela hore kamor’a lefu la sebele ho na le ho hong ho salang ho phela. Hangata hona ho hlalosoa e le moea.

Ha makasine oa The Straight Path o arabela potso: “Re tseba joang hore Ruh [moea] o tsoa ’meleng ha o le lebitleng?” o re: “Lefu ke ho tsoa ha moea. Hang ha moea o tsoile ’meleng o fetisetsoa Barzakh (nako kamor’a lefu). . . Lebitla ke polokelo ea ’mele feela, e seng ea moea.” Tsena ke likarabo tsa Mamoseleme, empa li fapane hanyenyane le lithuto tsa Bokreste-’mōtoana.

Ka mohlala, lipotso tse peli ho A Catechism of Christian Doctrine, bukana e sebelisoang likolong tsa Roma e K’hatholike Brithani, li re:

P. “Moea oa hao o joang ho Molimo?”

K. “Moea oa ka o tšoana le oa Molimo hobane ke moea, ’me ha o shoe.”

P. “U bolela’ng ha u re moea oa hao ha o shoe?”

K. “Ha ke re moea oa ka ha o shoe, ke bolela hore moea oa ka o ke ke oa shoa.”

Le hoja bana ba ka rutoa ho lumela sena, bukana ha e fane ka mabaka a tšehetsang lipolelo tseo.

Leha ho le joalo, ho na le mohloli oa boitsebiso o re bolellang ka ho nepahetseng seo moea e leng sona. Mohloli oo ke Bibele, buka e nang le lilemo tse ngata. U ka ’na ua makatsoa ke seo e se bolelang.

Moea—Tlhaloso ea Bibele

Genese, buka ea pele ea Bibele, e re fa tlaleho ea pōpo ea motho le libōpuoa tse ling tse phelang lefatšeng la rōna. E ne e ngotsoe ka Seheberu, ’me likhaolong tse peli tse qalang, lentsoe “moea” le fetoletsoe ho tsoa ho ne’phesh, le hlahang ka makhetlo a mane, empa leha ho le joalo ka lekhetlo le leng le bolela motho. Maemong a mang mantsoe aa a supa eng? A re boneng.

“’Me Molimo oa tsoela pele ho bōpa liphoofolo tse khōlō tsa leoatle le moea [ne’phesh] o mong le o mong o phelang o tsamaeang, oo metsi a o ntšitseng ho ea ka mofuta oa oona, le libōpuoa tsohle tse nang le mapheo tse fofang ho ea ka mofuta oa tsona.”—Genese 1:21, NW.

“Ho liphoofolo tsohle tse hlaha tsa naha le libōpuoa tsohle tse fofang tsa maholimo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsamaeang lefatšeng tse nang le bophelo joaloka moea [ne’phesh] ke li neile limela tsohle tse tala e le lijo.”—Genese 1:30, NW.

“Joale Jehova Molimo o ne a ntse a bōpa ka mobu liphoofolo tsohle tse hlaha tsa naha le libōpuoa tsohle tse fofang tsa maholimo, ’me a simolla ho li tlisa ho motho ho bona hore na e ’ngoe le e ’ngoe o ne a ka e bitsa eng; ’me seo motho a neng a tla e bitsa sona, moea [ne’phesh] o mong le o mong o phelang, e ne e tla ba lebitso la eona.”—Genese 2:19, NW.

Papiso e potlakileng ea litemana tsena tse tharo e senola hore ne’phesh e sebelisoa ho hlalosa mefuta eohle ea bophelo ba liphoofolo.

Joale bapisa sena le tlaleho ea Bibele ea pōpo ea monna oa pele, Adama:

“Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea eba moea o phelang [ne’phesh].”—Genese 2:7.

Ha Mokhatlo oa Khatiso oa Bajode oa Amerika, phetolelong ea Torah, libuka tsa pele tse hlano tsa Seheberu, o hlalosa sena, o re: “Bibele ha e bolele hore re na le moea. ‘Nefesh’ [ne’phesh] ke motho ka boeena, ho batla ha hae lijo, mali a leng methapong ea hae, botho ba hae.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka ho utloahalang, sena se etsoa ke mefuta eohle ea bophelo e hlalositsoeng e le “moea.” Ha e na meea. Tsohle ke meea.

Plato le Moea

Khopolo ea moea o tsoang ’meleng kamo r’a lefu e qalehile kae? The Jewish Encyclopedia e qotsitsoeng pelenyana, e hlalositse: “O qalile feela kamor’a hore Bajode ba kopane le likhopolo tsa Bapersia le Magerike tse hlalosang hore moea o tsoa ’meleng, o na le botho ba oona.”

Esita le pelenyana historing ea batho, Baegepeta ba ne ba lumela ho se shoe ha moea oa motho le hore o ka boela oa khutlela ’meleng oa oona o shoeleng. Ka lebaka leo Baegepeta ba kena mosebetsing o moholohali oa ho boloka bafu ba bona ka ho noka litopo tsa bona ka meriana e itseng kapa ka ho li hlamisa.

Ka ho thahasellisang, Evangelischer Erwachsenenkatechismus (Katismane ea Baevangeli ea Batho ba Hōlileng) e ncha ea Malutere a Jeremane e lumela pepenene hore mohloli oa thuto ena ea hore moea oa motho ha o shoe ha o eo ka Bibeleng empa “mofilosofi oa Mogerike Plato (427-347 B.C.) o lumetse ka ho hatellang hore ho na le phapang mahareng a ’mele le moea.” E tsoela pele: “Liithuti tsa Boevangeli tsa mehleng ena li belaela kamano ena ea Segerike le lithuto tsa Bibele. . .Li latola ho arohana ha motho ho ba ’mele le moea.”

Joale, ho etsahala joang ka moea oa motho lefung? Tabeng ena mohloli oa rōna o moholo ke Bibele, Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. E bolela ka ho hlakileng: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, ’me ba ke ke ba hlōla ba nka moputso lefatšeng, hobane lebitso la bona le lebetsoe.” (Moeklesia 9:5) Ha Jesu a bua ka “tsoho,” o itse: “Hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng [a khopotso] ba tla utloa lentsoe la hae [Jesu]; ’me ba tla tsoa ho oona.”—Johanne 5:28, 29, bapisa NW.

Kahoo bafu ba hokae? Ba mabitleng, “mabitleng a khopotso,” ke hore, khopolong ea Molimo moo ba emetseng tsoho. Tsoho? Hoo ho bolela eng? Tšepo ke ea sebele hakae? Sehlooho se qetelang se fana ka phihlelo ea sebele kotsing ea koloi haufinyane Engelane.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

Lentsoe “meea,” le sebelisoang le le ka bongateng, le boetse le hlaha ho Genese, khaolo 1, litemana 20 le 24, New World Translation.

Katisemane ea Luthere e lumellana le Bibele, ha e re: “Kaha motho ka boeena ke moetsalibe, lefung o shoa ka ho feletseng. Hammoho le ’mele le moea (lefu le phethahetseng). . . . Mahareng a lefu le tsoho ho na le lekhalo; motho o tsoela pele ho phela hamolemo khopolong ea Molimo.”

[Lebokose se leqepheng la 22]

Na u Ne U Tseba?

Ha ho moo re balang ka “moea o sa shoeng” ka Bibeleng. Mantsoe ana ha a kopane. Mantsoe “e sa shoeng” le “ho se shoe” a hlahella feela ka makhetlo a tšeletseng, kaofela mangolong a moapostola Pauluse. Ha a sebelisoa ho batho, mantsoe ho se shoe a hlalosoa e le mpho, kapa moputso, o lokelang ho fuoa ba 144 000 feela, ba lopolotsoeng lefatšeng ba tla busa le Jesu Kreste leholimong. Ha se lefa la batho bohle.—-1 Ba-Korinthe 15:50-54; Tšenolo 5:9, 10; 14:1-4; 20:6.

[Lebokose se leqepheng la 23]

Mohloli Ofe?

“The Concise Oxford Dictionary” e hlalosa “moea” e le: “Bomoea kapa karolo ea motho e sa shoeng, e salang e phela kamor’a lefu.” Tlhaloso ena e totobatsa khopolo ea hore bophelo kamor’a lefu ka “moea” e sala e le sephiri sa bolumeli. Ha ho mohloli o ka netefatsang sena. Ho ena le hoo, mohloli o phahameng ka ho fetisisa, Bibele, o re: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.”—Ezekiele 18:4

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

‘Moea’ oa molimo oa Baegepeta, o tšoantšelitsoeng ka ’mele oa motho le hlooho ea phakoe, oo ho boleloang hore ‘o etela setopo sa oona lebitleng’

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Ka tumello ea Polokelo ea Lintho tsa Khale ea Brithani, London

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela