Tokelo ea Molao ea ho Nka Ngoana—Na Bolumeli e Lokela ho ba Bothata?
KARON “o rata bana ’me o leka ho ba hlokomela ka ho nepahetseng. Leha ho le joalo, lintho tseo a li lumelang joaloka Paki ea Jehova li tla pele, ’me ka liketso tsa hae le lintho tseo a li lumelang o beha bophelo bo botle, katleho le lithahasello tse molemohali tsa bana kotsing.”
Polelo ena e entsoeng ke moahloli oa potoloho oa lekhotla la molao e ile ea utloisa Karon bohloko haholo. E ne e bolela hore o lahlehetsoe ke tokelo ea molao ea nka bana ba hae ba babeli ba banyenyane—e mong e le lesea la likhoeli tse 11. Monna oa hae, eo pele ba hlalana a neng a soma, “U khetha Lipaki tsa Jehova kapa ’na!” joale ke eena ea neng a abetsoe tokelo ea molao ea ho nka bana. Karon o ne a ka bona barali ba hae ka mafelo-beke feela.
“Ramolao oa ka o ne a ntiiselitse hore bana ba ka ba ke ke ba nkuoa ho ’na ka lebaka la bolumeli ba ka empa ba ne ba lokela ho hlahisa bopaki bo mpontšang ke le ’me ea sa tšoanelehang haeba ba nka bana,” ho hlalositse Karon, ’mè oa lelapa oa naha ea Missouri, United States. “Ke ne ke ferekane.” Hona ha ho makatse kaha ho ne ho fanoe ka bopaki bo ke keng ba latoloa ka lekhotleng la molao ba hore ke ’mè ea lerato eo kamehla a ‘qetang nako ea bohlokoa le barali ba hae.’
Joale, ha Karon a lokela ho etela barali ba hae o ne a tlameha ho tsamaea lik’hilomithara tse 160. “Kamehla ha ke ne ke se ke tsamaea, batsoali ba monna oa ka oa pele, ba neng ba lula le barali ba ka, ba ne ba lokela ho ba hula maotong a ka hore ke tsebe ho tsamaea,” ho hopola Karon. “Ba ne ba raha ’me ba lla, ‘Ke hobane’ng ha re sa ee hae le uena?’ Ho na le linako tseo ke neng ke lokela ho emisa ka thōko tseleng ka lebaka la likeleli tsa ka ’me ke rapele Jehova hore a mphe matla.” Karon o ile a ipiletsa lekhotleng le phahameng la molao.
Qetong e kopanetsoeng, baahloli ba tšeletseng ba Lekhotla le Phahameng la Molao la Missouri ba ile ba khutlisetsa barali ba hae ho eena. Moahloli e moholo oa lekhotla la boipiletso John Bardgett o ile a “bua ka kholiseho e tiileng hore lekhotla la linyeoe le ne le fositse” ka ho etsa qeto ea hore “litho tsa bolumeli ba Lipaki tsa Johova, e le sehlopha le ka lebaka la litumelo tsa bona, ha li tšoanelehele ho ba le tokelo ea molao ea nka bana.”a
Makhotla a mang a manyenyane a molao Australia, Rephabliking e Kopaneng ea Jeremane, Japane, Canada, Afrika Boroa, le linaheng tse ling le ’ona a hanne ho abela batsoali tokelo ea molao ea ho nka ngoana ka baka la litumelo tsa bona. Leha bongata ba liqeto tsena li fetotsoe ka ho feletseng ke makhotla a phahameng a molao, ho hloka toka ho joalo ho ntse ho tsoela pele.
Batsoali ba haneloang ho neoa tokelo ea molao ea ho nka ngoana le bona e ’nile ea e-ba bahlaseluoa ba leeme la bolumeli. Moahloli e mong oa lekhotla le lenyenyane la molao Massachusetts o ile bohōleng ba ho ahlola ka hore ha ntate a etile “ha a lokela ho bala Bibele le bana kapa ho ba isa litšebeletsong tsa kereke (kapa ho ba balla Melao e Leshome).”# Mongoli e mong oa likoranta o hlalositse: “Taba ena e ka u tšehisa—kantle feela le haeba litumelo tse kopanyelletsoang e le tsa hao.”
E, ho thoe’ng haeba e ne le litumelo tsa hao? Ho hobe hore lekhotla la molao le etse liqeto tse ahlolang likamano tsa bolumeli ba motsoali. “Ba bang ba sa tsotelleng hakaalo ka Lipaki tsa Jehova ba ntse ba ipotsa haeba lekhotla la molao le na le tokelo ea ho bolella ntate hore a se ke a balla bana ba hae Melao e Leshome kapa Bibele,” ho tlalehile Los Angeles Times.
Sena se phahamisa potso ea hore, Ke ho fihlela bohōleng bofe ’Muso o lokelang ho itšunya litabeng tsa botho tsa baahi ba ’ona? Ha e le hantle, mohlalosi e mong oa molao o lemositse hore liketso tse joalo li ka “fella ka hore bana ba hōlisoe ka litekanyetso tsa molao o ntšoang ke lekhotla la linyeoe ho e-na le melao e theiloeng ea bolumeli.” Na u ne u ka rata hore moahloli, mohlomong oa bolumeli ba mofuta o mong, a u etsetse qeto tabeng ee?
Lekhotla la Molao le Bolumeli
Makhotla a molao ka boona a hlokometse hore ho na le boitsebiso bo fokolang haholo bo fumanehang bolumeling bakeng sa lipatlisiso tsa molao. Ha Moahloli Jeffers oa Lekhotla le Phahameng la Molao la Naha ea Washington a hlalosa nyeoeng e ’ngoe o itse: “Ha re belaelle tokelo ea naha ea ho felisa liketso tsa bolumeli tse leng kotsi boitšoarong, ’me mohlomong le tse seng ntle tšireletsehong ea sechaba, bophelong bo botle le tsamaisong e ntle ea sona, empa ho fihlela ha joale joaloka ha ho bonahala bopaking ba nyeoe ena, ho ea kamoo re bonang kateng, lithuto tsa Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa liheloa sehlopheng leha e le sefe sa tsona.”b
Ka lebaka leo, ha liketso tsa bolumeli li se kotsi “tšireletsehong ea sechaba, bophelong bo botle le tsamaisong e ntle ea sona” kapa ho se na “qeto e theiloeng ’neteng ea hore katleho ea nakoana ea ngoana e tla ntšoa kotsi hang-hang le ka mokhoa oa sebele ke ketso ea bolumeli,” joale lekhotla la molao ka ho loketseng ha le ea lokela ho emela bolumeli ba motsoali leha e le ofe. Lekhotla la Boipiletso la Molao la Ontario, Canada, le boletse ka bokhutšoane: “Lekhotla la molao ha le na tokelo ea ho etsa qeto ka malumeli a mabeli.” Ho hanela tokelo ea molao ea ho nka ngoana ka lebaka la mohau o joalo ke “kotlo e boima [bakeng sa motsoali] ho e lefa ka lebaka la litumelo tsa bolumeli ba hae, tse sa hananeng le molao kapa tse nang le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro.”#
Ka linako tse ling, “litsebi” tse nang le leeme tsa bolumeli li sebelisitse khethollo. Nahana ka bopaki ba setsebi se seng: “Ke re ha ho hotle hore ngoana a hōlisoe e le Paki ea Jehova. . . . Ha a phela mokhatlong ona oa batho, o lokela ho itloaelanya le litloaelo tse sebelisoang ke batho bohle. O hōlela naheng eo e seng ea Lipaki tsa Jehova. Haeba boholo ba baahi ba naha eo e ne e le Lipaki tsa Jehova, re ne re sa tl’o ba le bothata.”
Haeba keletso e joalo e ne e lateloa, ho ne ho tla bolela hore motsoali leha e le ofe oa bolumeli bo sa atang o ne a tla haneloa ho neoa tokelo ea molao ea ho nka bana ba hae! Hoa tšosa hore baahloli ba bang naheng ea Florida ba ile ba susumetsoa ke bopaki boo ha ba hanela ’mè e mong ka tokelo ea molao ea ho nka morali oa hae ea lilemo tse ’ne ho sa tsotellehe bopaki bo neng bo ke ke ba latoloa ba hore morali o ne a “khomaretse haholo ho ’m’ae.”
Ka ho utloahalang, Moahloli Baskin o ile a hana ho amohela qeto ena e hlokang toka e fihletsoeng ke baahloli ba bang ba babeli Lekhotleng le Phahameng la Molao la Setereke sa Florida (Third District). Moahloli Baskin o hlalositse: “Se hlahellang tlalehong ke leeme la botho la litsebi khahlanong le bolumeli ba ’mè. Ho se hlomphe ha bona bolumeli ba ’mè enoa ho ba susumelelitse ho nahanela kotsi e ka hlahelang ngoana kamoso le hoja ho se bopaki bo teng ba kotsi e joalo. Ho hlakile hore lekhotla la molao le ne le sa susumetsoe ke taba eo le neng le lokela ho e hlahloba . . . ’me kahlolo ea lona ha ea lokela ho ema.”c
Se entsoeng ke lekhotla lena la molao United States se tšoana hantle le se neng se etsoe naheng ea bompoli nakong ea puso ea Hitler. Ka 1937 lekhotla la molao la setereke la Nazi Jeremane le ile la ntša bana malapeng a bolumeli bo sa rateheng. Sena se ile sa lokafatsoa joang? Lekhotla la molao le tlalehile: “Haeba batsoali ka mohlala oa bona ba ruta bana thuto ea bophelo e hananang le likhopolo tseo bongata ba batho ba li khomarelang, joale sena se thea tšebeliso e mpe ea tokelo ea molao ea ho nka ngoana ... [kahoo] tšusumetso ea thuto e mpe ea batsoali [e tlameha] ho felisoa le ho robjoa.”d
Bana ba Atleha
Na bana ba hlokofala maikutlong ha ba kopana le batho ba sa rateheng? Tabeng ea Karon, e boletsoeng pelenyana, moahloli oa lekhotla la molao o lekanyelitse hore “ho hōla ha barali ba hae e le baahi ba nang le boikarabelo” le ‘ho itloaelanya le sekolo le batho’ ho tla sitisoa ka hore ba hōlisetsoe bolumeling ba ’m’a bona bo sa rateheng. Na o ne a nepile? Joale hlokomela boemo lilemo tse leshome tse latelang.
Likarete tsa sekolo tsa barali, bao hajoale e leng Lipaki tse mafolofolo, li bontša hantle le ka ho hlaka. Karete ea Monica ea lilemo li 11, e nang le matšoao a phahameng lithutong, e tlalehile hore ‘Ho Hōla Bothong le Kahisanong’ ho ne ho “khotsofatsa.” Tichere ea hae e ne e ngotse kareteng: “Monica ke ngoana ea ratehang le ea ka tšeptjoang. Ke thabile ha a le ka klaseng ea ka.” Morali e mong oa Karon, Shelly ea lilemo li 13, o fumane khau e tsoang ho mopresidente oa United States bakeng sa “Ho Finyella Matšoao a Phahameng Lithutong.” Hape o ile a khethoa ho ba “Moahi oa Khoeli” ka lebaka la “likamano tsa hae tse ntle le matichere le liithuti, le litloaelo tse ntle tsa ho ithuta.” Na bana baa ba bonahala e le ba sa hōlisoang hantle?
Ho emela ha motho litumelo tsa hae ho aha botho bo botle le kelello e matla. Moahloli e Moholo Struckmeyer oa Lekhotla le Phahameng la Molao la Arizona, nyeoeng e ’ngoe ea tokelo ea molao ea ho nka ngoana eo ho eona Paki e neng e ameha, o hlalositse: “Rea hlokomela hore ho kheloha mokhoeng o tloaetsoeng hangata ho tlisa litšeho le ho songoa. . . . Ho soma ho bea botho ba e mong tekong e khōlō. Ho lumellana ka hohle le mehopolo ea ba bang ho khina matla a bohlale ’me ho hlahisa tšenyeho. Ho li lumella ho felisa bohlale bo laolang tšenyeho.”e
Ka sebele, bana ba rupeloang ho tloha bonyenyaneng ho emela litumelo tsa bona ba ithuta ho sebelisa likelello tsa bona. Ho e-na le ‘ho khina matla a bohlale ba bona,’ thupelo ena e molemo haholo, joaleka ha ho bontšitsoe ke phello e makatsang ea tlhahlobo ea bacha ba lilemo li 12 ba 394. “Palo e khōlō ea bana ba neng ba e-na le matla a phahameng a ho nahana e ne e le Lipaki tsa Jehova,” ho senotse babatlisisi ba Australia. “Ngoanana ea fumaneng matšoao a phahameng tekong [ea matla a ka bang teng a ho nahana], le ngoanana eo e neng e le eena ngoana feela, e bang ke ngoanana kapa moshemane, ea neng a tla kopanyeletsoa tlhōlisanong ea ba fumanang karolo ea 20 lekholong e neng e e-na le liteko tse hlano, e ne e le Lipaki tsa Jehova.”—Journal of Personality, March 1973.
Ke ka lebaka la litumelo tsa bolumeli ba bona hore batsoali bao e leng Lipaki tsa Jehova ba nke ka botebo tlhoko ea bona ea ho “rata bana” le ho ba khothaletsa litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro. (Tite 2:4, 5) Makhotla a mangata a molao a hlokometse ho tsotella ho joalo ho nang le boleng. Ka mohlala, nyeoeng ea ho neoa tokelo ea molao ea ho nka ngoana ea 1986 Muscatine, Iowa, U.S.A., ntate e mong oa setsebi ea neng a bitselitsoe ho tla fana ka bopaki o ile a qala ka ho bua bolumeli ba ’mè oa Paki hampe. Moahloli Briles o ile a ema a sa nke lehlakore, a bolela: “Lekhotla le ke ke la nka lehlakore.”
Leha Moahloli Briles a ile a fa ntate tokelo ea molao ea ho eta ka nako e sa lekanyetsoang, o ile a abela ’mè tokelo ea molao ea ho nka ngoana joaleka ha a boletse: “Lekhotla le khotsofetse hobane bana bana ba tla hōla ba thabile haeba ba fuoa [’mè], le hoja bolumeli ba hae bo bonahala bo se sehlopheng sa malumeli a maholo a Amerika. Hape Lekhotla le khotsofetse hobane ho tlosa bana bana leratong, tšireletsong le tlamong ea tlhokomelo ea boleng bo joalo ho tla ba kotsi lithahasellong tse molemohali tsa bana.” Qeto ena e ile ea tiisoa ke Lekhotla la Boipiletso la Molao Iowa.f
Na Liphapang tsa Bolumeli li Ferekanya Bana?
Tsekong e ’ngoe ea ho neoa tokelo ea molao ea ho nka ngoana, phihlelo ea Julie e tiisa bohlale ba qeto e kaholimo. Julie o ne a khona ho etela batsoali ka bobeli, ba hlalaneng ha a ne a le lilemo tse tšeletseng. Joale ha a le lilemo li 20 oa hlalosa: “Ke nahana hore e bile monyetla o motle. Ke ile ka iponela ka mahlo phapang pakeng tsa Bok’hatholiki le Lipaki. ’Na le moena oa ka re ne re ea Holong ea ’Muso le ’Mè, empa ka Lisontaha re ne re ea kerekeng le Ntate hobane re ne re lula le eena ka mafelo-beke.”
Ekasita leha bana ba joalo ba pepeselitsoe maikutlong a loantšanang a bolumeli, ho hlokometsoe hore ha ba utloisoa bohloko haholo ke liphello. Tlhahlobo e entsoeng ke ’matlisisi oa Canada James Frideres e qetile ka hore: “Ha ho na phapang e khōlō pakeng tsa bana ba tsoetsoeng ke batsoali ba tsoang malumeling a mabeli a fapaneng le bana ba tsoetsoeng ke batsoali ba tsoang bolumeling bo le bong. Lipalo-palo tse mabapi le ntlha ena ha li tiise patlisiso ea pele e neng e hlalosa hore bana ba tsoetsoeng ke batsoali ba tsoang bolumeling bo le bong ba tla ‘tsitsa’ haholoanyane kelellong.”—Jewish Social Studies, 1973.
Ngoana o na le tokelo ea ho utloisisa lipono tsa bolumeli ba batsoali. Ha a hōla, a ka iketsetsa khetho. Tabeng ea Julie, lekhotla la molao le ile la boloka boemo ba lona bo loketseng bo sa nkeng lehlakore bolumeling ’me la lebisa tlhokomelo lithahasellong tse molemohali tsa ngoana. Toka e etsoa ha lekhotla le lumella bana ho amohela keletso e tsoang ho batsoali ka bobeli ’me qetellong ba iketsetsa liqeto tsa bona litabeng tsa bolumeli. Ke hantle hakaakang haeba makhotla a molao a ka boloka boemo bona!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Waites v. Waites, 567 S.W.2d 326 (Mo. 1978).
b Felton v. Felton, 383 Mass. 232, 418 N.E.2d 606 (1981).
c Stone v. Stone, 16 Wash. 2d 315, 133 P. 2d 526 (1943).
d Osier v. Osier, 410 A. 2d 1027 (Me. 1980); In re Custody of lnfants Bennett, (1952) 3 D.L.R. 699 (Ont. Ct. App.); Quiner v. Quiner, 59 Gal. Rptr. 503 (Ct. App. 1967).
e Mendez v. Mendez, 85-2807 (Fla. Dist. Ct. App. April 28, 1987).
f Lekhotla la Setereke, Waldenburg, Silesia, September 2, 1937. (VIII, 195) Mantsoe a qotsitsoeng ho Deutsche Justiz (Koranta ea ’Muso ea Tsamaiso ea Molao Jeremane) November 26, 1937.
Smith v. Smith. 90 Ariz. 190, 367 P.2d 230 (1961).
In re Deierling, No. 36 651, (Scott County Dist. Ct. Nov. 12, 1986), affirmed, 421 N.W.2d 168 (Iowa Ct. App. 1988).
[Lebokose le leqepheng la 7]
Na Litumelo Tsa Lipaki Tsa Jehova li Kotsi?—Molao oa Bua
◼ “Ha ho na bopaki ba motheo boo ho bona ho ka etsoang qeto ea hore ho hōlisetsa bana ba babeli [bolumeling] ba Lipaki tsa Jehova ho pakiloe ho le kotsi bophelong ba bona bo botle ba ’mele le boemong ba bona ba maikutlo.”—Koerner v. Koerner, No. 002 793 (Conn. Lekhotla le Phahameng la Molao, October 2, 1979).
◼ “Ha ke nahane hore ba tla utloisoa bohloko ke ho ba le ntat’a bona tšebeletsong ea tšimo. . . . Ha ke e-s’o ka ke tseba ho fumana bopaki nyeoeng ena bo ka nkholisang hore Paki ea Jehova, ka bolumeli ba eona, e senya khotso ea rōna ea kahisano.”—Evers v. Evers, 19 F.L.R. 296 (Lekhotla le Phahameng la New South Wales, Australia, 1972).
◼ “Ho hanela Mofumahali Ayers ka tokelo ea molao ea ho nka bana .. .ho tla tšoana le ho bolela hore bophelo bo pheloang ke batsoali bao e seng Lipaki tsa Jehova bo botle ho feta bo pheloang ke Lipaki tsa Jehova; le hore Lipaki tsa Jehova ha se batsoali ba loketseng. Hoa utloahala hore tlhaloso e joalo ha ea loka ’me e tla be e le ho bea moeli o ke keng oa mamelloa tokolohong ea bolumeli.”—Ayers v. Ayers, (Lekhotla la Naha la British Columbia, Canada, Lefapha la Lelapa, April 8, 1986).
[Lebokose le leqepheng la 9]
Na Bana ba Amohuoa ho Hong?
Quebec, Canada, ntate e mong o boletse hore bana hae ba amohuoa ho hong le hore ba tšoeroe hampe maikutlong ke litumelo tsa mosali oa hae oa pele, eo e neng e le Paki. O ile a kōpa lekhotla ho kenella. Bana ba ile ba lokela ho fana ka bopaki. Hlokomela likarabo tsa morali oa hae ea lilemo li 16:
P.: U phela bophelo bofe u le Paki?
K.: Ke nahana hore ke phela bophelo bo tšoanang le ba bacha ba bang ba ka tlase ho lilemo tse 20. Ha kea amohuoa letho. Ha ke inke ke fapane le batho ba bang.
P.: Ke eng seo u se fumanang libokeng Holong ea ’Muso?
K.: Pele, li mpha pakane bophelong. Ke tseba moo nka theang bokamoso ba ka teng ho ea ka litumelo tsa ka. Sa bobeli, ke na le metsoalle e mengata moo, eo nka thabelang botsoalle le eona.
P.: Na liboka tsa hao lia u thusa mabapi le sekolo?
K.: E, hobane libokeng re fana ka puo ea metsotso e mehlano ka pel’a batho. Sekolong ha re e-na le nehelano ea molomo, liithuti tse ngata lia tšoha. Empa ka hobane ke nehelana ka lipuo tse joalo, ke utloahala joaloka motho ea nang le phihlelo.
“Phello ea bolumeli bo joalo ke efe?” ho botsitse moahloli ha a etsa qeto. “Lekhotla la molao le fumane lintho tsa sebele ho e-na le bopaki boo [ntate] a neng a batla ho bo hlahisa tsekong ea hae.” Kamor’a ho liha kahlolo e emelang ’mè oa Paki, moahloli o ile a bolella babuelli ba lekhotla ka lekunutung, “Ke lakatsa eka nkabe ke e-na le bana ba joalo!”
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ka lebaka la bolumeli ba hae, Karon pele o ile a haneloa tokelo ea molao ea ho nka barali ba hae ba babeli