Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 10/8 maq. 20-22
  • Lipaki tsa Jehova ‘Li Isoa Makhotleng a Molao’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipaki tsa Jehova ‘Li Isoa Makhotleng a Molao’
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litaba tsa Tokelo ea Molao ea ho Nka Ngoana
  • Taba ea Mali
  • Ho Loanela Bolokolohi ba Borapeli
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • ‘Ho Sireletsa le ho Theha Litaba tse Molemo ka Molao’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Tokelo ea Molao ea ho Nka Ngoana—Na Bolumeli e Lokela ho ba Bothata?
    Tsoha!—1988
  • Baboleli ba ’Muso ba Isa Linyeoe Tsa Bona Khotla
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 10/8 maq. 20-22

Lipaki tsa Jehova ‘Li Isoa Makhotleng a Molao’

BOKRESTE bo ’nile ba thulana le khanyetso haesale bo thehoa. Ha Jesu a neha barutuoa ba hae litaelo o ile a hlokomelisa: “’Me le tsohele batho masene; hobane ba tla le isa khotla, ba le shape masynagogeng a bona. Hape, le tla isoa pel’a babusisi, le pel’a marena, ka baka la ka, le be lipaki tsa ka ho ’ona le ho lichaba.” (Mattheu 10:17, 18) Kajeno linaheng tse ngata, ho hanyetsoa ha ’Muso ho nkile sebōpeho se seng se bolotsana ka ho eketsehileng ho feta leqhubu le bolaeang la mahloriso le ileng la simolla nakoana ka mor’a ho bolaoa ha Jesu. Lefatšeng le rarahaneng leo re phelang ho lona, litseko tse ileng tsa phahamisoa ke bahanyetsi li feta fetela ka ’nģane ho boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso.

Litaba tsa Tokelo ea Molao ea ho Nka Ngoana

Lekhotla le leng la molao leo tse ling tsa Lipaki tsa Jehova li isitsoeng ho lona ka bongata ke lekhotla le sebetsanang le litaba tsa lelapa. Austria, Belgium, Canada, Fora, Norway, United States, le linaheng tse ling, sehlotšoana sa bahanyetsi se ile sa leka ho etsa bolumeli taba e ka sehloohong e lekanyetsang tokelo ea molao ea hore Lipaki tse tšepahalang tsa Jehova li ka nka ngoana ha li hlaloa ke balekane ba sa lumelang. Ka hobane feela e le Lipaki tsa Jehova, batsoali ba Lipaki ba ile ba lahleheloa ke tokelo ea molao ea ho nka bana ba bona.

Paki e ’ngoe e ile ea lahleheloa ke tokelo ea molao ea ho nka mora oa eona ea lilemo li tharo ’me e bile ea thibeloa esita le ho bolela lebitso la bolumeli feela nakong eo e lumelletsoeng ka molao ho etela mora oa eona. Lefapha la Litaba tsa Molao la Mokhatlo oa Watchtower le ile la etsa boipiletso ka taelo ena ’me le ile la hlōloa ke nyeoe lekhotleng la boipiletso. Joale boipiletso bo ile ba isoa Lekhotleng le Phahameng la Molao la Ohio. Ka thabo, ka April 15, 1992, lekhotla lena le ile la ntša taelo e nehang Lipaki tokoloho. Tlaleho ena ea kahlolo e maqephe a 11 e ile ea makatsa motho ea fanang ka bopaki lekhotleng la boipiletso eo ho thoeng ke setsebi, eo ha e le hantle e leng paki e khaotsoeng e ipitsang setsebi sa kelello. Lekhotla le boletse hore o “fane ka bopaki motheong oa puo eo a e ngotseng, hore ho kula kelellong ho ne ho hlile ho jele setsi har’a Lipaki tsa Jehova ho feta ho sechaba ka kakaretso. Bopaki bona e bile tlhaselo e tletseng mahlapa ho bolumeli bohle. . . . [K]aroloana ena ea bopaki ha e na moelelo.”

Lekhotla le ile la ntša taelo e ncha, la re: “[T]okelo ea molao ea ho nka ngoana e ke ke ea haneloa motsoali hobane a ke ke a khothalletsa ngoana oa hae ho lumelisa folaga, ho keteka matsatsi a tsoalo kapa ho nka karolo mesebetsing e etsoang ka mor’a lihora tse tloaelehileng tsa sekolo. Re fetola kahlolo ea lekhotla tabeng ea tokelo ea molao ea ho nka ngoana le ho mo etela hobane ke phoso hore ebe liqeto tsena li theiloe litumelong tsa bolumeli [tsa motsoali].” Ka baka leo, ’mè enoa o ile a thabela ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka April 17 hammoho le mora oa hae Holong ea ’Muso.

Lefapha la Litaba tsa Molao ofising ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower Canada le na le linyeoe tse peli hona joale ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Canada ka litseko tse tšoanang. Lekala la Austria le ile la fumana tlhōlo e hlollang nyeoeng e neng e le ka pel’a Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Batho. Ho phaella moo, Belgium, Fora le Norway li sa tsoa tlaleha litlhōlo lekhotleng la molao molemong oa Lipaki tse leng bothateng ba tokelo ea molao ea ho nka ngoana moo bolumeli e neng e le lebaka le ka sehloohong la tlhaselo. Boemong bo bong le bo bong, joalokaha Jesu a boletse, sena e bile bopaki eseng ho lekhotla feela le babuelli ba molao empa hape le ho batho kaofela ka phatlalatso e ileng ea etsoa ke khaso ea litaba.

Taba ea Mali

Taba e ’ngoe eo Lipaki li talimaneng le eona ke taba ea mali. Ho sa tsotellehe litlhōlo tsa haufinyane tsa tokoloho ea bolumeli le boikhethelo ba Lipaki tsa Jehova Lekhotleng le Phahameng la Florida, Illinois, Massachusetts, New York, hammoho le boiteko bo matla ba Lefapha la Litšebeletso tsa Lipetlele le likomiti tse ngata tsa Lipaki tsa Jehova tse kopanyang bakuli le lipetlele hohle naheng, taba ena e sa thabiseng e ntse e tsoela pele ho hlahella. Leha ho le joalo, lingaka li qala ho ithuta ka rōna, ’me lipetlele tse ling li leka ho hlokomela bakuli bao e leng Lipaki tsa Jehova kapele-pele.

Paki ea Japane e leng California e ile ea etsa hore boemo ba eona ka mali bo hlomphuoe ke lekhotla la molao la San Diego. E ne e tšoeroe ke aneurysm ea boko ’me e ne e akhehile. Medical Directive ea eona e neng e saennoe hantle le bopaki ba ngaka ea mafu a bana e ileng ea e hloma lipotso ka mokhoa o pharalletseng ka mali ha e ne e kopana le ngaka ea mafu a bana mosebetsing oa ntlo le ntlo li ne li lekane ho kholisa moahloli hore Paki e akhehileng e ne e ke ke ea amohela mali tlas’a maemo afe kapa afe.

Nyeoe ea lekhotla ea Long Island moo Paki e ileng ea tlangoa le ho tšeloa mali ha monna oa eona a tšoaroa ke mapolesa e isitsoe Lekhotleng le Phahameng la New York ke Lefapha la Litaba tsa Molao la Mokhatlo oa Watchtower. Ho ile ha etsoa qeto e tšehetsang litokelo tsa botho tsa Lipaki tsa Jehova, ’me hona joale nyeoe eo e boemong boo ho bona litho tsa lekhotla li entseng seboka ka morero oa ho nyehlisa molao. Nyeoe ea moshemane ea lilemo li 16 le ’mè oa hae lekhotleng le phahameng la Atlanta e haufi le hore ho lihuoe kahlolo ea eona. Moshemane enoa e monyenyane o ile a tlangoa le ho tšeloa mali ka lihora tse robeli. Sepetlele se ile sa batla taelo ea lekhotla e lumellang ketso ena ’me e ile ea fumanoa ka ntle le ho hlokomelisa moshemane enoa kapa ’mè oa hae. Ho na le linyeoe tse ling tse ngata tse emetseng ho hlaha ka pel’a makhotla a boipiletso le tse ling tse ncha tse hlahellang letsatsi le letsatsi. Lintoa lia hlōloa, empa ntoa bakeng sa litokelo tsa batho eona ha e fele. Lipaki tsa Jehova li talimme ho Jehova Molimo bakeng sa ho halaletsa molao oa hae tsekong ena, le hona ka nako ea hae e loketseng.

Ho tloha ka 1943 Lipaki tsa Jehova tse ’maloa United States li ’nile tsa isoa kapel’a makhotla a molao ka taba ea mosebetsi oa boboleli. Leha ho le joalo, beke le beke Mokhatlo oa Watchtower o amohela melaetsa ea thelefono e mengata le mangolo a tsoang ho lihlopha tsa baholo tse kōpang thuso ha Lipaki tsa Jehova li thulana le mathata mosebetsing oa tsona oa boboleli ba phatlalatsa. Tlaleho e ’ngoe e tsoang naheng ea Washington e bile le phello e qabolang. Mong’a ntlo ea halefileng o ile a notlella sehlopha sa Lipaki se neng se tsamaea ka koloi jareteng ea hae hore se se tsamaee ’me a bitsa mapolesa. Ho hoeletsa ha hae ka mabifi le litšoso tsa pefo ho ile ha etsa hore li lule ka koloing li khutsitse. Ha koloi ea mapolesa e fihla, ho e-na le ho tšoara Lipaki bakeng sa ho kena moo ka ntle ho tumello, mapolesa a ile a li leboha. Mapolesa a ne a belaela hore mong’a ntlo ke mophaphathehi, empa a ne a hlōleha ho kena sebakeng seo ho inoesa ka nkho. Ha e le mona eena a bitsitse mapolesa hore a tle sebakeng sa hae, a ile a netefatsa seo a leng sona ’me a mo tšoara hammoho le mosali eo a neng a lula le eena ho ba isa teronkong ha Lipaki tsona li tsoela pele ka mosebetsi oa tsona oa boboleli le oa ho ruta.

Maemo a bontša hore ho sa tla ba le litsekisano tse eketsehileng tsa lekhotla bakeng sa lithahasello tsa ’Muso. Mokhatlo oa Watchtower o ananela thahasello, kameho le lithapelo tsa Lipaki tse ngata ho pota lefatše bakeng sa ho batla tataiso le tsamaiso ea Jehova ha li sebetsana le litaba tse rarahaneng tsa molao tseo li thulanang le tsona ha li phethahatsa mosebetsi oa Molimo kajeno. Jehova o ile a bolella sechaba sa Iseraele hore se ne se ke ke sa hapa Naha e Tšepisitsoeng hang feela empa hore sena se ne se tla finyelloa “butle-butle.” (Deuteronoma 7:22, NW) Tsoelo-pele ea litokelo tsa batho ba Jehova ba mehleng ea joale ea tšoana; butle-butle li hatela pele. Ebang lia hlōla kapa lia hlōloa, ke taba e tiileng hore neng kapa neng ha batho ba Jehova ba isoa kapel’a babusi, marena, makhotla a molao kapa leha e le ho mang, sena sohle se fetoha bopaki ho bona le bakeng sa batho ba bang.

Haufinyane Jehova o tla ikhalaletsa ka ho felletseng eseng feela litabeng tse amanang le mali le tokelo ea molao ea ho nka ngoana empa le tsekong ea molao e amanang le bobusi ba hae. Nakong eo batho ba hae ba tla latsoa khotso ho bahanyetsi bohle tlas’a puso ea ’Muso—hobane Jehova ke morati oa toka.—Pesaleme ea 37:28, NW.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Moshemane e monyenyane o ile a tlangoa le ho tšeloa mali ka lihora tse robeli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela