Lithethefatsi—Li Kotsi lia Bolaea
LITHETHEFATSI—lintho tse amang boikutlo—li na le histori ea morao mehleng ea pele ea motho. Ho ile ha sibolloa lintho tsa tlhaho tse neng li sebetsana le tsamaiso ea methapo ea kutlo: joala bakeng sa ho khatholla monahano o khathetseng. Opiates bakeng sa ho kokobetsa bohloko le ho robatsa. Makhapetla a coca bakeng sa ho thethefatsa boikutlo le ho eketsa mamello.
Ke khale joala bo tsebahala. Ka Bibeleng, ho Genese 9:20, 21 re bolelloa hore “Noe a qala ho lema mobu, a hloma merara. A noa veine, a tahoa.” Ho bonahala opium e ne e tsebahala Mesopotamia ea boholo-holo ’me ho tlalehoa hore e ile ea sebelisoa ka ho pharaletseng Greece ea boholo-holo. Peyote, koae, coca, soma—li bile le karolo historing.
Lithethefatsi li fumanoe libukeng tsa litšomo. Homer o bolela ka bolebali bo ileng ba fihlela a mang a masole a Odysseus lefatšeng leo ho jeoang lotus ho lona. Lefokisi le tsebahalang tšomong Sherlock Holmes o ile a enta karolo ea 7 lekholong ea motsoako oa cocaine oo a o fumaneng “o hlasimolla kelello le ho e hlakisa”—ntlha e tšoanang le e hōlisoang ke mohlalefi oa Victoria oa libuka tsa lipale tsa sebele Sigmund Freud.
Bohlokoa ba meriana ba lithethefatsi bo ile ba hlokomeloa kapele empa, tšebeliso ea tsona e ne e sa lekanyetsoa merianeng feela. Li ile tsa sebelisoa haholo meketeng ea bolumeli. Li ile tsa sebelisoa boitekong ba ho eketsa ho ba hlokolosi, ho matlafatsa maikutlo, ho eketsa kananelo, ho fetola boikutlo, le ho eketsa lerato. Empa hape li bile le bohole bo ke keng ba lekanngoa bakeng sa tšenyo le ho baka mathata sechabeng.
Ke ho thahasellisang ho hlokomela hore lithethefatsi tse thibeloang ke molao kajeno ha se ka mehla li neng li talingoa li le kotsi bophelong le boiketlong ba motho. Ka mohlala, halofong ea lekholo la bo19 la lilemo United States, cocaine, opium, le heroin li ne li lumeletsoe ka molao ’me li fumaneha habonolo. Li ne li ka rekoa ntle le ho fumana lengolo la tumello ea ngaka leha e le kae moo ho rekisoang meriana. Tse ling li ne li sebelisoa haholo merianeng. Coca-Cola e ne e-na le cocaine ka lilemo tse 17 ho fihlela e nkeloa sebaka ke caffeine ka 1903.
Lichaba tseo kajeno li kileng tsa hatella khoebo ea lithethefatsi li ile tsa loanela ho e eketsa. Lintoa tsa Opium—lintoa tse peli tsa khoebo tse ileng tsa loanoa bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo ha Chaena e ne e leka ho emisa khoebo e seng ea molao ea opium naheng eo—e qetelletse ka tlhōlo ea Chaena ’me ha qobelloa thomello ea opium ka molao moo.
Na ke Bonokoane bo se Nang Bahlaseluoa?
Ba bang kajeno ba boetse ba buella ho lumelloa ha lithethefatsi ka molao. Ba bona sena e le tharollo mathateng a tobaneng le khoebo ea lithethefatsi tse rekisoang kantle ho molao. Ba bang ba ikutloa hore tšebeliso e “khathollang” ea lithethefatsi ke taba e kathoko le ea botho mabapi le ho sebelisa lithethefatsi joaloka mokhoa o seng kotsi. Empa na tšebeliso ea lithethefatsi tse sa lumelloang ka molao ke “bonokoane bo se nang bahlaseluoa” joaloka ha ba bang ba bolela? Nahana ka mehlala e latelang:
● Natasha Ashley ea lilemo li 26, eo e leng moimana oa likhoeli tse robeli le halofo, o buisana le motsoalle oa mosali tselaneng ea maoto karolong ea Motse oa New York e bitsoang Little Italy. Hang koloi ea kheloha tsela, ea thula basali bana ka bobeli ’me ea patiselletsa leoto la Ashley le letšehali palong ea lebone, ea le pshatla hampe ho tloha lengoleng ho ea tlaase. Leoto la motsoalle le lona le robehile. Mapolesa a fumane mokhanni ka koloing ea hae a tahiloe ke lithethefatsi, a sa ntse a tšoere nalete ea ho enta lithethefatsi ka letsohong la hae. “Ho bonahala a ile a li noa ka ho fetelletseng ha a ntse a khanna,” ho boletse mothusi oa ngaka e neng e thusa bahlaseluoa.
● Michael Perkins, ea le lilemo li 12, o shoele—o bolailoe ke mollo o sentseng ntlo eo a neng a lula ho eona. Mapolesa a bolela hore e chesitsoe ka boomo ke bareki ba lithethefatsi kamor’a hore ntat’ae a ipelaetse ka mesebetsi ea bona ea ho rekisa lithethefatsi ka tlung.
● Rosa Urena a ke ke a ea sekolong se phahameng monongoaha kapa ho nyaloa isao joale ka ha a ne a rerile. O ile a ntšoa kotsi e mpe ha a ne a robetse betheng ea hae, o ile a otloa hlohong ke kulo e sollang e ileng ea pshatla fensetere ea hae le karolo e kapele ea bethe ea hae. Barekisi ba lithethefatsi ba ile ba hlasela moaho oa hae ka likulo bakeng sa ho tseka sebaka.
● Morekisi oa lithethefatsi ea lilemo li 17 o tsoela pele ho tlatlapa batho bakeng sa ho tšehetsa tloaelo ea hae ea ho sebelisa lithethefatsi. Ha a ne a tšoaroa matsatsing a robeli hamorao, o ne a bolaile batho ba bahlano ’me a lemalitse ba bang ba tšeletseng. “Bahlaseluoa kaofela e ne e le batho ba se nang molato ba sebetsang,” ho hlokometse mookameli oa mafokisi.
Mehlala e kaholimo e mpa e le e ’maloa ea likotsi tse ngata tse etsahetseng motseng o le mong feela selemong sena. ’Me e eketseha ka lebelo le tšabehang.
U ne u tla ikutloa u bolokehile hakae tseleng ha u tseba hore karolo e ’ngoe ea bakhanni e noele sethethefatsi se sitisang kahlolo e molemo le ho sebetsa ha methapo ea kutlo? Na u ne u tla ikutloa u lokolohile ha u palama bese, sefofane, kapa terene empa u hlokomela hore ba ikarabellang bakeng sa polokeho ea hao mohlomong ba ba tlas’a tšusumetso ea lithethefatsi? “Ho se ho bile le likotsi tsa bakhanni ba lifofane ba neng ba le tlas’a tšusumetsoea ea lithethefatsi, bakhanni ba literene, bese le lilori, baetapele ba lifeme, lingaka, matichere le ba bang boholong ba bakileng boemo bo kotsi ba ‘ho ba plakeng’ [puo ea ba sebelisang lithethefatsi e bolelang ho tahoa] ha ba le mosebetsing,” ho hlokomela Manchester Guardian Weekly.
Phuputsong ea kotsi ea haufinyana ea terene ea baeti Mount Vernon, New York, ba bahlano ba balaoli ba tsamaiso ea taolo ea literene ba amehileng kotsing liteko li fumane ba e-na le lithethefatsi maling. John H. Riley motsamaisi oa Tšebeletso ea Literene o itse: “Likhoeling tse 16 tse fetileng, re bile le karolelano ea kotsi e le ’ngoe e khōlō ea terene matsatsing a mang le a mang a 10 moo ho ileng ha fumanoa joala kapa lithethefatsi, moo ho shoeleng batho ba fetang 375 kapa ba lemetse likotsing tseo. Re fumane liphello tse bontšang ho ba teng ha lithethefatsi maling kotsing e ’ngoe le e ’ngoe ho tse hlano tsa literene tseo re entseng liteko ho tsona lilemong tse peli tse fetileng, ’me karolo ea 65 lekholong ea likotsi tsa rōna li etsahetse moo mohiruoa a le mong kapa ba bangata liteko li fumaneng a e-na le joala kapa lithethefatsi maling.”
Lithethefatsi le Bonokoane
Ha ho hlokahale hore motho a palame koloi e le hore a be moo kotsi e bakiloeng ke lithethefatsi. Hangata bahlaseluoa ke batho ba leng ka har’a matlo a bona le literateng. Makhoba a mangata a lithethefatsi, a susumetsoa ke bohlokoa ba ho boloka mokhoa oa bona o bitsang chelete e ngata, e-ba linokoane—batlatlapi, masholu, le ba thuhang ka morero oa ho utsoa. “Haufinyane phuputso ea Lefapha la Toka e fumane hore karolo e makatsang ea 79 lekholong ea basireletsi ba linokoane metseng e meng liteko li fumane ba e-na le lithethefatsi maling,” ho bolela U.S. News & World Report.
Joale hangata ho ba le lintoa tsa ho thunyana mahareng a lihlopha tse loantšanang tsa lithethefatsi le mehato ea boiphetetso e nkuoang khahlanong le ba sa lefshoeng chelete ea bona. Hangata bashebelli ba se nang molato ba ameha liqhoebeshanong tsena. “Haeba ho etsahala hore ea molato le eo a batlang ho mo thunya a le har’a sehlopha sa ba bane kapa ba bang ba bahlano,” ho bolela mohlanka e mong oa ’muso, “ho malimabe ba bane kapa ba bang ba ba hlano.”
Motse-moholo oa U.S. Washington, D.C., ho bile le lipolao tse 228 ka 1987—karolo ea 57 lekholong e ne e amana le lithethefatsi. Motse oa New York o finyelletse tlhōrō ea lipolao tse 1 691, e leng karolelano ea lipolao tse 4 ka letsatsi. Karolo e fetang 38 lekholong ea lipolao e susumelelitsoe ke lithethefatsi. “Lefapha la Litima Mollo Oakland [California] le lekanyetsa hore litlaleho tse fetang 180 tsa ho chesa thepa motseng selemong se fetileng ebile ka lebaka la ntoa mahareng a lihlopha tse sebelisang lithethefatsi le bareki ba bona ba liehang ho lefa kapa baahi ba ipelaelitseng pontšeng ka khoebo e lokolohileng ea lithethefatsi, e leng mofuta o mong o matla oa cocaine,” ho bolela tlaleho ea New York Times.
Sechaba kaofela se utloa liphello tsa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi—bonokoane bo eketsehang le pefo, liphello tsa boemo bo theohileng ba tlhahiso ea moruo, likotsi tse tšabehang, bolotsana har’a batho—hammoho le ho bitsa ha tsona chelete e ngata. Empa ke makhoba a lithethefatsi ka booona a lefang moputso o phahameng haholo. Joang?
Kotsi ho ba li Sebelisang
“Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ke ntho e mpe. E ka senya kelello le ho bolaea ’mele. Ka bokhutšoanyane, ke booatla,” ke kamoo Malcolm Lawrence, eo e kileng ea e-ba mothusi ea khethehileng oa Mongoli oa ’Muso bakeng sa thibelo ea machaba ea lithethefatsi U.S. a e hlalositseng kateng. Empa ho thoe’ng ka bao ba ikhohomosang ka hore ha se makhoba a lithethefatsi ’me ba bolela hore ba ka khaotsa neng kapa neng ha ba rata? “Ke tseba batho ba sebelisitseng lithethefatsi ka makhetlo a mangata ’me ba khaolitse ho li sebelisa,” ho boletse seithuti se seng sa sekolo se phahameng.
“Ha e le hantle ha se mocha e mong le e mong ea ka khaotsang ho tsuba matekoane kapa ho qhala botlolo ea joala joaloka ha ke entse,” ho bolela eo e kileng ea e-ba lekhoba la lithethefatsi Ken Barun, ea qalileng ho tsuba matekoane ha a le lilemo li 16 ’me eaba joale o tsoela pele ho sebelisa lipilisi, lithethefatsi tse hlasimollang, heroin, le cocaine—’me o ne a sa lebella hore a ka hlola a bona letsatsi la hae la tsoalo la bo25. Empa ba bangata ba lemalla lithethefatsi, ’me ha ho motho ea ka bolelang hore na eo e tla ba mang ho fihlela ho se ho se thuso.
Bothata bo bong ke phello e tšosang ea lithethefatsi. Ka mohlala, cocaine e leng se seng sa lithethefatsi tse sebelisoang hampe, pele se etsa hore u ikutloe u le matla haholoanyane, ea leng seli haholo le ea sebete, le ea tsebang ho laola bophelo ba hae haholoanyane. Boikutlo bo monate haholo hoo bo batlang hore o leke ho li sebelisa hape. Empa ha o tsoela pele ho etsa joalo, u ikutloa hampe ha o sa li sebelise—o tepelletse, o ferekane, oa belaela ebile o tepelletse maikutlong. U hloka tse eketsehileng. Empa ho li sebelisa khafetsa ho ka tsamaisana le letoto la mathata le kopanyelletsang lefu la kelello, lipono tse ferekanyang, le ho lahleheloa ke kelello.
Bafuputsi ba fumane hore tšebeliso ea cocaine e ka lematsa pelo ka ho sa feleng ’me ea baka mafu a pelo le stroke. Len Bias, sebapali se hloahloa sa basketball se lilemo li 22 sa United States se bolailoe ke lefu la pelo le bakiloeng ke cocaine ka 1986, ’me ho boleloa hore se sebelisitse sethethefatsi sena hanngoe feela.
Crack, motsoako o ntšitsoeng ho cocaine, o mobe ka ho fetisisa. “Likotsi tse khethehileng tsa crack ka ho khethehileng li bakoa ke matla a eona a maholohali a ho taha le matla a eona a ho baka mathata a tebileng a phekolo ea bongaka,” ho bolela makasine oa bongaka Medical Aspects of Human Sexuality. Ka hobane e le theko e tlaase ’me e fumaneha habonolo, ke e ipiletsang ka ho khethehileng har’a bacha. Basebelisi ba crack ho tsebahala ba bolaile batsoali ba bona ’me le bona ba ipolaile.
“Mafu a tlalehiloeng a bakiloeng ke cocaine le likotsi tsa sepetlele li eketsehile haholo ho tloha ka 1983 ho ea ho 1986,” ho bolela tlaleho e khethehileng e tsoang ho Mohlahlobi Kakaretso oa United States. Lipalo-palo tse bokelletsoeng ke DAWN (Drug Abuse Warning Network [Letšolo la Tlhokomeliso Mabapi le Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi]) tse tsoang lipetlele le lingakeng li bontša hore keketseho ea 167 lekholong ea likotsi tsa sepetlele le keketseho ea 124 lekholong ea mafu a bakiloeng ke tšebeliso ea sethethefatsi nakong eo.
Lephello tse Kotsi ho Bacha
E ’ngoe ea liphello tse kotsi haholo ea tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ke phello eo li bang le eona. “Pale ea ho sotloa ha bana le ho se hlokomele Motseng oa New York ka 1987 ke pale ea tšebeliso e mpe ea lithethefatsi,” ho boletse tlaleho e entsoeng ke Tsamaiso ea ka Hare ea Tlhahlobo ea Mehloli ea Batho. Ho bile le litlaleho tse 46 713 tsa ho sotloa ha bana le ho hlokomolohuoa, ’me bana ba 103 ba ile ba e-shoa. Ho phaella moo, nakong ea selemo sa lichelete sa 1987, masea a fetang 2 500 a ile a hlaha a e-na le tšoaetso ea lithethefatsi. Ka lebaka la cocaine, masea a mangata a boetse a hlaha pele ho nako ea oona ’me a na le boima bo fokolang, kaha lithethefatsi li fokotsa phallo ea mali ho ea ho placenta ’me li fokotsa phepelo ea moea o hloekileng le lijo tse finyellang lesea le ka popelong. Masea a boetse ba hlaha ba e-na le kokoana-hloko e tšajoang haholo ea AIDS, e tsamaisoang ke tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ’me o e fetisetsa ho lesea le ka popelong. Bofelong ba selemo sena, masea a ka bang sekete a tšoaelitsoeng ke kokoana-hloko ea AIDS a tla be ba hlahile Motseng oa New York feela. “Re sa tsoa qalisa ho bona kotsi,” ho bolela Dr. Leonard Glass, motsamaisi oa litšebeletso tsa masea a sa tsoa hlaha Setsing sa Sepetlele sa Kings County. Masea a mararo kapa a mane a bolaoa ke AIDS sepetleleng sena sa Brooklyn khoeli e ’ngoe le e ’ngoe.
Ka lebaka la likotsi tse tjena le liphello tse bolaeang tse bakoang ke lithethefatsi, mohlomong o nahana hore lefatše le tla thibela khoebo ea lithethefatsi, ’me e tla felisoa. Joale, ke hobane’ng ha e eketseha? Na ho na le tšepo leha e le efe e larileng kapele?
[Lebokose le leqepheng la 7]
Lithethefatsi Tse Ling Tse Tloaetsoeng ho Sebelisoa Hampe
Sethethefatsi Likotsi tse ka Hlahang Likotsi tse Hlahang ha li Sebelisoa Hampe
“Opium” Ho ikutloa o phetse hantle, ho otsela, Ho felloa ke moea,
“Heroin” bolutu, ho nyekeloa ho hlatsa, ho akheha, lefu
“Barbiturates” Ho hoeleketsa, “Quaaludes” “Valium” ho lahleheloa ke kelello, ho nkoa ke maikutlo letōōpe, ho fokola
Methapo e fokolang le e otlang ka potlako
ho felloa ke moea
ho akheha, lefu
“Cocaine” “Crack” “Amphetamines” Ho ba seli ho eketsehileng le ho itšepa, ho ikutloa o phetse hantle, takatso ea lijo e fokotsehang,
Ho belaela, boikutlo bo sa tloaelehang boitšoarong
lipono
Ho hlatsa, lefu
LSD PCP Lipono tse thetsang, lipono tse ferekanyang, pono e fetohileng ka nako le bohole ba sebaka boikutlo bo sa tloaelehang
le bo kotsi
Lipale tsa nako e telele le tse matla
ho lahleheloa ke kelello, lefu
“Hashish” Matekoane Ho ikutloa o phetse hantle, takatso ea lijo e eketsehileng Mokhathala, boitšoaro bo sa
tloaelehang, ho lahleheloa ke kelello
lefu la kelello
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Masea a e-song ho tsoaloe ke bahlaseluoa ba tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ea batsoali