Kamoo Lithethefatsi Tse Seng Molaong li Amang Bophelo ba Hao Kateng
JOALOKA libōkō tse fatang maballo a ntlo, lithethefatsi li ka senya sebōpeho sohle sa mokhatlo oa batho. E le hore mokhatlo oa batho o sebetse hantle, o tlameha ho ba le malapa a tsitsitseng, basebetsi ba phetseng hantle, mebuso e ka tšeptjoang, mapolesa a tšepahalang le baahi ba mamelang molao. Lithethefatsi li senya likarolo tsena tsohle tsa motheo.
Lebaka le leng le entseng hore mebuso e thibele ho sebelisoa ha lithethefatsi tseo e seng tsa phekolo ea bongaka ke la tšenyo eo li e etsang bophelong ba ’mele ba baahi ba eona. Selemo se seng le se seng ho shoa makhoba a lithethefatsi a likete ka lebaka la tšebeliso ea tsona e tlōtseng tekanyo. A mang a mangata a bolaoa ke AIDS. Ha e le hantle, hoo e ka bang karolo ea 22 lekholong ea baahi ba lefatše ba nang le HIV ke basebelisi ba lithethefatsi ba ikentileng ka liente tse nang le tšoaetso. Ke ka lebaka le utloahalang morao tjena sebokeng sa Machaba a Kopaneng, Nasser Bin Hamad Al-Khalifa, ea tsoang Qatar, a ileng a lemosa hore “tikoloho ea lefatše lohle e kang motse e mothating oa ho ba lebitla la sechaba sa batho ba limilione ka lebaka la khoebo ea lithethefatsi tse seng molaong.”
Empa ha ho amehe bophelo ba ’mele ba ba li sebelisang feela. Hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong ea masea ’ohle a tsoaloang United States a pepesetsoa sethethefatsi se itseng se seng molaong—hangata k’hok’heine—a sa le ka pōpelong. Matšoao a bohloko a ho khoesoa tloaelong ea lithethefatsi hase bona bothata feela boo a tobanang le bona, kaha ho pepesehela lithethefatsi ka pōpelong ho ka ’na ha etsa hore masea a sa tsoa tsoaloa a hlaheloe ke liphello tse ling tse senyang—kelellong hammoho le ’meleng.
Chelete e Fumanehang Habonolo ka Lithethefatsi—Leraba le ke Keng la Qojoa
Na u ikutloa u sireletsehile tikolohong ea heno ka mor’a shoalane? Haeba ha ho joalo, mohlomong ke ka lebaka la barekisi ba lithethefatsi. Bosholu ba boqhobane le pefo e etsahalang literateng li tsamaisana le lithethefatsi. Hangata batho ba sebelisang lithethefatsi ba etsa tlōlo ea molao kapa botekatse e le hore ba fumanele temallo ea bona chelete, athe likenke tse loantšanang tsona lia loana le ho bolaea e le hore li sireletse taolo ea tsona ea kabo ea lithethefatsi. Ka ho utloahalang, metseng e mengata e meholo mapolesa a nahana hore lithethefatsi ke tsona tse tlatsetsang bakeng sa boholo ba lipolao tseo a etsang lipatlisiso tsa tsona.
Linaheng tse ling, marabele le ’ona a bone menyetla ea ho sebelisa likhoka ho iphumanela chelete khoebong ea lithethefatsi e kenyang chelete e ngata. Hona joale sehlopha se seng se seholo sa likhukhuni Amerika Boroa se fumana halofo ea chelete ea sona ka ho fana ka tšireletso ho barekisi ba lithethefatsi. Lenaneo la Machaba a Kopaneng la Taolo ea Machaba ea Lithethefatsi lea tlaleha: “Chelete e etsoang ke lithethefatsi tse seng molaong e thusa lintoeng tse ling tsa bolumeli le tsa merabe tse sehlōhō ka ho fetisisa lefatšeng.”
Tlokotsi ea ha Motho a le Tlas’a Tšusumetso ea Tsona
Batho ba sebelisang lithethefatsi ba etsa hore literata li se ke tsa sireletseha ka litsela tse ling. Michael Kronenwetter, bukeng ea hae e reng Drugs in America, o re: “Ha motho a khanna koloi a le tlas’a tšusumetso ea matekoane kapa LSD ho ka ba kotsi joalokaha a khanna a le tlas’a tšusumetso ea joala.” Ha ho makatse hore ebe batho ba sebelisang lithethefatsi le bona ba ka ’na ba ameha likotsing tse etsahalang mosebetsing ka makhetlo a mararo kapa a mane ho feta batho ba bang.
Leha ho le joalo, lapeng e ka ’na ea e-ba hona moo lithethefatsi li bakang tšenyo e khōlō le ho feta. World Drug Report e re: “Hangata bophelo bo sa tsitsang ba lelapa le ho sebelisa lithethefatsi lia tsamaisana.” Ke ka seoelo batsoali ba phathahantsoeng ke takatso ea bona e matla ea lithethefatsi ba fang bana ba bona bophelo bo tsitsitseng ba lelapa. Katamelano ea lesea le motsoali—eo e leng ea bohlokoa haholo libekeng tse qalang tsa bophelo ba ngoana—le eona e ka ba ea sitisoa. Ho feta moo, batsoali ba lemaletseng lithethefatsi ba atisa ho kena likolotong ’me ba ka ’na ba utsoetsa metsoalle ea bona le ba lelapa kapa ba qetella ba lahlehetsoe ke mesebetsi ea bona. Bana ba bangata ba hōlelang tikolohong ena ba solla literateng kapa esita le ho kenella tšebelisong ea lithethefatsi ka bobona.
Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e ka boela ea lebisa ho otleng molekane e mong oa lenyalo kapa bana. K’hok’heine, haholo-holo ha e kopane le joala, li ka hlahafatsa boitšoaro ba motho eo ha a sa li sebelisa e leng motho ea bonolo haholo. Ho latela phuputso e ’ngoe e entsoeng Canada ho batho ba sebelisang k’hok’heine, karolo ea 17 lekholong ea bao ho ileng ha buisanoa le bona e ile ea lumela hore e ba mabifi ka mor’a ho sebelisa lithethefatsi. Ka ho tšoanang, tlaleho ea ho hlekefetsoa ha bana New York City, e bolela hore karolo ea 73 lekholong ea bana ba khakhathoang ho fihlela ba e-shoa ke bana bao batsoali ba bona ba sebelisang lithethefatsi hampe.
Bobolu le Tšilafalo
Haeba lithethefatsi li ka fokolisa lelapa, li ka boela tsa fokolisa mebuso. Boemong bona ke chelete ea lithethefatsi e senyang tsamaiso, ho fapana le lithethefatsi ka botsona. Lenģosa le leng le tsoang naheng e ’ngoe ea Amerika Boroa le ile la tletleba: “Lithethefatsi li bolisitse liofisiri tsa ’muso, mapolesa le masole.” Le phaella ka ho re chelete e fumanehang habonolo ke “teko e khōlōhali” ho ba iphumanelang chelete e lekaneng feela hore ba iphelise.
Linaheng ka ho fapana, baahloli, bo-ramotse, mapolesa, esita le liofisiri tsa toantšo ea lithethefatsi ba ’nile ba kenella bobolung. Bo-ralipolotiki bao mohlomong ho khethoa ha bona ho tšehelitsoeng ka lichelete ke barekisi ba lithethefatsi tse seng molaong baa iphapanya ha ba kōptjoa ho nka mehato e matla khahlanong le khoebo ea lithethefatsi. Tse ngata tsa liofisiri tse tšepahalang tse ileng tsa loantša lithethefatsi ka sebete li ’nile tsa bolaoa ka sekhukhu.
Esita le mobu oa rōna, meru ea rōna, le mefuta ea lintho tse phelang e phelang ho eona li angoa habohloko ke tlokotsi ena e hlasetseng lefatše ea lithethefatsi. Karolo e khōlō ea tlhahiso ea opium le k’hok’heine e tsoa libakeng tse peli tseo tikoloho ea tsona e senyehang habobebe: meru e lulang e le metala ea Amazon e ka bophirimela le ea Asia Boroa-bochabela. Tšenyo ea libaka tsena e ’nile ea e-ba e khōlō. Esita le boiteko bo babatsehang ba ho felisa limela tse etsang lithethefatsi tse seng molaong bo etsa tšenyo e khōlō ka lebaka la chefo e sebelisoang ho thibela khōlo ea limela tseo.
Ke Mang ea li Lefellang?
Ke mang ea lefellang tšenyo ee eohle e bakiloeng ke lithethefatsi? Bohle rea e lefella. E, bohle re lefella tlhahiso e lahlehileng, litšenyehelo tsa phekolo ea meriana, tsa thepa e utsoitsoeng kapa e sentsoeng le tsa ho kenngoa ha molao tšebetsong. Tlaleho ea Lefapha la Bosebetsi la United States e hakanyelitse hore “ho sebelisoa ha lithethefatsi libakeng tsa mosebetsi e ka ’na eaba ho bitsa khoebo le indasteri ea Amerika chelete e pakeng tsa lidolara tse limilione tse likete tse 75 le lidolara tse limilione tse likete tse 100 [liranta tse limilione tse likete tse 450 le liranta tse limilione tse likete tse 600] ka selemo . . . bakeng sa nako e senngoang, likotsi tse hlahang le litšenyehelo tse holimo tsa tlhokomelo ea bophelo le tsa matšeliso a basebetsi.”
Qetellong chelete ena eohle e tsoa lipokothong tsa ba lefang lekhetho le bareki. Phuputso e ’ngoe e entsoeng Jeremane ka 1995 e ile ea hakanya hore ka kakaretso litšenyehelo tsa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi naheng eo ke R720 ka selemo ho moahi e mong le e mong. United States, ho ile ha hakanyetsoa e holimo le ho feta—R1 800 ho motho ka mong.
Leha ho le joalo, tšenyehelo e khōlō le ho feta ke tšenyo ea likamano eo lithethefatsi li e etsang sechabeng. Ke mang ea ka lekanyetsang ka chelete ho qhalana ha malapa a mangata hakaale, ho hlekefetsoa ha bana ba bangata hakaale, bobolu ba liofisiri tse ngata hakaale le ho shoa ha batho ba bangata hakaale pele ho nako? See sohle se bolela eng ho batho? Sehlooho sa rōna se latelang se tla hlahloba kamoo lithethefatsi li amang bophelo ba batho ba li sebelisang kateng.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
LITHETHEFATSI LE TLŌLO EA MOLAO
LITHETHEFATSI LI AMAHANNGOA LE TLŌLO EA MOLAO BONYANE KA LITSELA TSE ’NÈ:
1. Ho ba le lithethefatsi tse seng molaong le ho hoeba ka lithethefatsi ke tlōlo ea molao e etsahalang hoo e batlang e le linaheng tsohle tsa lefatše. United States feela, mapolesa a tšoara batho ba ka bang milione selemo se seng le se seng ka liqoso tsa lithethefatsi. Linaheng tse ling tsamaiso ea toka khahlanong le batlōli ba molao e imeloa ke keketseho ea tlōlo ea molao ea lithethefatsi hoo mapolesa le makhotla a sitoang ho laola boemo boo.
2. Kaha lithethefatsi li theko e boima haholo, hangata makhoba a tsona a etsa tlōlo ea molao bakeng sa ho lefella temallo eo ea ’ona. Lekhoba la k’hok’heine le ka ’na la hloka hoo e ka bang R6 000 ka beke ho lefella temallo ea lona! Ha ho makatse ha ho thuha matlong, bosholu ba boqhobane le botekatse li ata ka sekhahla ha tšebeliso ea lithethefatsi e itsetsepela sechabeng.
3. Ho etsoa tlōlo e ’ngoe ea molao bakeng sa hore khoebo ea lithethefatsi tse seng molao e khone ho tsoela pele, e leng e ’ngoe ea likhoebo tse kenyang chelete e ngata ka ho fetisisa lefatšeng. World Drug Report ea tlaleha: “Khoebo ea lithethefatsi tse seng molaong le tlōlo ea molao e hlophisitsoeng li tšehetsana ka tsela e itseng.” E le hore lithethefatsi li ’ne li phalle ka bolokolohi ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng, barekisi ba tsona ba leka ho senya ba boholong kapa ho ba tšosa. Ba bang ba bile ba na le mabotho a bona a hlometseng. Chelete e ngata ea phaello eo barekisi ba lithethefatsi ba e etsang le eona e baka mathata. Chelete ea bona e kenang e le ngata e ka ba hlahatsa habonolo haeba ho sa etsoe hore chelete eo e bonahale eka e molaong, kahoo ho hiroa libanka le babuelli ba molao hore ba pate mehlala ea tsamaiso ea chelete ea lithethefatsi.
4. Tšusumetso ea lithethefatsi ka boeona e ka lebisa tlōlong ea molao. Litho tsa lelapa li ka ’na tsa hlekefetsoa ke batho ba lemaletseng tšebeliso ea lithethefatsi. Linaheng tse ling tsa Afrika tse tlokotsing ea ntoa ea lehae, masole a bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba tahiloeng ke lithethefatsi a ’nile a etsa litlōlo tsa molao tse tšabehang ka ho fetisisa.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Lesea le ka angoa ke ho sebelisa ha ’m’a lona lithethefatsi
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
SuperStock