Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 2/8 maq. 3-4
  • Na Bapapa ha ba Fose?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bapapa ha ba Fose?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boemo ho sa Tlohelloang Feela
  • Seo Mak’hatholike a se Bolelang ka ho se Fose
    Tsoha!—1989
  • Qaka eo Kereke e K’hatholike e Tobaneng le Eona
    Tsoha!—1991
  • Na Petrose ke Mopapa oa Pele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Nyolohelo—Na ke Thuto e Senotsoeng ke Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 2/8 maq. 3-4

Na Bapapa ha ba Fose?

‘KE THUTO eo Bok’hatholike bo itšetlehang ka eona hore bo hlōle Bochaba.’ Ke kamoo, ka 1870, buka ea Jesuit La Civilta Cattolica e boletseng phatlalatso e tebileng ea thuto ea ho se fose ha mopapa Sebokeng sa Pele sa Vatican.

Ka puo ea bolumeli ea K’hatholike, lentsoe “thuto” le supa lithuto tsa motheo tse “bohlokoa le tse sa belaetseng.” Tlhaloso e nepahetseng ea ho se fose ha mopapa, joalokaha e amohetsoe ke lekhotla ka 1870, e boletse:

“Ke thuto e senotsoeng ke Molimo hore mopapa oa Roma, ha a bua a le boemong ba hae ba ho ba molisa le moruti oa Bakreste bohle ex cathedra, ka matla a hae a maholo a boapostola, o hlalosa matla a thuto ea motheo mabapi le tumelo kapa boitšoaro tseo kereke lefatšeng lohle e lokelang ho li boloka, ’me ka thuso eo Molimo o mo tšepisitseng eona ka Petrose ea hlohonolofalitsoeng, o na le ho se fose hoo Molopolli oa Molimo a ratileng hore kereke ea hae e hlomelloe ka hona ha ho hlalosoa thuto e amanang le tumelo kapa boitšoaro; le hore litlhaloso tse joalo tsa mopapa oa Roma ke tse ke keng tsa fetoloa ka botsona, e seng hobane kereke e li lumela.”

Boemo ho sa Tlohelloang Feela

Tlhaloso ena, eo batho ba bangata ba thatafalloang ke ho e utloisisa, e boetse ke ntho e sa utloahaleng, ho ea ka “moruti oa Jeremane, August Bernhard Hasler ea seng a shoele. O buile ka “ho se utloahale” le “morero o sa tsitsang” oa mantsoe ex cathedra, a bolela hore “motho a ke ke a hlalosa hore ke liqeto life tseo ho lokelang ho nahanoa ka tsona mabapi le ho se fose.” Ho ea ka moruti e mong, Heinrich Fries, tlhaloso ena “ke e belaetsang,” ha Joseph Ratzinger a lumetse hore taba ena e hlahisitse “qhoebeshano e rarahaneng”.

Hasler o boletse hore “ho se utloahale ha likhopolo tsena” le ho lumella ho sebelisoa ha thuto ena ea motheo ka ho pharalletseng ho eketsa matla a mopapa le tlhaloso e lekanyelitsoeng haholoanyane e le hore ha a talimane le lithuto tse fosahetseng tsa nakong e fetileng, ka mehla motho a ka tseba ho tšehetsa taba ea hore hona hase karolo ea se bitsoang thuto ea “Roma e K’hatholike,” e sa foseng. Ka mantsoe a mang, ke boemo ba “ho hlōla ea hlōlang.”

Joale, “ho se fose” ho bolela hore mopapa, esita le hoja a etsa liphoso joaloka batho ba bang, ha a fose ha a hlalosa litaba tsa tumelo le boitšoaro, a sebetsa setulong sa molisa oa Kereke ea Roma e K’hatholike ex cathedra.

Leha ho le joalo, ke eng seo Mak’hatholike ka boona a se nahanang ka thuto ee ea motheo?

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Mopapa Fius IX o hatelletse thuto ea ho se fose ka 1870

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Litšoantšo tsa Culver

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela