Seo Mak’hatholike a se Bolelang ka ho se Fose
MAK’HATHOLIKE a mangata a talima thuto ea ho se fose ha mopapa joang? Hlokomela litlaleho tse latelang tse bolelletsoeng mongolli oa Tsoha! Italy:
A. M., eo e leng ’muelli oa molao oa K’hatholike ea tsoang Bergamo, o itse: “Haeba motho a ipolela hore ke Mok’hatholike, joale o lokela ho lumela lithuto tsa eona. Hore bothata ba mopapa ea sa foseng bo ke ke ba hlalosoa ka tsela e utloahalang ho hlakile—ke taba e lumeloang. E bang motho a lumela kapa che.”
P. S., Mok’hatholike ea tsoang Palermo, oa lumela: “Ha bohlokoa ponong ea ka, hase hakaalo hore na Bibele e tšehetsa thuto ena kapa che, empa ke hore na mosebetsi oa eona ka har’a kereke o nepahetse, esita le mosebetsi oa eona o khethehileng kajeno. Re phela lefatšeng le ferekaneng, likhopolo tsa sebele tsa Babylona. Batho ha ba sa tsitsitse, ’me ho na le tlhoko e khōlō ea mohloli o tšepahalang e le ka ’nete oo ba ka tšepelang ho ’ona.”
Mak’hatholike a mang ke a nyatsa-nyatsang. Mohlomongp6ho ka ’na ha bonahala eka ho nyatsa ha ’ona ho theiloe holim’a liketsahalo tsa pele tsa histori ea mopapa. “Leha ke le Mok’hatholike, ho boima ho ’na ho lumela thuto ena [ea ho se fose ha mopapa],” ho boletse L. J., moqolotsi oa litaba oa Roma. “Histori ea bapapa e hlile e bontša se fapaneng.”
A. P., ngaka ea Roma, o re: “Ha ke e lumele ho hang. Mopapa ke motho ea tšoanang le batho ba bang ’me o etsa liphoso. Ka mohlala, o fositse ka ho itšunya lipolotiking. Ke Molimo feela o sa foseng.”
Thuto ena e arohantse batho. Ka 1982 motseng oa Roma, hona setsing sa Vatican, karolo ea 57 lekholong ea Mak’hatholike e nahana ho se fose ha mopapa ke e ’ngoe ea lithuto tse belaetsang haholo. Portugal, ke feela karolo ea 54,6 lekholong ea Mak’hatholike e lumelang ho se foseng ha mopapa, ’me Spain ke karolo ea 37 feela lekholong.
Na mohlomong thuto ena, ho ena le hore e tlatsetse bonngoeng ba Kereke ea K’hatholike, ha e le hantle e hlahisitse likarohano le liqhoebeshano? Bopaki ba histori bo bontša hore thuto ena e ’nile ea eba motso oa liqhoebeshano haesale e qala, esita le sebokeng se e phatlalalitseng lekholong la bo19 la lilemo.
Likarohano le Likhoka
Ke ho ke keng ha latoloa hore ho bile le liphehisano tse mabifi mahareng a babishopo le bak’hadinale Sebokeng sa Vatican sa 1870. La Civilta Cattolica ea selemong seo e buile ka “phehisano e mabifi,” ’me ea bolela hore esita le Majesuite a ne a sa lebella hore “phapang e joalo e ne e tla boela e hlahe ho sa tsotellehe ’nete e joalo e halalelang.”
Rahistori oa Jeremane Ferdinand Gregorovius o ngotse hore ho ne ho ena le “liphapang tse mabifi” sebokeng. Seboka se neng se tšoeroe ka la 22 Tlhakubele 1870, e bile se hlokang taolo ka ho khethehileng. Mobishopo Josip Juraj Strossmajer, e mong oa babishopo ba neng ba le teng sebokeng ea neng a le khahlanong le thuto ea ho se fose ha mopapa, o ile a tholisoa ke lerata la babishopo ba neng ba e tšehetsa. Litlaleho tsa seboka li bontša hore ha Strossmajer a ntse a bua, babishopo bana ba ile ba ipelaetsa ka lentsoe le “phahameng” ’me ba ‘omana’: “Mo ntšeng!” ’me, “A tlohe moo! A tlohe moo!”
Borahistori ba bang ba bontšitse hore mopapa le Lekhotla la Roma ba hatelletse litho tsa seboka haholo hore li amohele thuto ena. Mabapi le sena, rahistori oa K’hatholike Roger Aubert o bua ka “qhoebeshano” eo Pius IX a bileng le eona le Mok’hadinale Guidi oa Bologna, eo selelekela sa hae sebokeng se neng se sa ratehe ho mopapa. Ka bohale, Pius IX o ile a re ho mok’hadinale, ea buileng ka moetlo puong ea hae: “Ke ’na moetlo!”
Mopapa o ne a batla hore thuto ena e amoheloe joang kapa joang: O itse, “Ke ikemiselitse ho tsoela pele hoo haeba ke nahana hore Seboka se batla khotso, ke tlang ho se felisa, ’me ke iketsetse tlhaloso ka bonna.” La Civilta Cattolica e lumetse: “Maqheka a etsoang ke boholo ba litho tsa lekhotla le Mopapa Pius IX, le litekanyetso le mathata tse behoang holim’a sehlotšoana sa litho tse ling, ha li sa lokela ho khelloa tlaase kapa ho lokafatsoa ka qenehelo.”
Buka e ’ngoe ea histori e akaretsa liketsahalo, ka hore: “Manģosa a mopapa a qobelletse babishopo hore ba lumele ho se fose ha mopapa.” Leha ho le joalo, “maqheka” ao ha a ka a khutsisa boemo—a ile a sebeletsa feela ho bo mpefatsa. Ka mor’a seboka, karolo ea baruti ba neng ba sa lumellane le mopapa e ile ea ikarola Kerekeng ea K’hatholike. Mokha oa “Mak’hatholike a Boholo-holo” o ile oa theoa ho tsoa sehlopheng sena se ikarotseng, ’me o ntse o le matla Austria, Jeremane, le Switzerland.
Babelaelli ba Kajeno
Liqhoebeshano ka thuto ena bonneteng ha lia ka tsa fela. Ka 1970, ha ho atamela nako ea ho keteka lilemo tsa eona tse 100 e amohetsoe, li ile tsa qalisa hape ka bohale bo makatsang.
Bofelong ba bo-1960, mobishopo oa Dutch Francis Simons o ngotse buka Infallibility and the Evidence, moo ka ho hlakileng a ngotseng ka lipelaelo tsa hae ka ho se fose ha Kereke ea K’hatholike le ha mopapa. Simons o boletse hore ka lebaka la thuto ena, “ho ena le hore Kereke ebe tšusumetso e hōlisang tsoelo-pele le liphetoho tse molemo, e fetohile mokhatlo o tšabang ho sebeletsa polokeho ea boemo ba eona.”
Ka pele ka mor’a moo ho hlahile tlhaselo ea Hans Kung, moruti oa Switzerland, eo bukeng ea hae Infallible? An Enquiry le libukeng tse ling, a buang ka likarabo tse
mabifi tse tsoang ho ba boholong ba K’hatholike. Joale, bofelong ba lilemo tsa bo-1970, August Hasler o ngotse: “Ho ntse ho hlaka ka ho eketsehileng hore ha ho motheo oa thuto ea ho se fose ha mopapa, ebang ke ka Bibeleng kapa historing ea kereke lilemong tsa pele tse sekete.”
Baruti ba tšepahalang thutong ea kereke ba arabetse ka litsela tse fapaneng. La Civilta Cattolica e bua ka “mathata a mangata a tšosang a leeme le khathatso” tse bakiloeng ke “thuto ea hore Petrose ke eena mopapa oa pele oa Roma ho ea ka qeto ea Vatican II.” Karl Rahner o hatelletse hore “lithuto tsa motheo li lule boemong ba tsona ba histori le hore li bulehetse tlhaloso ea ka mehla ea nakong e tlang.”
Haeba litlhaloso tsa lithuto li ka fetoloa ke litlhaloso tse ncha, ke joang li ke keng tsa fosa? Li ka fana ka lintho tsa sebele joang ho batho ba li hlokang? Leha ho le joalo, ho bohlokoa haholo ho tseba haeba Bakreste ba pele ba ile ba latela thuto ea ho se fose ha mopapa.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“O fositse ka ho itšunya lipolotiking.”—Ngaka ea Roma
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]
Feme ea Khatiso oa Miami Morald.