Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 6: 1513 B.C.E. ho ea pele—Libuka Tsa Bolumeli Tse Rekoang Haholo
“Bolumeli ba rōna bo bukeng.”—Samuel Johnson, mongoli oa Lenyesemane, oa meqoqo le lithothokiso oa lekholong la bo-18 la lilemo
BOLUMELI bo bong le bong bo boholo bo na le buka kapa libuka tsa bona. Le hoja li ka ’na tsa “fapana haholo ka mofuta oa tsona, meqolo, lilemo, le tekanyetso ea ho halalela ha tsona,” ho boletse The New Encyclopcedia Britannica, “tšobotsi ea tsona e tšoanang ke hore mantsoe a tsona a talingoa a halalela ke litho tsa bolumeli boo.” Ho ba teng ha libuka tse ngata joalo tse halalelang ke bopaki ba hore motho ka boeena o entsoe a ena le maikutlo a bolumeli.
Bibele (ea Bokreste), Koran (ea Boislamo), Talmud (ea Sejode), Vedas (ea Bohindu), le Tripitaka (ea Bobuddha) ke libuka tse halalelang tsa malumeli a maholo.a
Le hoja libuka tse ling li sa amoheloe ke malumeli leha e le afe a hlophisitsoeng e le libuka tsa ’ona tse halalelang, empa esale tsa bolumeli. Ho joalo ka libuka Kojiki le Nihongi, tseo ka makholo a lilemo li bileng le tšusumetso e khōlō haholo bophelong ba Majapane le bolumeling ba Boshinto. Ka ho tšoanang bophelo ba Machaena bo ile ba susumetsoa ke 13 Confucian Classics. Sehlopha sena sa libuka se theiloe lithutong tsa Confucius, mofilosofi oa Mochaena ea neng a sa tsoa kena lilemong tsa bocha ha Babylona e lihoa ke Bamede le Bapersia ka 539 B.C.E. Buka ea motheo ea lithuto tsa Confucius, Analects (Lun yü), ho boleloa hore likhaolong tsa eona tse 496 e na le mantsoe a Confucius ka boeena.
Libuka tsa morao tjena tsa bolumeli le tsona li finyelletse boemo bo halalelang. Tse ling li taligoa e le litlatselletso tse lokelang ho amoheloa mangolong. Ka mohlala, Litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Matsatsing a Morao li lumela hore Buka ea Mormon e ne e ngotsoe mamatjaneng a gauda ke moprofeta ea bitsoang Mormon; hore hamorao e ile ea patoa ke mora oa hae Moroni; le hore lilemo tse ka bang 1 400 hamorao, nakong ea halofo ea lekholo la bo19 la lilemo, e ile ea fumanoa ke lengeloi ’me la e neha Joseph Smith, ea ileng a e fetolela.
Buka Science and Health With Key to the Scriptures, ka Mary Baker Eddy, e hatisitsoeng ka lekhetlo la pele ka 1875 e le Science and Health, e talingoa ka tsela e tšoanang. Ka lilemo o ile a hana hore buka ea hae e fetoleloe lipuong tse ling empa qetellong a inehela, a fana ka litaelo tsa ho fetoleloa ha eona: “Buka ena e ncha e tlameha ho hatisoa ka puo ea Senyesemane leqepheng le leng ha le leng e le Sejeremane, phetolelo ea Senyesemane e bululetsoeng ke Molimo e tla sebetsa e le motheo, athe leqephe le latelang la mantsoe a Sejeremane e tla ba phetolelo.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Esita le libuka tseo e seng tsa bolumeli li phahamiselitsoe boemong ba mangolo a halalelang. Sehlopheng sena sa libuka tsa lekholo la bo19 le la bo20 la lilemo ho na le libuka tsa banna ba kang Charles Darwin, Karl Marx, le Mao Tsetung, tseo likhopolo tsa tsona tsa ho iphetola ha lintho le bokomonisi li thooletsoang ka tsela ea borapeli ke batho ba limillione.
Ho Tiisoa ha “Canon”
Libuka tse ngata tse halalelang qalehong li ne li fetisetsoa ho ba bang ka lentsoe la molomo, hangata hona ho ne ho etsahala ka makholo a lilemo. Empa ka tloaelo, ka nako e itseng ho ne ho lekanyetsoa hore na ke likarolo life tsa boitsebiso bo bokelletsoeng—ebang ke ka molomo kapa ka ho ngoloa—tse lokelang ho sebeletsa e le canon ea molao bolumeling bo itseng. Lentsoe “canon” le hlalositsoe e le “pokello kapa lethathama la libuka tse amoheloang e le mangolo a halalelang.”
Ho tiisa canon ho ne ho se bonolo, ’me ka linako tse ling ho ne ho sa etsahale. Ka mohlala, The Encyclopedia of Religion e hlalosa mangolo a Sebuddha e le a khethehileng har’a mangolo ’ohle a bolumeli a lefatše ka hobane a na le li-canon tse ngata. E re: “Lipokello tsa mangolo li fapana ka litsela tse ngata, ’me ho na le lipolelo tse ’maloa tse ka fumanoang lineheletsanong tsohle.” Pherekano ena e hlahisitse ho ikarola ha lihlotšoana le hoo histori e ho bitsang “Likolo tse Leshome le Metso e Robeli” tsa khopolo ea Bobuddha.
Ka lehlakoreng le leng, Bohindu bo etsa phapang pakeng tsa canon e amoheloang le boitsebiso bo bong boo e leng karolo feela ea eona e talingoang e halalela. Sehlopha sa libuka tse halalelang tsa Sehindu tse bitsoang Sruti, lentsoe le hlalosang “ho ithuta ka ho utloa,” se bolela tšenolo ea motheo ’me se akaralletsa Vedas le Upanishads. Sehlopha sa Smrti lentsoe le bolelang “ho bokelloa hape,” se tlatselletsa sehlopha sa Sruti, sea hlalosa le ho eketsa tlhaloso ea sona. Ka hona sehlopha sa Smrti se talingoa e le sa boemo ba bobeli, seo e leng karolo ea sona feela e nkoang e le canon, le hoja bonneteng Mahindu a sebelisa boholo ba boitsebiso boo ba bo tsebang ka bolumeli ba bona ho tsoa sehlopheng sena.
Le ba ipolelang hore ke Bakreste ba thatafalloa ho tiisa canon ea Bibele. Kereke ea Roma e K’hatholike le likereke tse ngata tsa Orthodox ea Bochabela li talima mangolo a mang kapa mangolo ’ohle a ekeletselitseng a 13 e le deuterocanonical, ho bolelang “canon ea bobeli (kapa ea morao).” Maprotestanta a a bitsa apocryphal, lentsoe leo tšimolohong le neng le bolela “ho patuoeng ka hloko” hobane a ne a sa baloe phatlalatsa empa kajeno lentsoe leo le fana ka maikutlo a ho belaela bonnete ba ’ona. James H. Charlesworth oa Seminari ea Bolumeli ea Princeton o itse: “Ha li-canon tsa mangolo li ne li koaloa, pele ke Bajode ’me hamorao ke bangoli ba Bakreste, mangolo ana haa ka a akarelletsoa, ’me kapele-pele a felloa ke tšusumetso le bohlokoa ba ’ona.” Ha ea ka ea e-ba ho fihlela ka 1546 ha Lekhotla la Trent le a tsebahatsa e le karolo ea canon ea Bibele.
“Wat schrifft, blifft”
Morethetho ona oa maele a puo ea Sejeremane, o bolelang hore “se ngotsoeng se tla tšoarella ka ho sa feleng,” o bontša phoso ea ho fetisa molaetsa ka molomo. Boitsebiso ba bohlokoa bo ka ’na ba lebaloa; liphetoho tse nyenyane li ka ’na tsa eketsa liphapang tseo pele ho neng ho sa ikemisetsoa ka tsona. Ka hona, ke ha bohlokoa hore har’a libuka tse halalelang, Bibele ebile eona ea pele ho ngoloa. Ha e le hantle, Moshe o qetile ho ngola karolo ea eona ea pele ka 1513 B.C.E.
Ho fapana le eona, ho ea ka The Encyclopedia of Religion, Upanishads, e leng tlatselletso ea Vedas e ngotsoeng ho tloha lekholong la borobeli ho isa ho la bone la lilemo B.C.E. e ile ea bokelloa ka se-Sanskrit, moo “e ileng ea ngoloa ka lekhetlo la pele ka 1656 CE.” Empa e ne e se ka baka la ho hlokomoloha lintho. E ne e le ntho e reriloeng. Rahistori Will Durant oa hlalosa: “Vedas le lithothokiso e ne e le lipina tse ileng tsa hōla le meloko e ileng ea li pheta; li ne li sa rereloa ho bonoa empa ho binoa.”
Mahindu a mang le Mabuddha a sa ntse a bolela hore ho bua mangolo feela ka molomo ho a nea tlhaloso e khōloanyane le bohlokoa. Ba hatella haholo keletso e halalelang, mantsoe kapa lipolelo tseo ho nahanoang hore ke tsa poloko. The New Encyclopcedia Britannica e bolela hore “ka ho bitsa mantra ka mokhoa o nepahetseng ho lumeloa hore motho a ka susumelletsa kapa ho qobella melimo ho neha morapeli ea chesehang matla a meea ao a neng a ke ke a a fumana haeba a ne a ka etsa ka hosele.”
Lentsoe la Mang, Hona Bakeng sa ba Bakae?
Hase mangolo ’ohle a halalelang ao ho boleloang hore a ngotsoe ke Molimo kapa ao ho boleloang hore a abuoe ka ho pharalletseng e le hore a fumanehe ho batho bohle. Ka mohlala, Upanishads ea Sehindu (e bolelang “e lutseng haufi”) e ile ea bitsoa joalo hobane baruti ba bolumeli ba ne ba tloaetse ho bolella barutoana ba bona ba bohlokoa, ba “lutseng haufi,” lithuto tsa lekunutu. “Ka hona ha hlaha lentsoe upanisad le bolelang lekunutu,” ho hlalosa The Encyclopedia of Religion, e bile e phaella: “Ha e le hantle, Upanisads e bolela ka ho hlakileng hore lithuto tse joalo ha lia rereloa batho ka kakaretso . .. [empa] li ne li lokela ho utluoa ke batho ba itseng feela.”
Ka ho tšoanang, Muhammad o ne a nka Koran ea Searabia e le buka e reretsoeng Maarabia feela. Sena se bile joalo ho sa tsotellehe ’nete ea hore ea emetsoeng e le ea buang ke Molimo ka booona, ’Mōpi oa batho bohle. Ka hona, ho fetolela Koran lipuong tse ling ho nkuoa ho sa lokela, ke mangolo a Searabia feela a ka phetoang le ho sebelisoa mererong ea litšebeletso. Sena se ka ’na sa hopotsa Mak’hatholike hore pele ho Seboka sa Bobeli sa Vatican, se neng se tšoeroe ka bo-1960, ho ne ho sebelisoa Selatine feela lithapelong tsa Roma e K’hatholike.
Ka lehlakoreng le leng, Bibele e hlakisa hore molaetsa oa eona ha oa lokela ho lekanyetsoa ho sehlopha leha e le sefe se le seng. Sena se tumellanong le mantsoe a bolelang hore hase “lentsoe la batho, empa ... lentsoe la Molimo.” (1 Ba-Thessalonika 2:13) Babuelli ba eona ba etsa ka matla ho e aba ka ho pharalletseng, ba bolela hore motho e mong le e mong o na le tokelo e lekanang ea ho rua molemo mantsoeng a ’Mōpi le bohlaleng ba hae. Ka hona bofelong ba 1987, e ne e fetoletsoe ka lipuo tse 1 884, bonyane karolo ea eona. Ka 1977 The Book of Lists e lekanyelitse hore kabo ea Bibele ebile likopi tse limillione tse 2 458, empa mohlomong tse limillione tse 3 000 e ka ba tse nepahetseng haholoanyane.
Malumeli—A Ahloloa ka Libuka Tsa Oona
Ka 1933 mofilosofi oa Lenyesemane Alfred Whitehead o ngotse: “Ha ho bolumeli bo ka hlahlojoang bo le bong empa balateli ba bona ba behetsoe thōko.” Ka ho loketseng, motheong oa mofuta oa batho ba hlahisoang ke bolumeli boo, ho ka ahloloa haeba e le bo nepahetseng kapa bo fosahetseng, bo botle kapa bo bobe. ’Me mangolo a halalelang ao bo ipolelang hore boa a latela—ho isa tekanyong eo lithuto tsa oona li sebetsang—a tla tšoaetsa seo balateli ba oona ba se etsang.
Mangolo a halalelang a lokela ho fana ka tataiso e loketseng. Joalokaha Bibele e bolela, a tšoanetse ho ba le ‘molemo oa ho ruta, ho kholisa, ho laea, le ho hōlisa ka khōlo ea ho loka,’ ’me a thuse batho hore ba “rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.
Libuka tse rekisoang haholo tsa bolumeli li finyella hakae tekanyetso eo? Ka mohlala, ke ho isa bohōleng bofe boo mangolo a halalelang a Mahindu le Mabuddha a hlomelletseng babali ba ’ona ho mamella mathata a bophelo? Ho fumana karabo, re lokela ho talima India, eo ka eona rahistori Durant a reng: “Ha ho naha e ’ngoe moo bolumeli bo leng matla hakana, kapa bo leng bohlokoa hakana.” Lihlooho tse latelang tse buang ka taba ena e babatsehang li tla tšohloa tlas’a sehlooho sena, “Bohindu—U Mamello.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sehlooho sena se tla tšohla feela libuka ka botsona; ha lihlooho tsa nako e tlang li tla tšohla lintlha tse qaqileng haholonyane tsa bolumeli bo sebelisang libuka tsena.
[Lebokose le leqepheng la 26]
Seo Mabitso a Bona a se Bolelang
BOBUDDHA: Tripitaka, e tsoang lentsoeng la se-Sanskrit bakeng sa “[pokello] ea liroto tse tharo”
BOKRESTE: Bibele, e tsoang Segerikeng e bolelang “libukana”
BOCONFUCIUS: Lun yü, lentsoe la Sechaena bakeng sa “lipuisano”
BOHINDU: Veda, e tsoang lentsoeng la se-Sanskrit bakeng sa “tsebo”
BOISLAMO: Koran, e tsoang lentsoeng la Searabia bakeng sa “ho bala, thothokiso”
BOJODE: Talmud, e tsoang lentsoeng la Seheberu bakeng sa “ho ithuta, ho rua tsebo”
BOSHINTŌ: Kojihi le Nihongi, lentsoe la Sejapane bakeng sa “tlaleho ea litaba tsa boholo-holo” le “histori ea Japane”
BOTAO: Taote Ching, lentsoe la Sechaena bakeng sa “histori ea tsela ea matla”
BOLUMELI BA ZOROASTER: Avesta, e rehelletsoeng ka Avestan, puo ea Iran e seng e sa sebelisoe eo e neng e ngotsoe ka eona