Na Bafu ba Bolailoeng ka Sehlōhō ba tla Khutla?
NA HO na le tšepo bakeng sa bahlaseluoa ba limillione ba shoeleng polaong e sehlōhō? Na ho ka lebelloa hore Molimo o entse ketso e phahameng ea toka molemong oa bahlaseluoa bao ba Bonazi?
Mangolo a Seheberu a fana ka tšepo e ileng ea boloka baprofeta ba tšepahalang le bahlanka ba Molimo lilemong tse likete tse fetileng. Na e ne e theiloe khopolong ea boholo-holo ea Segerike ea moea o sa shoeng o phonyohang ’mele ha motho a shoa? Che, hobane mangolo a Seheberu le lithuto tsa tsona li tlile pele ho filosofi ea Segerike makholo a lilemo pele.
Moea oa Motho o’a Shoa
Tlaleho ea Seheberu ho Genese e re bolella se latelang ka ho bōptjoa ha motho oa pele: “Morena Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše. O ile a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea eba sebōpuoa se phelang [Seheberu, lene’phesh].” (Genese 2:7, Tanakh) Phetolelo ea 1917 ea Mokhatlo oa Khatiso oa Sejode e re “moea” bakeng sa lene’phesh. Ka hona, moea, kapa ne’phesh, ke boleng, sebōpuoa, ebang ke phoofolo kapa motho.
Ha ho moo Mangolong a Seheberu taba ea ho se shoe ha moea e kileng ea amahanngoa le ne’phesh. Ha e le hantle, lentsoe “ho se shoe” ha le eo Mangolong a Seheberu. Ho e-na le hoo, Bibele e bontša hore ne’phesh ke motho, moea o phelang. (Ezekiele 18:4, 20) Ka hona, lefu le qetellong, bonyane ka nakoana, ho motho e le moea o phelang. Ke boemo ba ho sa ikutloe bo felletseng, joaloka boroko bo tebileng, joalokaha mopesaleme Davida a ho hlalositse: “Ntalime, nkarabe, Oho Morena, Molimo oa ka! Elisa mahlo a ka, esere ka robala boroko ba lefu.”—Pesaleme ea 13:4, Tanakh.
Ha Mangolo a Seheberu a ntse a latela mokhoa ona oo o bonolo o tšoanang, a re bolella: “Bafu ha ba tsebe letho; ha ba sa na moputso, hobane esita le khopolo eo ba neng ba ena le eona e shoele. Eng kapa eng e leng matleng a hao hore u ka e etsa, e etse ka matla a hao kaofela. Hobane ha ho sa le bohato, ha ho sa le ho beelana mabaka, ha ho sa le ho ithuta, ha ho bohlale Sheol [lebitla le tloaelehileng la batho], moo u eang teng.” (Moeklesia 9:5, 10, Tanakh) Sena se lumellana le mantsoe a Jobo ha a ne a le bohlokong: “Ke hobane’ng ha ke sa ka ka shoa ha ke tsoaloa? . . . Hobane nkabe ke shoele, ke robetse ’me ke phomotse.” (Jobo 3:11, 13, Tanakh) Ha e le hantle, Jobo o ne a sa nahane ka ho ba ‘ea phelang a ntse a bonoa’ joaloka moea o sa shoeng ka mor’a lefu, joalokaha “Polelo ea Melao-motheo ea Lekhotla la Bajode” e bontša.
Leha ho le joalo, na sena se bolela hore lefu le entse hore ba lebaloe ka ho feletseng? Ke batho ba ’maloa feela kajeno ba hopolang mabitso a baholo-holo ba bona ba shoeleng melokong e mehlano kapae leshome e fetileng, empa ho thoe’ng ka Molimo? Na oa ba hopola? Na o tla ba hopola? Na o tla hopola bahlaseluoa ba limillione ba tlhoriso ea Manazi? Le ba limillione ba shoeleng lintoeng tse hlokang kelello? Moprofeta Daniele o ne a lumela hore Molimo o ka hopola ba shoeleng. Boprofeteng ba hae o bontšitse hore ho tla ba le tsoho ea bafu, hobane o itse: “Ba bangata ho ba robetseng leroleng la lefatše ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele tsuo le sekhobo se sa feleng.”—Daniele 12:2, Tanakh.
Tsoho ea bophelo ba lefatšeng nakong e tlang e ne e le tšepo ea ’nete ea baprofeta ba tšepahalang le marena a Iseraele ea boholo-holo. Ba ne ba se na khopolo ea ho solla feela e le meea e sa shoeng ka mor’a moo. Tšepo eona eo ea ho tsosetsoa bophelong bo phethahetseng lefatšeng e sa ntse e sebetsa kajeno. Re tseba seo joang?
Tšepo ea Bahlaseluoa ba Ileng ba Bolaoa ka Sehlōhō
Lilemong tse fetang 1 900 tse fetileng, moruti oa Mojode o ile a fana ka tšepo e joalo ha a ne a re: “Le se makalle hona, hobane hora ea tla eo bohle ba leng mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng lintho tse ntle ba tsohele bophelo, ba entseng lintho tse khopo ba tsohele kahlolo.” (Johanne 5:28, 29, NW) Mantsoe “mabitla a khopotso” a bolela hore ba mabitleng ba bolokiloe mohopolong oa Molimo ho fihlela letsatsing la tsoho ea bona le ho tsosetsoa bophelong lefatšeng.
Ka lebaka leo, ka kutloisiso ena “Polelo ea Melao-motheo” e phatlalalitsoeng ke Lekhotla la Bajode United States ke ’nete: “Setšoantšo sa olam haba (hamorao) se ka fana ka tšepo ea hore re ke ke ra lahloa lebitleng, le hore re ke ke ra utloisoa bohloko ka ho lebaloa.” Mosa oa
Molimo o lerato le toka li bolela hore ba tla tsosoa ba tla ba le monyetla, oa ho utloa Molimo, ho khetha bophelo bo sa feleng Pusong ea Jesu Kreste, Messia.
Ka hona sena sohle se ama joang Bajode, le Maslav le bahlaseluoa ba bang ba limillione ba ileng ba bolaoa ka sehlōhō ke Manazi? Ba khopolong ea Molimo, ba emetse tsoho, ’me ba tla fuoa khetho—ho utloa Molimo hammoho le pono ea bophelo kapa ho se o utloe ka tebello ea kahlolo e bohloko. Re tšepa hore ba limillione ho bona ba tla etsa khetho e nepahetseng!
Ebang u Mojode kapa che, haeba u rata ho tseba ho eketsehileng ka tšepo ena ea bafu, ikopanye le phutheho ea Lipaki tsa Jehova sebakeng sa lōna kapa ngolla bahatisi ba makasine ona bakeng sa kopi ea buka e maqephe a 256 e nang le litšoantšo U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng (R3 bakeng sa e nyenyane kapa R6 bakeng sa e khōlō).
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Bibele e tšepisa hore ho tla ba le tsoho le hore “tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa hlola li khutlela mehopolong.”—EsaJa 65:17