Pefo—U ka Itšireletsa
OFISI ea Lehae ea Brithani haufinyane e simolotse mokhoa o mocha oa ho koetlisa basebetsi bakeng sa tšebeletso ea literonko, e bitsoang “taolo le thibelo.” Koetliso e arotsoe ka likarolo tse tharo:
◼ Taolo le thibelo ea motho ka mong mosebetsing oa sehlopha
◼ Mekhoa ea ho ikhula bakeng sa basebetsi ba leng bang
◼ Ho sebetsana le pefo, joaloka merusu
Tsela ena “ha ea rereloa ho ba mokhoa o mabifi oa ho loantša motho u sa hlomela,” ho hlalosa ’muelli oa Ofisi ea Lehae. “Litsela tse ling le mekhoa e meng ea ho kokobetsa boemo bo mabifi e lokela ho lekoa pele.” Ka mantsoe a mang: Qoba Khohlano! Monahano o joalo o bohlokoa hakae?
Ho Thoe’ng ka ho Itšireletsa?
Le hoja hangata ho buelloa tsebo ea ho itšireletsa ka matsoho ntle ho sebetsa, ho sebelisoa ha sena khahlanong le linokoane ha ho amoheloe ke batho ba bangata e le tsela e ’ngoe ea boitšireletso. Buka Violence—A Guide for the Caring Professions ea hlalosa:
“Hangata ho bile le tšehetso e fokolang thutong e rarahaneng ea ho itšireletsa, e seng haholo-holo kahobane koetliso e joalo e talingoa e le thibelo empa hape kahobane hangata e sa sebetse. . . . Ho feta moo mekhoa e joalo [ea boitšireletso] ha e thuse haholo moo motho a khinnoeng sebakeng se nang le batho ba bangata ’me hangata morutoana o tsoa kotsi haholo nakong ea koetliso ho feta nakong eo a lokelang ho bonahatsa phihlelo ea hae ha a hlaseloa.”
Ho Self Defence in Action, Robert Clark, morupeli oa sechaba oa Mokhatlo oa Brithani oa Jiu Jitsu, o tsoela pele ho bolela hore: “Joaloka linthong tsohle tse ithutoang ka lekhetlo la pele, [tsebo ea ho itšireletsa ntle ho libetsa] e hloka boikemisetso bo boholo pele tšebeliso ea eona e fetoha karolo ea bophelo ba hao le ho etsoa ntle le hore u nahane. Ha u hlaseloa, ha u na nako ea ho nahana bohato bo latelang.”
Ka ho tšoanang Mokhatlo oa Suzy Lamplugh, e leng mokhatlo oa lithuso o theiloeng ho hopola mosali ea lilemo li 25 ea ileng a nyamela ka lekunutu mosebetsing oa hae oa boipheliso London ka 1986, o buella hore mokhoa oa ho itšireletsa o sebelisoe feela haeba ho bonahala ho se tsela e ’ngoe.
Haeba tsebo ea ho itšireletsa ntle ho sebetsa e se eona karabo ea ho loantša ketso e sa lebelloang ea bonokoane, karabo ke efe?
Ho Sebetsana le Linokoane
Senotlolo sa ho sebetsana le linokoane tse batlang ho u amoha ho itseng ke ho qoba ho ipeha kotsing. Mohlahlobi oa mapolesa Leeds, Engelane, o hlokometse: “Taba e lokelang ho hopoloa ke hore, bonokoane bo atlehisoa ke monyetla kapa boemo bo itseng.” Kahoo haeba maemo a u qobella ho ba sebakeng se kotsi, lula u le seli. U se ke ua neha linokoane monyetla. Sebetsa tumellanong le molao-motheo oa Bibele: “Motho ea kelello o bonela kotsi pele, ’me o itšireletsa ho eona; empa maoatla a iphetela feela, ’me a otloa.”—Liproverbia 22:3, An American Translation.
Thalatsa mahlo a hao hohle seterateng ka pele ’me nako le nako u talime le ka morao. Talima pele u kena mohahong—lebella kotsi. Leka ho qoba ho tsamaea u le mong ka mor’a shoalane. Haeba u le sebokeng, emela motsoalle hore u tsamaee le eena. Ha u khanna koloi, tiisa hore menyako eohle e notletsoe. Haeba e sa notleloa, senokoane se ka kena habonolo ha u emisa koloi.
Empa ho thoe’ng haeba ho sa tsotellehe ho ntša ha hao mahlo linameng, ka tšohanyetso u iphumana u tobane le motho ea tšoereng sethunya kapa thipa? Hopola: Bophelo ba hao ke ba bohlokoa. Ha ho thepa e ka fetang bohlokoa ba bona. Kahoo haeba mohlaseli a batla chelete, mo nehe eona. Batho ba bang ba phelang libakeng tse kotsi ba lula ba nkile ‘chelete ea linokoane’—chelete e nyenyane ka mokotlaneng bakeng sa ho khotsofatsa senokoane.
Hape hopola: Sebetsa ka khutso. Bua ka ho tsitsitseng ka lentsoe la hao la tlhaho. Talima motho enoa ka har’a mahlo, ’me u leke ho mo talima nako e telele le ka kelo-hloko. Se ke ua iphetetsa ka ho mo hlapaola kapa ho mo tšosa. Sebelisa keletso ea Bibele: “Karabo e bonolo e thethefatsa bohale.” ‘E-ba mosa ho bohle.’ (Liproverbia 15:1; 2 Timothea 2:24) Itokisetse ho kōpa tšoarelo le hoja ho se na lebaka la hore u kōpe tšoarelo.
Ho Betoa le Tšireletseho ea Lelapa
“Babeti ba bangata ba makala kamoo ho leng bonolo kateng ho beta mosali,” ho ngola Ray Wyre ho Women, Men and Rape. “Ho apareloa ha hae ke letšoho joalokaha eka ke motho ea holofetseng hangata ho hlalosoa ke babeti e le lebaka la hore ba tsoele pele ka tlhaselo.” Ka hona, le ka mohla u se ke ua tsilatsila! Mo hlalosetse hore u ke ke ua inehela. U ka sebelisa mokhoa ofe kapa ofe o leng teng nakong eo ho qoba ho robala le eena. Haeba u se seloani se matla, u na le sebetsa se matla ka ho fetisisa—lentsoe la hao.
Bokolla haholo kamoo u ka khonang. Seo se tumellanong le keletso ea Bibele. (Deuteronoma 22:23-27) Mocha e mong, ha a ne a huleloa sebakeng se ka thōko, o ile a bokolla haholo ’me a hana. Sena se ile sa makatsa mohlaseli oa hae hoo a ileng a baleha. Ho bokolla ho ka tšosa mohlaseli ka hona ho ka u neha monyetla oa ho phonyoha, kapa ho tla lemosa ba bang ’me ba u thuse.a
Brithani, litlaleho tse ngata tsa pefo li etsahala ka matlong, hangata ka tlung ea mosali ea hlaseloang. Lenane le eketsehang la litlhaselo tsena le etsahala nakong eo senokoane se thuhang ho tla utsoa. Ka hona, ke ha bohlokoa ho tiisa hore ntlo ea hao e bolokehile kamoo ho ka etsahalang kateng. Tabeng ena, ke’ng seo u ka se etsang?
U lokela ho sireletsa menyako eohle e kenang ka ho sebelisa lithibela-masholu tse matla tse kenngoang lifenstereng le ho kenya liloko tse matla menyakong. Liloko tse joalo li hloka hore u sebelise senotlolo ho notlela ha u tsamaea le ho se ntša ha u le ka hare. Ho phaella moo, ho ka ba bohlale ho fumana ketane ea monyako. Empa hopola, sesebelisoa se joalo se mpa se le matla joaloka maballo a monyako le litšepe tse sireletsang ketane.
Keletso e ’ngoe e bohlale ke ho botsa boitlhaloso ba e mong le e mong ea fihlang monyakong. Botsa likarete tsa bona tsa boitsebiso.
Pefo ha e fokotsehe. Ha e le hantle, lipalo-palo tse tsoang hohle lefatšeng li senola hore ea eketseha. Ho etsa sohle seo re ka se khonang hona joale ho itšireletsa le ho sireletsa baratuoa ba rōna ke ha bohlokoa, empa sena hase rarolle bothata bohle. Ha e le hantle, karabo ke efe?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea ho betoa, bona Tsoha! litokollo tsa June 8, 1986, August 8, 1984, le January 8, 1981.
[Lebokose le leqepheng la 28]
Seo u ka se Etsang
◼ Rera leeto la hao, haholo-holo haeba e le bosiu, qoba litsela tse lefifi le literata tse se nang batho. Hape, hopola hore u ka tseba ho matha habonolo ka lieta tse se nang lirethe tse telele.
◼ Se ke ua lumela ho palamisoa ke motho eo u sa mo tsebeng. Se ke ua thetsoa hore u theohe koloing ea hao. Ho molemo hore litokiso leha e le life koloing li etsoe ke motho eo u mo tsebang sebakeng se sireletsehileng, e seng motho eo u sa mo tsebeng ka thōko ho tsela.
◼ Tsamaela pel’a tsela, hōle le moo mohlaseli e ka ’nang eaba u ipatile tselaneng ea monyako kapa sebakeng se nang le lifate.
◼ Haeba u bona sehlopha sa batho ba belaetsang se le ka pele, tšela seterata ho se qoba, kapa u nke tsela e ’ngoe. Haeba ho e-na le motho ea u setseng morao, tsamaea har’a seterata. Haeba ho bonahala kotsi e le haufi, matha kapa u hoeletse ho kōpa thuso.
◼ Tšoara setšosa masholu letsohong, e seng ka mokotlaneng oa hao. Hangata lerata le ka balehisa mohlaseli.
◼ Qoba ho kena ka har’a mochine o hloesang le ho theola batho meahong haeba u bona hore ba leng ka hare ba kotsi. Ha u le ka har’a oona ema haufi le moo o laoloang teng. Haeba ho kena motho ea belaetsang, ho ka ba bohlale hore u theohe.
◼ Kenya likarete tsa ho reka ka mokitlane le lintho tse ling tsa bohlokoa sebakeng se seng. Ka tsela ena, le haeba mokotlana oa hao o phamoloa, u ke ke ua lahleheloa haholo.
[Lebokose le leqepheng la 31]
Hlokomela “Steaming”
Brithani, “steaming” ke lentsoe Ie lecha Ie hlalosang mosebetsi oa bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba tsamaeang ka sehlopha ba kena lebenkeleng, beseng kapa tereneng, ba tšosa bao ba kopanang Ie bona. Ba itšetlehile ka manane a bona ho utsoa Ie ho tšosa, ’me ka linako tse ling ka pefo. Ka hona, ka bohlale, se ke ua roala mabenyane kapa lintho tse ling tsa bohlokoa tse ka bonoang habonolo kapa tsa phamoloa. Nka mokotlana o kentseng chelete e nyenyane—u behe lipampiri tsa bohlokoa Ie likarete tsa ho reka ka mokitlane sebakeng se seng—’me u ikemisetse ho fana ka sona. Haeba u neha ‘li-steamer’ ho hong, li ka ’na tsa u tlohela ’me tsa feta ka potlako.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Na u tla loanela ho boloka chelete ea hao ’me mohlomong u lahleheloe ke bophelo ba hao?
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ha mosali a hlasetsoe hore a be le likamano tsa botona le botšehali, ntho e molemohali eo a ka e etsang ke ho HOELETSA
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Linotlolo tsa boemo bo phahameng ke tsa bohlokoa ho sireletsa ntlo ea hao
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Botsa boitsebahatso ba batho ba fihlang monyakong pele u ba lumella ho kena