Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 10/8 maq. 29-31
  • Na ke Lokela ho Ithuta ho Itšireletsa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Ithuta ho Itšireletsa?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mekhoa ea ho Itšireletsa Ntle ho Libetsa
  • Ho Sebelisa Libetsa
  • Libetsa—Pono ea Bomolimo
  • Bohlale—Bo Molemo ho Feta Libetsa
  • Haeba U Tobane le Pefo
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lithunya—Tsela ea Lefu
    Tsoha!—1990
  • Pefo—U ka Itšireletsa
    Tsoha!—1989
  • Ho Itšireletsa—Mokreste o Lokela ho ho Etsa ho ea Bohōleng Bofe?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 10/8 maq. 29-31

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Lokela ho Ithuta ho Itšireletsa?

Jesse o re: “Ho na le kenke e mona e hlileng e leng mpe sekolong. Haeba ba u bona phasejeng ’me ba batla liteki tsa hao, baki kapa le bona borikhoe ba hao, baa li nka. Haeba u tlaleha, ba tla u fumana hape.”

HO SEBETSANA le pefo ho fetohile mokhoa oa bophelo ho bacha ba bangata. Makasine oa USA Today o itse: “Hoo e ka bang a le mong ho liithuti tse hlano tsa sekolo se phahameng o tsamaea ka sethunya, thipa, lehare, molangoana kapa sebetsa leha e le sefe kamehla. Ba bangata ba ea ka tsona sekolong.” Moshemane ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea bitsoang Jairo ke paki ea sena. O re: “Sekolo sa rōna e bile sa pele [New York City] sa ho ba le alamo e llang ha ho feta ntho ea tšepe, empa hoo ha ho thibele bana hore ba be le lithipa le lithunya. Ha ke tsebe hore na ba feta joang le tsona, empa baa ho etsa.”

Ka ho utloahalang, tšokelo ea ho hlaseloa e entse hore bacha ba bangata ba nahane kamoo ba ka itšireletsang kateng. Lola e monyenyane o-oa hlokomela: “Kamor’a hore ngoanana oa sekolong seo ke leng ho sona a hlajoe ka thipa a bolaeloa masale a hae, ba ile ba qala ho ruta litsela tsa ho itšireletsa sekolong. Hoo e batlang e le e mong le e mong o ile a ingolisa.” Bacha ba bang ba retelehetse ho nkeng lifafatsi tsa lik’hemik’hale le libetsa tse ling. Potso ke hore, Na mekhoa ea ho itšireletsa e hlile e ka u thusa?

Mekhoa ea ho Itšireletsa Ntle ho Libetsa

Ba e bontša ka linako tsohle ho TV—ha litsebi tsa ho itšireletsa ntle ho libetsa li phethoha moeeng, li raha li bile li otla ka bokhabane boo e kang ba motho ea tantšang. Ka ho panya ha leihlo bashemane bao ba babe ba se ba rapalletse fatše ba sitoa feela le ho sisinyeha. Ke ho tsotehang hakaakang! Mekhoa ea ho itšireletsa ntle ho libetsa e bonahala eka ke tšireletso ea bohlokoahali. Bonneteng, ha e le hantle bophelo ha bo tšoane le ba lifiliming. Monna e mong ea nang le phihlelo ea lilemo tse ngata a sebelisa karate o itse: “E itlhokela kulo e le ’ngoe feela. Haeba motho ea hojana a e-na le sethunya, u ke ke ua o besa oa tuka. Le teng haeba u le haufi haholo ’me ho se na sebaka se lekaneng bakeng sa ho tlōlaka, ha e hlile ha e sebetse ho le hokaalo.”

Hlokomela hape hore, e le hore motho a ka fetoha setsebi sa mekhoa ea ho itšireletsa ntle ho libetsa, o tšoanela hore a sebelise chelete e ngata le ho ba le lilemo tse itseng a le tlas’a koetliso e matla haholo. ’Me ntle le hore u lule u ntse u ikoetlisa, kapele-pele bokhoni boo ba hao ba ho tlōlaka ka bokhabane bo ka ba mafome. Ho ka boleloa se tšoanang ka mefuta e meng ea ho itšireletsa, joaloka litebele. Ntle ho moo, ho ka etsahala hore motho ea tummeng ka ho tseba ho loana a hohele tlhokomelo e sa batleheng. Babaki ba likhathatso ba ka ’na ba etsa qeto ea ho u nonya matla ka ho u loantša.

Leha ho le joalo, ho na le kotsi e khōloanyane ho ithuteng mekhoa ea ho itšireletsa ntle ho libetsa. Morao tjena, makasine oa The Economist o ile oa tlaleha: “Boholo ba mekhoa ea ho itšireletsa ntle ho libetsa, haeba e se kaofela ha eona, e hokahane ka tsela e ke keng ea khetholloa le malumeli a ka sehloohong a mararo a Asia Bochabela, Bobuddha, Botao le Boconfucius.” Mohloli o mong o-oa phaella: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang karateng—ho tlōlaka ho hong le ho hong, boikutlo bo bong le bo bong—mehlala ea tsona e ka fumanoa molao-motheong o itseng oa Zen.” Zen ke sehlotšoana sa bolumeli sa Bobuddha se hatisang ho nahanisisa ha bolumeli. Metso ena ea bolumeli e baka bothata bo boholo ho Bakreste ha ba nahana ka mantsoe a Bibele a ho 2 Ba-Korinthe 6:17: “Ka baka leo, tsoang har’a [barapeli ba bohata], ’me le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila.”

Ho Sebelisa Libetsa

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ho nka sethunya kapa thipa? Ho etsa joalo ka sebele ho ka ’na ha etsa hore u ikutloe u le sebete. Empa sebete seo e ka ba se bolaeang haeba u qala ho ipea kotsing ho sa hlokahale kapa hona ho mema khathatso. Bibele e-ea eletsa: “Ea batlang bobe, bobe bo tla mo tšoara.” (Liproverbia 11:27) ’Me haeba khathatso e sa lebelloang e tobana le uena, ntle ho tika-tiko ho hula sebetsa ho ka rotetsa hlaha le ho feta. U ka ’na ua bolaoa—kapa ua qetella u bolaile motho e mong. Molimo, Mohloli oa bophelo, o ne a tla talima liketso tsa hao joang haeba u ka be u ntse u ile ua qoba ho sebelisa pefo?—Pesaleme ea 11:5; 36:9.

’Nete ke hore ba bang ha e le hantle ha baa ikemisetsa ho sebelisa matla a bolaeang. Ba ka ’na ba re ba nka libetsa hore feela ba tšose bahlekefetsi. Empa makasine oa Health o re: “Barupeli ba ho sebelisa lithunya baa lumela: Se ke ua batla sethunya haeba ha u-ua ikemisetsa ho se sebelisa. Ho tsoka sethunya ka morero oa ho itšosetsa ho ka tšosa ba bang ba ba u hlaselang, empa ho tla tukisa bohale ba ba bang.”

Ho thoe’ng ka libetsa tse “se nang kotsi,” tse kang lifafatsi tsa lik’hemik’hale? Ntle le taba ea hore ha lia lumelloa ka molao libakeng tse ling, libetsa tsena li na le tšobotsi e mpe e tebileng. Ho e-na le ho thotofatsa mohlaseli ea hlantšitsoeng ke lithethefatsi, li ka ’na tsa atleha ho mo halefisa le ho feta. Ebile, ho ka etsahala hore moea o fefolele k’hemik’hale eo sefahlehong sa hao, ho e-na le hore e ee sefahlehong sa mohlaseli—ha re nka hore mohlomong ke uena ea ntšitseng sefafatsi seo pele. Ha a u bona u phenyekolla ka pokothong ea hao kapa ka sepacheng, ea u hlaselang a ka ’na a nka hore u batla sethunya ’me a etsa qeto ea ho u nkela khato e matla. Ke ka hona lepolesa le leng la lefokisi le hlalosang: “Ha ho na tiiso ea hore mace [sefafatsi sa k’hemik’hale], kapa sebetsa leha e le sefe se seng, se tla sebetsa. Kapa hona hore u tla se ntša ka potlako. Libetsa le ka mohla ha li ke li thusa ho lokisa boemo. Batho ba lumela ho tsona haholo.”

Libetsa—Pono ea Bomolimo

Tšokelo ea pefo e ne e le ntho ea sebele mehleng ea Jesu. Se seng sa litšoantšo tse tsebisahalang haholo tsa hae, seo ka tloaelo se bitsoang setšoantšo sa Mosamaria ea Molemo, se bua ka ketsahalo e amang ho tlatlapa ho ileng ha etsoa ka mabifi. (Luka 10:30-35) Ha Jesu a kōpa barutuoa ba hae hore ba hlomele ka lisabole, e ne e se molemong oa ho itšireletsa. Ha e le hantle, ho ile ha lebisa ho boleleng ha hae molao-motheo ona: “Bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.”—Mattheu 26:51, 52; Luka 22:36-38.

Ka lebaka leo, Bakreste ba ’nete ha ba hlomele hore ba tle ba ntše batho ba bang kotsi. (Bapisa le Esaia 2:4.) Ba latela keletso ea Bibele e ho Ba-Roma 12:18: “Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle.” Na hoo ho bolela ho se be ea itšireletsang? Le hanyenyane!

Bohlale—Bo Molemo ho Feta Libetsa

Mehleng eo ho eona ho bonahalang ho e-na le sesebelisoa bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho ka ’na ha u makatsa ho tseba hore u na le mokhoa oa ho itšireletsa o fetang hōle ntho leha e le efe e qapiloeng ke batho. Ho Moeklesia 9:18, rea bala: “Bohlale bo molemo ho e-na le lihlomo.” Bohlale bona bo feta seo ba bang ba se bitsang “bohlale ba seterateng.” Bona ke ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, ’me hangata bo ka u thusa hore u qobe maemo a mabifi li sa tloha feela.

Ka mohlala, Jairo, eo pejana a ileng a hlalosa sekolo se mabifi seo a se kenang, o ipoloka a le thōko le khathatso ka ho sebelisa mantsoe a Bibele a ho 1 Ba-Thessalonika 4:11: “Le tiise matla ho lula ka khotso; le itšebelletse tsa lōna.” Jairo o re: “Haeba u tseba hore ho tl’o ba le ntoa, u lokela ho itšebelletsa tsa hao ’me u ikele hae. Ba bang ba ea holimo le tlaase, ’me ke hona ha ba kena khathatsong.”

Lola e monyenyane o-oa bolela: “Ho etsa hore e mong le e mong a tsebe hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ke tšireletso e molemohali ho ’na. Batho ha ba nkhathatse kaha baa tseba hore nke ke ka ba sokela.” Eliu o-oa phaella: “Ho feta ho ipolela feela hore u Paki. Ba lokela ho bona hore u fela u fapane le bona.” Bakreste e lokela ho se ‘be ba lefatše.’ (Johanne 15:19) Empa hlokomela hore u se ke ua fana ka boikutlo ba hore u ea iphahamisang. (Liproverbia 11:2) Mocha e mong o li beha ka tsela ena: “Se ke ua tsamaea liphasejeng u le makōkō joalokaha eka ke tulo ea hao.” Hona ho ka ’na ha qholotsa maikutlo a mabe. Mocha oa Mokreste ea bitsoang Luchy o-oa pheta: “Ke na le botsoalle, ’me ke qoqa le bao ke kenang le bona ka tlelaseng; ke mpa feela ke sa itšoare joaloka bona.”

Kamoo u aparang kateng le hona ke habohlokoa. Mocha e mong o re: “Ke ba seli hore ke se ke ka apara lintho tse hohelang tlhokomelo ea batho. Ke fihlela qeto ea hore ha ho hlokahale hore ke apare liphahlo tsa mabitso a theko e thata e le hore nka ba motle.” Ho latela keletso ea Bibele ea ho apara ka ho itekanetseng ho ka u thusa hore u se be ea hlahelletseng le hore u qobe khathatso.—1 Timothea 2:9.

Haeba U Tobane le Pefo

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u sokeloa ka pefo ho sa tsotellehe boiteko ba hao ba ho sutha kotsing? Taba ea pele, leka ho sebelisa molao-motheo o ho Liproverbia 15:1: “Karabo e bonolo e thethefatsa bohale; empa polelo e hlabang ea bo leotsa.” Eliu e monyenyane o ile a etsa joalo ha a ne a le sekolong. O re: “Ka linako tse ling ke feela hore u se ke ua nkela lipolelo tse qholotsang hloohong. Maemong a mangata, ho bakang khathatso ke tsela eo u arabelang ka eona.” Ka ho hana ho “busetsa bobe ka bobe,” u ka ’na ua khona ho boloka boemo hore bo se tsoe taolong.—Ba-Roma 12:17.

Leha ho le joalo, ha maqheka a hao a hlōleha ho sebetsa, u tšoanela ho nka khato ea ho itšireletsa. Haeba sehlopha sa bacha se batla u ba nehe liteki tsa hao kapa tse ling tsa lintho tsa hao tsa bohlokoa, ba nehe tsona! Bophelo ba hao ke ba bohlokoa haholo ho feta lintho tseo u nang le tsona. (Luka 12:15) Haeba pefo e bonahala eka e tloha e etsahala, hl’o tsamaee—kapa ho molemo haholo, hl’o balehe! Liproverbia 17:14 e re: “Khang ha e e-so hotele, u e tlohele.” (Bapisa le Luka 4:29, 30; Johanne 8:59.) Haeba ho se bonolo ho phonyoha, u ka ’na ua se ke ua ba le khetho haese ho itšireletsa pefong kahohle kamoo u ka khonang. Ka mor’a moo, etsa bonnete ba hore u tsebisa batsoali ba hao se etsahetseng. Mohlomong ba ka thusa ka tsela e itseng.

Feela joalokaha Bibele e profetile, re phela mehleng e mabifi. (2 Timothea 3:1-5) Empa ho hula sethunya kapa ho ithuta ho rahaka ha karate ho ke ke ha u etsa ea sireletsehileng haholoanyane. E-ba hlokolosi. Sebelisa bohlale ba bomolimo ha u tobane le khathatso. ’Me ka holim’a tsohle, e-ba le tumelo ’me u tšepe Jehova. Joaloka mopesaleme, u ka rapela ka kholiseho: “U [tla] ’namolela liatleng tsa ea sehlōhō.”—Pesaleme ea 18:49, Bibele—Phetolelo e Ncha.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Mekhoa ea ho itšireletsa ntle ho libetsa hase karabo ho Bakreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela