Lithunya—Tsela ea Lefu
“BA NA le khopolo ena e fosahetseng hore ba tla supa motho e mong ka sethunya ’me ba tla tseba ho se laola ’me ha ho sa be joalo, baa tsila-tsila, joalokaha liofisiri tse ngata tsa mapolesa li tsila-tsila ka nakoana, ’me ba lefa seo ka bophelo ba bona,” ho boletse mohlanka oa mapolesa ea tsebahalang. Ho boetse ho na le tlhokomeliso e tsoang ho mokomishinara oa tšireletso ea sechaba U.S. “Batho ba bangata ba lumela ka tieo hore ho ba le sethunya ho bolela ho ikemisetsa ho phela le sehlōhō sa ho bolaea motho e mong. Haeba uena u sa thunye ka sepheo sa ho bolaea, senokoane se tla u thunya ho u bolaea, ’me ho kotsi haholo ho ba le sethunya ho fapana le ho se be le sona ho hang.”
Qetellong, ho na le sena: “Esita le khopolo e fokolang e lokela ho re bolella hore libetsa tsena li ke ke tsa lebisa khathatsong e fokolang empa e eketsehileng. Na basali ba rekang lithunya tse ‘ntle’ ba kile ba utloa ho bolaoa ka ho thunngoa hloohong? Liphello ha li monate. Na u kile ua bona monna ea thuntsoeng hloohong?” ho ngotse moqolotsi oa litaba oa mosali—eo e leng setho sa mapolesa ’me ka boeena e le setsebi sa ho thunya. Oa botsa: “Na u ka rata ho korola pelo?”
Na u ka tseba ho ntša sethunya sa hao se patiloeng ka potlako haeba ka tšohanyetso u hlaseloa? Nahana ka phihlelo ea hae: “Ha ke ne ke hlaseloa ke lehlanya le sebelisang lithethefatsi ka thipa—thipa e ne e se e le qoqothong ea ka pele ke e bona kapa ke utloa mohlaseli oa ka. Haeba ke ile ka ntša sethunya, mohlōli e ka be e bile mang?” Joale oa phaella: “Ha ke nahane ho ba le sethunya ho itšireletsa. Sena ha se taba ea boitšoaro; ke taba e sebetsang.”
Joale nahana ka linnete tse makatsang. Maemong a “seoelo a ho thunyana mahareng a beng ba matlo le masholu a atisang ho etsahala, ho ka etsahala hore lesholu ke lona le nang le tsebo ea ho thunya ha mong’a ntlo eena a tla qetella a shoele,” ho tlalehile makasine oa Time oa February 6, 1989. Ho sa tsotellehe phello eo sethunya se ka bang le eona thibelong ea botlokotsebe, ho ka etsahala hore se hlohleletse mabaka a mang a kotsi. Ka mohlala, nahana ka ho ipolaea. United States feela, nakong ea likhoeli tse 12, batho ba fetang 18 000 ba ile ba ipolaea ka ho ithunya.
Hore na ke liketso tse ngata hakae tse sa lekanyetsoang tse ka beng li sa etsahala haeba sethunya se ne se le sieo ka mokotlaneng kapa ka har’a drawer ho ke ke ha boleloa. Leha ho le joalo, ka sebele ho fumaneha ha lithunya habonolo ho thibetse bahlaseluoa ba bang ho ba le nako e lekaneng ea ho nahana hantle mohlomong le ho pholosa bophelo ba bona. Ha u kopanya lenane la lipolao la U.S. le lenane la lipolao lefatšeng lohle ka sebele kakaretso e ne tla tšosa.
Makasine oa Time oa July 17, 1989, o tlalehile hore bekeng ea pele ea Motšeanong 1989, batho ba 464 ba ile ba bolaoa ka ho thunngoa United States feela. “Selemong sena ba bang ba fetang 30 000 ba tla bolaoa,” ho boletse Time. Makasine o tlalehile hore “Maamerika a eketsehileng a bolaoa ke maqeba a ho thunngoa lilemong tse ling le tse ling tse peli ho feta a bolailoeng ke AIDS ho tla fihlela joale. Ka ho tšoanang, lithunya li bolaea Maamerika a mangata nakong ea lilemo tse peli ho feta Ntoa eohle ea Viet Nam.”
Batsoali ba nang le lithunya ba tlameha ho jara boikarabelo ba bana ba bona ba ipolaeang esita le ho bolaea batho ba bang. “Ho eketseha ha ho ipolaea ha bacha ka 1988 ho ka amahanngoa le ho fumaneha ha lithunya habonolo joalokaha beng ba matlo ba bokella libetsa ho sireletsa mahae a bona. . . . Haeba u na le sebetsa ka tlung, ho na le monyetla oa hore ka letsatsi le leng ngoana oa hao a se fumane,” ho boletse sepolesa. “Selemong se fetileng [1988], bana ba fetang 3 000 ba thuntse bana ba bang,” ho tlalehile khaso ea litaba tsa thelevishine ea U.S. ka Phuptjane 1989.
Batsoali, na le tseba moo lithunya tsa lona li leng teng? Motsoali e mong o ne a tseba moo a li behileng empa le mora oa hae ea lilemo li leshome o ne a tseba. “O ile a hlahlela sethunya sa ntat’ae se matla sa ho tsoma ’me a thunya ngoanana e mong ea neng a mo phephetsa ka hore oa mo hlōla lipapaling tsa video,” ho tlalehile New York Times ea la 26 August, 1989. Na u tseba se leng ka mokotlaneng oa lijo oa ngoana oa hao ntle ho bohobe le likuku ha ea sekolong? Na u ka lumela hore mohlomong ke sethunya sa hao? Batsoali ba ngoana ea lilemo li hlano ba ile ba nahana eng ha baokameli ba sekolo ba ba loma tsebe hore ba amohile mora oa bona sethunya sa boholo ba 6,35 caliber moo ho jelloang teng, ha bana ba bangata ba ne ba ja bohobe ba bona, lebese, le lipompong?
Hamorao ka 1989, ngoana ea lilemo li tšeletseng ea qalang ho kena sekolo o ile a fumanoa a bontša ba bang sethunya se hlahletsoeng. Khoeling eona eo ngoana oa lilemo tse 12 o ile a tšoaroa hobane a ne a nkile sethunya se hlahletsoeng sekolong. Sena sohle se etsahala sekolong se le seng. Florida, seithuti se bile lehlohonolo hore se tsoe kotsi ea sethunya se hlahletsoeng matsohong a ngoana e mong. Se ile sa thunngoa mokokotlong ha ngoanana ea lilemo tse 11 ka kotsi a ne thunya ka sethunya seo a tlileng le sona sekolong ho tla se bontša metsoalle ea hae.
“Bana ba rōna ba lilemo tse tšeletseng ba ea hae ’me ba tseba hore ho na le sethunya habo bona,” ho boletse mosuoe-hlooho e mong. “Ba bangata ba bone liphello tsa sethunya. Mohlomong ntate, motsoala kapa moena o shoele ka lebaka la sethunya,” ho boletse tichere ea sehlopha sa boraro. Tsamaiso tse ling tsa sekolo li bone ho hlokahala ho kenya mochine o hlahlobang libetsa ho thibela libetsa tse tlang le bana ba banyenyane, ho se ho sa boleloe tse tlang le liithuti tsa ba baholo! Na batsoali ha ba lokela ho jara boikarabelo ba liketso tsa bana ba bona, haholo-holo batsoali ba bonang ho loketse ho ba le lithunya ka malapeng a bona moo bana ba bona ba ka li fumanang?
Batsoali ba ka ikhothatsa ka hore ba patile lithunya tsa bona moo bana ba bona kapa batho ba bang ba ke keng ba li fumana. Ka bomalimabe, bana ba shoeleng ba pakile batsoali ba bona ba fositse. Hape, nahana ka linnete tse totobetseng. “Ha ho tsela-peli. Haeba u hlile u sireletsa sethunya sa hao e le hore batho ba se nang molato ka tlung ea hao, bana ba hao kapa baeti kapa leha e le mang, ba se lematsoe ke sona, kahoo u ke ke ua nolofalloa ho fumana sethunya bakeng sa boemo ba tšohanyetso boo u se reketseng bona,” ho boletse mookameli oa mapolesa.
Mapolesa a lekanyetsa hore haeba sethunya sa lelapa se ka sebelisoa, “ho na le menyetla e tšeletseng ea hore se thunye setho sa lelapa kapa motsoalle eo ka phoso a nkoang hore ke lesholu,” ho tlalehile makasine oa Time. “Mosali kapa ’mè o nahana hore o utloa lesholu le thuhang ’me a qetelle a thuntse monna kapa mora ea fihlang hae bosiu,” ho boletse mokomishinara e mong oa tšireletso ea sechaba. O ile a botsoa: ‘Joale batho ba tlameha ho sireletsa matlo a bona joang?’ “Mohlomong tsela e molemo ka ho fetisisa ho itšireletsa ke ho beha thepa ea hao kotsing ho feta bophelo ba hao. Linokoane tse ngata le masholu li tlile moo ho utsoa, e seng ho bolaea. Mafu a mangata malapeng a bakoa ke mong’a ntlo ka sethunya sa hae. Leha ho le joalo, baahi ba metseng e meholo ba lokela ho leka ho eketsa tšireletseho ka ho thea ‘lihlopha tsa balebeli’ ba thibelang bonokoane.” ’Me qetellong, beng ba lithunya ba lokela ho ipotsa hore na ba ikemiselitse ho bolaea motho e mong e le ha ba sireletsa mokotlana oa bona kapa sepache kapa lintho tse ling tsa bohlokoa ka tlung.
Haeba u le bohlale, u ke ke ua hanela motho ea tšosang ho u bolaea bakeng sa lintho tsa hao tsa bohlokoa. Bophelo ba hao bo bohlokoa ho feta lintho tsena.