Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 6/8 maq. 20-22
  • Lithunya—Tsela ea Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lithunya—Tsela ea Bophelo
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boikutlo bo Makatsang ba ho Rata Lithunya
  • Lithunya—Tsela ea Lefu
    Tsoha!—1990
  • Libetsa Tse Nyenyane, Mathata a Maholo
    Tsoha!—2001
  • Lithunya—Ha se Tsa Banna Feela
    Tsoha!—1990
  • Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa ho Laola Kabo ea Libetsa?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 6/8 maq. 20-22

Lithunya—Tsela ea Bophelo

MOLA o molelele oa matlo a mafubelu a neng a sena batho joale o khutletse boemong bo tloaelehileng. Molumo o hlakileng oa lithunya ha u sa khathatsa boemo bo khutsitseng. Litlhase tsa mollo ha libetsa tsena li qhoma ha li sa tšosa lefifing la bosiu, ha li sa thusa ho khantša literata tse lerootho. Ho na le mekoti meahong ea boholo-holo ea litene moo likulo li ikepetseng teng leboteng nakong ea lintoa tsa lithunya tse fetileng le tsa hona joale.

Mapolesa le lingaka ba tseba literata hantle. Sebaka sa polokelo ea libetsa se nang le libetsa tse matla ho hlasela sehlotšoana sa mapolesa li nkiloe—li nkiloe ka mor’a liphello tsa lipolao, ho ipolaea, likotsi tsa ho thunya, le bokebekoa. Batho ba tsamaisang poso le ba bokellang matlakala ba hana ho sebeletsa sechaba hobane ba tšaba ho ba liphofu tsa lethala la likulo. Bana ba lula ka matlung, empa ba bang baa thunngoa ha likulo tse thunngoang ka boomo kapa ha likulo tsa batho ba sa tsebeng ho thunya li phunyeletsa lifensetere le ho otla mabota a likamore.

Haeba u lula motseng o moholo, mohlomong u tloaelane le maemo a hlalositsoeng mona ’me haeba u se paki e boneng ka mahlo, mohlomong u bone khaso ea litaba tsa TV mantsiboea. Metseng e mengata ho thunngoa ho atile hoo hangata ho sa tlalehoeng koranteng ea sebakeng seo. Hangata, li pupetsoa ke lipolao tse ling tse ngata tse hapang lihlooho tsa litaba metseng e meng kapa likarolong tse ling tsa lefatše.

Ka mohlala, polao e sehlōhō ea California ebile sehlooho sa litaba likarolong tse ngata tsa lefatše ha monna ea nkileng sethunya a ne a qhalanya batho ba bangata ’me a thunya sehlopha sa bana ba banyenyane, a bolaea liithuti tse hlano ’me a lematsa tse ka bang ba 29 pele a ithunya. Europe le United States ho boetse ho hlaha litaba tse tšosang tsa monna

ea hlanyang ea bolaileng batho ba 16 Engelane ka sethunya sa AK-47. Canada monna ea neng a hloile basali o ile a ea Univesithing ea Montreal a thunya le ho bolaea basali ba 14. Leha ho le joalo, ntle le haeba lenane la lipolao e le le tšosang, boholo ba lipolao tsa lithunya, likotsi feela kapa likotsi tsa ka boomo, ke ka seoelo li tlalehoang ka ntle ho motse oo li etsahetseng ho ’ona.

Boikutlo bo Makatsang ba ho Rata Lithunya

Mekhatlo ea sepolesa ea lehae, ea naha, ea sechaba, le mekhatlo ea machaba le baetapele ba makatsoa ke lenane le eketsehang la mafu le amanang le lithunya tse nyenyane le tse kholoanyane tse seng li le matsohong a linokoane le batho ba kulang kelellong. Mokhatlo oa Machaba oa Baetapele ba Sepolesa o lekanyetsa hore ho na le lithunya tse ka bang 650 000 ho ea ho tse 2 000 000 tseo “mohlomong li leng matsohong a linokoane sechabeng sohle [U.S.A]—e leng sehlopha sa batho ba babe ba thunyang ka mehla,” ho tlalehile U.S.News & World Report.

Ho lekanyetsoa hore United States feela, hoo e batlang e le lehae le leng le leng le na le sethunya. Le hoja lenane le nepahetseng la lithunya tseo Maamerika a nang le tsona le sa tsejoe hantle, litekanyetso tsa haufinyana li bontša hore Maamerika a limillione tse 70 a na le lithunya tse nyenyane tse ka bang limillione tse 140 le tse khōlō tse limillione tse 60. “Feme ea sechaba e khōlō haholo hoo e ka fanang ka sethunya se le seng ho monna e mong le e mong, mosali, le ngoana naheng,” ho ngotse U.S.News & World Report. Na u fumana sena se tšosa?

Europe baahi ba fetohile sehlopha sa batho ba hlometseng. Engelane e leka ka matla ho loana le bothata ba eona ba lithunya ha batho ba eketsehileng ba itlhomella ka lithunya ka ho felletseng. Ho lekanyetsoa hore Jeremane Bophirima pokello eo e seng ea molao ea lithunya e ka feta karolo ea 80 lekholong ea lithunya tsohle naheng. Ho latela litlaleho, lenane la lithunya tsena le utsoitsoe “polokelong ea libetsa ea sepolesa ea Jeremane, ho mapolesa a meeling, sesoleng sa Jeremane le polokelong ea libetsa ea NATO.” Ho tlalehoa hore Switzerland ho na le lenane le phahameng ka ho fetisisa la lithunya lefatšeng. “Moahi e mong le mong oa Switzerland ea utloang molao a ka ’na a ba le lithunya, ’me moshemane e mong le e mong ea lilemong tsa ho ea bosoleng o lokela ho ba le sethunya se matla ho feta se ileng sa sebelisoa polaong e sehlōhō ea Stockton [California],” ho tlalehile The New York Times ea la 4 February, 1989.

Matsatsi a ’maloa hamorao, The New York Times e tlalehile hore San Salvador, “lithunya li tloaelehile mathekeng a banna joaloka mekotlana. Mabenkeleng a maholo, moo balebeli ba lebelang litselana ba tšoere lithunya, ba batla hore bareki ba notlelle lithunya tsa bona ka har’a li-locker tse leng menyako.” Ho latela makasine oa Asiaweek oa February 1989, ’muso oa Philippines o “lumela hore naha eo e na le lithunya tse sebelisoang ntle ho lengolo la tumello tse 189 000 bonyane. Lithunya tseo hammoho le tse 439 000 tse nang le mangolo a tumello, li bolela hore lithunya tse leng matsohong a batho ka bomong li feta lithunya tse leng matsohong a sesole, e leng tse ka bang 165 000. Lithomello tsa libetsa tseo e seng tsa molao li nkuoa ke sepolesa beke le beke boemafofaneng ba machaba le boemakepeng ba Manila.”

Canada e nang le khotso, moo Molao oa Linokoane o thibelang ka matla ho ba le lithunya le ho li sebelisa, ho hlokometsoe liketsahalo tsa tlōlo ea molao tse eketsehang tse amanang le lithunya. Ho ea bofelong ba 1986, ho ne ho na le lithunya tse ngolisitsoeng ka molao empa li thibetsoe tse ka bang 860 000 Canada. Seo se ne sa kopanyeletse pokello e ka thoko ea libetsa tse fumanoeng pele ho 1978. Setsebi se seng sa Canada sa sepolesa se boletse: “Seo ke ratang ho se tseba ke hore na ke ka lebaka la eng ha batho ba Canada ba ikutloa hore ba tlameha ho ba le sethunya se senyenyane kapa seholo.”

Haufinyana ha ’muso oa U.S. o ne entse thibelo ea nakoana thomellong ea lithunya, ho bile le liphello tse sa lebelloang. Bareki ba ferekaneng maikutlong ba ile ba ema lihora tse telele meleng ho reka lithunya tse neng li ntse li le teng mabenkeleng ’ohle naheng. “Ho tšoana le lehlana-hlana la motima-hlaha la Oklahoma bakeng sa ho reka naha,” ho boletse moreki e mong ea emeng moleng ho reka sethunya sa ho qetela se setseng. Lithunya li ne li ka fumaneha ka R260 pele ho thibelo. Ho fihlela letsatsing leo li ne li rekisoa R2 600 se le seng. “Lithunya tsena lia fihla ’me ho rekisoa tse 30 ka letsatsi,” ho boletse ralebenkele e mong ea thabileng. “Ba li reka kaofela, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e oelang matsohong a bona ba e reka. Seo ba se entseng ke hore ho be le sethunya lapeng la motho e mong le e mong,” ho boletse mong’a lebenkele le leng le rekisang lithunya.

Molao naheng ea Florida, United States, o lumelletse ba nang le lithunya ho tsamaea ka tsona phatlalatsa li leketlile mathekeng a bona kapa ba li patile. Ba bang ba tšaba hore sena se tla fella ka ho thunyana literateng joale ka sehopotso sa ho thunyana meeling e ka bophirima ea United States. Moemeli e mong oa Florida State o itse: “Molaetsa oo re o romelang ke hore, ‘Re ke ke ra hlola re tseba ho le sireletsa, kahoo iphumanele sethunya ’me u bone seo u ka se etsang.’” ’Me ha ho lekanyetsoa ka thekiso ea lithunya, ho bonahala ba likete ba hlile ba etsa joalo.

Ke hobane’ng ha ho na le takatso e matla hakaale ea lithunya—tseo tse ling li leng matla hoo li ka phunyang mabota a samente ’me li tseba ho thunya ka makhetlo a 900 ka motsotso ’me li reretsoe ho bolaea? Bahlanka ba bang ba ’muso ba bolela hore lithunya li “hohela” hoo li etsang hore banna ba li rate ka ho khethehileng. “Ho na le boikhohomoso ba bonna ba ho leketlisa sethunya se seholo, se sebe le se matla ka ho fetisisa se ka fumanehang,” ho boletse mohlanka e mong oa ’muso. “Ho banna ka ho khethehileng, lithunya li tsosa boikutlo ba mohlolo ba ho batla ho khutlela bocheng ba bona,” ho ngotse moqolotsi e mong. Mekhatlo e meng ea libanka e sebelisa lerato lena la mohlolo bakeng sa lithunya ka ho fana ka lithunya tse nyenyane ho e-na le ho lefa phaello cheleteng e bolokiloeng bankeng. Litlaleho li bontša hore phatlalatso ena e ratoa haholo ke ba bolokileng chelete bankeng.

Lefatšeng lohle thekiso ea libetsa e eketsehile. E tla fella kae? Na e tla fela ha monna e mong le e mong sechabeng a na le sethunya se le seng kapa tse ngata? Kapa na lithunya ke tsa banna feela? Nahana ka lintlha tse thahasellisang sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela