Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 4/8 maq. 17-19
  • Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa ho Laola Kabo ea Libetsa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa ho Laola Kabo ea Libetsa?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litaba Tseo ho Ngangisanoang ka Tsona ka Matla
  • Ho Tea Lisabole Hore e be Mehoma
  • Libetsa Tse Nyenyane, Mathata a Maholo
    Tsoha!—2001
  • Lithunya—Tsela ea Bophelo
    Tsoha!—1990
  • Na Matla a Motho a ka ba Thibela?
    Tsoha!—1989
  • Sebōpeho sa Ntoa ea Kajeno
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 4/8 maq. 17-19

Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa ho Laola Kabo ea Libetsa?

LILEMONG tsa morao tjena, mebuso lefatšeng ka bophara e tšohlile litsela tsa ho loantša khoebo e seng molaong ea libetsa tse nyenyane. Taba ena e ’nile ea sekasekoa ke Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng. Ho ngotsoe litlaleho, ha etsoa lipuello ’me ha etsoa liqeto. Leha ho le joalo, bahlahlobisisi ba bontša hore ho lebisa tlhokomelo khoebong ea mokunyata feela ho bolela hore bahoebi ba baholo ba libetsa—e leng mebuso ka boeona—ha ba na ho phenya-phenngoa.

Ha e le hantle, ho na le phapang e sa bonahaleng hakaalo lipakeng tsa thekiso e molaong le e seng molaong ea libetsa. Libetsa tse ngata tse seng molaong li kile tsa rekisoa ka molao. Libetsa tseo pele li neng li rekisetsoa sesole kapa mafapha a sepolesa hangata lia utsuoa ’me li rekisoe ka mokunyata. Ho feta moo, ho tloaelehile hore libetsa li boele li rekisetsoe motho e mong empa e le hore morekisi oa tsona oa sebele ha a tsebe kapa ha aa fana ka tumello. Sehlooho se koranteng ea Arms Control Today se re: “Ka ho khetheha, mebuso e lokela hore e se tšehetse khato ea ho ba khahlanong le khoebo e seng molaong ea libetsa tse bobebe feela, empa e boetse e lokela ho hlahloba karolo eo eona e e phethang khoebong ea libetsa tse molaong.” Le hoja ba bangata ba tšepa hore lichaba li tla qetella li nkile khato khahlanong le khoebo ea libetsa tse nyenyane, moqolotsi e mong oa litaba o itse: “Re lokela ho beha lipelo sekotlolong kaha litho tse hlano tsa kamehla tsa lekhotla [la tšireletso la Machaba a Kopaneng] ke tsona tse ikarabellang khoebong ea libetsa tsa lefatše e fetang 80%.”

Se tlatsetsang bothateng ba ho laola phallo ea libetsa tse nyenyane le tse bobebe ke hore ho bonolo haholo ho li etsa. Le hoja e le linaha tse ka bang 12 feela tse nang le lifektheri tse etsang libetsa tse rarahaneng tse kang litanka tsa ntoa, lifofane le likepe tsa ntoa, ke lifektheri tse fetang 300 linaheng tse ka bang 50 hona joale tse etsang libetsa tse bobebe. Ho ngatafala le ho hōla ha lifektheri tse etsang lithunya ha ho bokelle libetsa feela sechabeng empa ho boetse ho eketsa le menyetla ea ho fana ka libetsa mabothong a ntoa, lihlopheng tsa marabele le mekhatlong ea litlokotsebe.

Litaba Tseo ho Ngangisanoang ka Tsona ka Matla

Ho fihlela joale, re ’nile ra lebisa tlhokomelo e khōlō tšebelisong ea libetsa tse nyenyane linaheng tse tsekolotsoeng ke ntoa. Leha ho le joalo, linaha tse batlang li tsitsitse tse sa loaneng ke tsona tse ngangisanang ka matla ka taba ea ho laola kabo ea lithunya. Ba buellang melao e thata ea ho laola kabo ea lithunya ba bolela hore lithunya tse ngata li etsa hore ho be le lipolao tse ngata. Ba bontša hore United States, moo ho laola kabo ea lithunya ho nyehlileng ’me lithunya li bapala bana, ho na le palo e phahameng ea lipolaeano baahing, empa Engelane moo kabo ea lithunya e laoloang ka thata, ho na le palo e tlaase ea lipolaeano. Ba hanyetsang molao oa hore ho laoloe kabo ea lithunya ba potlakela ho bontša hore Switzerland batho ba bangata ba fumana lithunya habonolo empa palo ea lipolaeano e tlaase.

Ho thatafatsa litaba le ho feta, liphuputso li bontša hore United States, lipolaeano tseo e seng tsa sethunya li phahame ho feta kakaretso ea lipolao tsa linaheng tse ngata tsa Europe. Leha ho le joalo, ho na le linaha tse ling tse nang le palo ea lipolao tseo e seng tsa sethunya tse phahameng ho feta kakaretso ea lipolao tse teng United States.

Ho tloaelehile ho sebelisa lipalo-palo—le hona ho li sebelisa hampe—ho tšehetsa pono e itseng. ’Me tabeng ea taolo ea kabo ea lithunya, ho bonahala phehisanong e ’ngoe le e ’ngoe ho e-na le boikemelo bo kholisang. Tseko ea teng e rarahane. Leha ho le joalo, hangata litsebi lia lumela hore ho na le lintho tse ngata tse susumelletsang lipolaeano le botlokotsebe ntle le ho ba le lithunya.

Mokhatlo oa Sechaba oa Lithunya o nang le matla United States hangata o re: “Lithunya ha li bolaee batho; batho ke bona ba bolaeang.” Ho latela pono ena, le hoja sethunya se etselitsoe ho bolaea, se ke ke sa bolaea ka bosona. Motho ke eena ea tlamehang ho se khoephetsa, ebang ke ka morero kapa ka phoso. Ntle ho pelaelo, ba bang ba tla pheha khang ka hore lithunya li nolofalletsa batho ho bolaea ba bang.

Ho Tea Lisabole Hore e be Mehoma

Ho latela Bibele, bothata ba ho bolaea batho bo ke ke ba rarolloa feela ka ho tlosa lithunya matsohong a bao morero oa bona e leng ho bolaea. Tlōlo ea molao ke bothata ba sechaba, hase taba ea hobane feela libetsa li le teng. Tharollo ea sebele e amana le ho fetola boikutlo le litšekamelo tsa batho ka bobona. Moprofeta Esaia o ile a bululeloa hore a ngole: “Ka sebele [Molimo] o tla ahlola har’a lichaba ’me a lokise litaba lichabeng tse ngata. Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Esaia 2:4.

Sena ha se thata joalokaha ba bang ba ka ’na ba nahana joalo. Boprofeta ba Esaia boa phethahala kajeno har’a Bakreste lefatšeng ka bophara. Ho fetola ha bona libetsa ho li etsa lisebelisoa tsa khotso ka tsela ea tšoantšetso ho bontša takatso ea bona e tebileng ea ho khahlisa Molimo le ho phela ka khotso le ba bang. Ka nako e loketseng tlas’a ’Muso oa Molimo, e mong le e mong lefatšeng o tla phela ka khotso le tšireletseho tse feletseng. (Mikea 4:3, 4) Lithunya li ke ke tsa bolaea batho. Batho ba ke ke ba bolaea ba bang. Lisebelisoa tsa ho bolaea li tla be li se li sa tsejoe.

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

‘Ba tla tea lisabole tsa bona hore e be mehoma’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela