Libetsa Tse Nyenyane, Mathata a Maholo
KA LILEMO tse mashome, lipuisano tse mabapi le ho laola kabo ea libetsa li ne li likoloha libetseng tsa nyutlelie. Sena ha se makatse kaha bomo e le ’ngoe ea nyutlelie e ka ripitla motse kaofela. Leha ho le joalo, ho fapana le libetsa tse nyenyane, libetsa tsena tse matlahali ha li e-s’o ka li sebelisoa ntoeng ka lilemo tse fetang 50.
Rahistori oa sesole ea hlomphehang, John Keegan, oa ngola: “Ho tloha ka la 9 August 1945, libetsa tsa nyutlelie ha li e-s’o ka li bolaea motho le ea mong. Boholo ba batho ba 50 000 000 ba shoeleng ho tloha ka nako eo ba bolauoe ke libetsa tse theko e tlaase tse hlahisoang ka bongata le lithunya tsa likulo tse nyenyane, tse bitsang chelete e fetang hanyenyane ea ho reka seea-le-moea le libeteri, tseo kaofela ha tsona li fihlileng ka nako e le ’ngoe lefatšeng. Kaha libetsa tse theko e tlaase ha lia ferekanya bophelo hakaalo mafatšeng a tsoetseng pele, ntle le libakeng tse tsoetseng pele tseo ho tsona ho renang khoebo ea lithethefatsi le bokhukhuni ba lipolotiki, baahi ba linaheng tse ruileng ba liehile ho elelloa bokhopo bo tšabehang boo tšilafalo ena ea libetsa e bo tlisitseng.”
Ha ho ea tsebang hantle hore na ho na le libetsa tse nyenyane le tse bobebe tse ngata hakae matsohong a batho, empa litsebi li hakanya hore lithunya tsa moetso oa sesole li ka ’na tsa e-ba limilione tse 500. Ho phaella moo, baahi ba na le mefuta ea lithunya tseo e seng tsa sesole le lipistolo tse limilione tse mashome-shome. Ho feta moo, ho etsoa libetsa tse ncha ’me li kenngoa ’marakeng selemo se seng le se seng.
Libetsa Tse Ratoang
Ke hobane’ng ha libetsa tse nyenyane li fetohile libetsa tse ratoang lintoeng tsa morao tjee? Lebaka le leng ke la kamano e teng lipakeng tsa ntoa le bofuma. Boholo ba lintoa tse loannoeng ka 1990 li bile teng linaheng tse futsanehileng hoo li sitoang ho reka libetsa tse tsoetseng pele. Libetsa tse nyenyane le tse bobebe ke tsona tse fumanehang ka theko e tlaase. Ka mohlala, liranta tse limilione li 380, tse batlang li lekana le theko ea sefofane sa ntoa sa jete sa morao tjena, li ka rekela lebotho la masole a 200 000 lithunya tsa ntoa tse jaroang.
Ka linako tse ling, libetsa tse nyenyane le tse bobebe li theko e tlaase ho feta moo. Mabotho a sesole a fokotsang basebetsi a fana ka libetsa tsena ka bongata ba limilione tse mashome-shome, kapa li sebelisoa hape ntoeng ea sebaka se seng. Linaheng tse ling, ho na le lithunya tsa ntoa tse jaroang tse ngata hoo li rekisoang ka chelete e tlaase ba liranta tse 45, kapa li ka ’na tsa rekoa ka pōli, khōhō kapa mokotla o tletseng liphahlo tsa khale.
Ho sa le joalo, ntle le taba ea litheko tse tlaase le ho fumaneha ka bongata, ho boetse ho na le mabaka a mang a etsang hore libetsa tse nyenyane li ate hakana. Lia bolaea. Sethunya se le seng sa ntoa se jaroang se ka thunya ka makhetlo a makholo ka motsotso. Hape ho bonolo ho li sebelisa le ho li hlokomela. Ngoana ea lilemo li leshome a ka rutoa ho qhaqha le ho boela a kopanya sethunya sa mofuta oo sa ntoa. Ngoana a ka boela a ithuta ka potlako ho korola le ho thunya letšoele la batho.
Lebaka le leng le etsang hore ebe lithunya li atile ke la hore li thata ’me li lula li sebetsa ka lilemo tse ngata. Lithunya tse kang sa AK-47 le M16, tseo masole a neng a li sebelisa Ntoeng ea Vietnam, li ntse li sebelisoa le lintoeng tsa kajeno. Tse ling tsa lithunya tse sebelisoang Afrika ke tse ’nileng tsa sebelisoa Ntoeng ea I ea Lefatše. Ho feta moo, ho bonolo ho tsamaisa le ho pata lithunya. Pere e le ’ngoe e ka jara thōtō ea lithunya tse ngata ho li isa lebothong la sesole sa sekhukhu se ipatileng merung e ririellaneng kapa lithabeng tse ka thōko. Mokoloko oa lipere o ka jara lithunya tse ngata ho lekana lebotho le lenyenyane.
Lithunya, Lithethefatsi le Lidaemane
Khoebo ea lithunya lefatšeng ka bophara e etsoa ka mekhoa e mengata e fapaneng. Lithunya tse ngata li tloha ka molao sechabeng se seng ho ea ho se seng. Ka mor’a Ntoa ea Mantsoe, mabotho a ntoa a Bochabela le a Bophirimela a ile a fokotsoa, ’me mebuso e ile ea fana kapa ea rekisetsa metsoalle ea eona le linaha tsa selekane thepa e lutseng feela e sa sebetse. Ho latela mongoli oa Peace Research Institute e Oslo, Norway, ho tloha ka 1995 United States feela e fane ka lithunya tse fetang 300 000 tsa mofuta o jaroang, lipistolo, lithunya tsa merathatha le tse tsoibilang liqhomane. Ho boleloa hore ho fana ka libetsa ho ja chelete e nyenyane ho feta ha li qhaqhoa kapa li behoa ’me li lebeloa. Bahlahlobisisi ba bang ba hakanya hore libetsa tse nyenyane le tse bobebe tseo mohlomong li jang liranta tse limilione tse likete li 20, li tšela meeli ea linaha ka molao selemo se seng le se seng.
Leha ho le joalo, e ka ’na eaba khoebo e seng molaong e khōlō ho feta ena. Libetsa tse rekisoang ka mokunyata hangata li tlameha ho rekoa. Lintoeng tse ling tsa Afrika, lihlopha tsa mabotho a sesole sa sekhukhu li rekile libetsa tse nyenyane le tse bobebe tse jang liranta tse limilione tse makholo, eseng ka chelete, empa ka lidaemane tseo li li nkileng libakeng tseo ho rafshoang daemane ho tsona. The New York Times ea hlalosa: “Mebusong e tletseng bobolu, marabele a hloka mohau ’me meeli ea teng e tšeleha habonolo . . . Majoe ana a phatsimang a fetohile lisosa tsa tšebetso ea makhoba, polao, ho khaola batho litho, ho hloka lehae ha batho ba bangata le ho oa ho hoholo ha moruo.” Ho soabisa hakaakang hore ebe lehakoe lee la bohlokoa le rekiloeng ka lithunya tsa ntoa, hamorao le rekisoa mabenkeleng a hlomphehang a mabenyane e le pontšo e theko e phahameng ea lerato la ka ho sa feleng!
Libetsa li boetse li amahanngoa le khoebo e seng molaong ea lithethefatsi. Ho tloaelehile hore mekhatlo ea linokoane e sebelise mekhoa e tšoanang ho mokola lithethefatsi joalokaha e mokola lithunya. Ka hona, libetsa li batla li fetohile sesebelisoa sa ho reka lithethefatsi.
Lithunya ka Mor’a Hore Ntoa e Lale
Ha ntoa e lala, hangata lithunya tse sebelisitsoeng ho eona li oela matsohong a linokoane. Nahana ka se ileng sa etsahala naheng e ’ngoe Afrika e ka boroa e ileng ea e-ba le pefo ea bonokoane ka mor’a hore ea lipolotiki e bobe. Pefo ea lipolotiki naheng eo e ile ea bolaea batho ba 10 000 ka lilemo tse tharo feela. Ha ntoa eo e fela, pefo ea bonokoane e ile ea phahama. Tlhōlisano e bileng teng lipakeng tsa bakhanni ba litekesi e ile ea qhomisa “lintoa tsa litekesi” tseo ho tsona ho neng ho hiroa babolai hore ba thunye baeti le bakhanni ba mekhatlo e meng eo ho hlōlisanoang le eona. Mefuta ea lithunya tsa ntoa tsa masole tse jaroang lehetleng e ne e sebelisoa ka ho eketsehileng bosholung ba boqhobane le bokebekoeng bo bong. Boholo ba lipolaeano tsa batho ka lithunya li ile tsa fihla ho 11 000 selemong se seng sa haufi tjena, e leng palo ea bobeli e phahameng lefatšeng bakeng sa linaha tseo ho seng ntoa e kupang ho tsona.
Tsebo ea hore linokoane li hlometse ’me li kotsi e baka tšabo le ho se sireletsehe. Linaheng tse ngata tse tsoelang pele, barui ba lula libakeng tseo ho ka thoeng ke liqhobosheane, ba lika-likelitsoe ka marako le terata ea motlakase tse lebetseng bosiu le motšehare. Baahi ba linaheng tse tsoetseng pele le bona baa itšireletsa. Sena se etsahala le libakeng tse e-song ho ka li e-ba le ntoa ea lehae.
Ka hona, lithunya li baka ho se tsitse ka tsela e tšoanang le linaheng tseo ho kupang ntoa ho tsona le linaheng tseo ho nang le “khotso” ho tsona. Ha ho motho ea ka lekanyang liphello tse bakoang ke lithunya; ’me re ke ke ra tseba ka ho feletseng hore na ke ba bakae ba shoeleng, ba lemalitsoeng, ba shoeletsoeng le bao bophelo ba bona bo senyehileng. Leha ho le joalo, rea tseba hore lefatše le tletse ka libetsa le hore li lula li eketseha. Batho ba eketsehileng ba lla ka hore ho be le se etsoang. Empa ho ka etsoa eng? Ho tla etsoa eng? Tsena ke lipotso tseo re tla li hlahloba sehloohong se latelang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]
Eo e Kileng ea E-ba Lesole o Ikutloa e le “Sethoto sa Lithoto”
Moshanyana oa lesole ea neng a ile a loana ntoeng e ileng ea etsa hore batho bao re buileng ka bona sehloohong sa pele e be baphaphathehi, ka tšohanyetso o ile a iphumana a hloka mosebetsi ’me a hloka le sente motseng oona oo a neng a thusitse hore o hapuoe. O bua ka pelo e bohloko hore o bona mora oa moeta-pele oa hae a khanna sethuthuthu sa boleng bo phahameng toropong ’me bao e kileng ea e-ba balaoli ba sesole bona ba laola ka bolotsana le ho tsekisana hore na ke mang ea lokelang ho hlomphuoa. Lesole leo le re: “Ha ke nahana ka lilemo tse hlano tseo ke li qetileng morung, ke bolaea batho ’me le ’na ke thunngoa, ke ikutloa ke le sethoto sa lithoto. Re ne re tetse bophelo ba rōna bakeng sa batho bao ka moso ba ke keng ba hopola hore na ho tlile joang hore ba be maemong ao ba leng ho ’ona.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Boy soldier: Nanzer/Sipa Press
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]
“Ha ho Mokhoa oa ho Ipata”
Le hoja sethunya sa ntoa sa morao tjena se jaroang se bolaea, se na le moo se haelloang teng. Se ntša likulo feela. Se ke ke sa bolaea batho ba ipatileng ka mor’a mabota a thata kapa marakong a thibellang. Le tšohile ntoa, lesole le ka ’na la sitoa ho tsitsa ha le korola. Se tšoeroe ka letsoho, esita le tlas’a maemo a matle se ka nepa feela ha se le bohōle bo sa feteng limithara tse 460.
Sesole sa United States se na le tharollo ea “mathata” a kang ao—se na le sethunya se secha sa theknoloji e phahameng se ka sebelisetsoang merero eohle se bitsoang Objective Individual Combat Weapon (OICW). Se bobebe hoo se ka nkoang ke lesole le le leng, sethunya sa OICW se ke ke sa thunya likulo feela, empa se tla tsoibila le liqhomane tsa boholo ba limilimithara tse 20. Tšobotsi e ’ngoe e ikhethang: Se ka bolaea lira tse ipatileng ka nģ’ane ho marako a thibellang. Lesole le hloka feela hore le korole sethunya ka holimo hanyenyane kapa ka thōkoana ho sebaka seo le batlang ho se thunya. Sethunya seo ka bosona se tla lekanyetsa bohōle ba ntho e korotsoeng ’me se lokisetse hore fuse e nyenyane ea elektronike e seqhomaneng seo e ka phatlohela hantle sebakeng se nepahetseng, se fafatse bahlaseluoa ka metsu e tsoang seqhomaneng. Moemeli oa k’hamphani e ntseng e etsa sebetsa sena o itse: “Bokhoni ba sona bo ikhethang bo tla nolofalletsa masole a United States hore a thunye le likhocheletsaneng.” K’hamera e nyenyane e thusang ho korola e tla nolofalletsa sebetsa sena ho sebetsa hantle esita le lefifing.
“Motho a ke ke a ipatela” sethunya sena, ho ea kamoo baetsi ba sona ba ithorisang kateng, ba bolelang hape hore sehlomo sena se tla bolaea ka makhetlo a mahlano ho feta kamoo M16 le M203 e tsoibilang liqhomane li neng li bolaea kateng, ’me se le bohōle bo imenneng habeli ho feta ba tseo. Masole a se sebelisang ha aa tlameha ho tšoenngoa ke taba ea hore a tsitse ha a korola; ho hlokahala feela hore a shebe ka k’hamera e nyenyane ’me a khoephetse sethunya e le hore se fafatse likulo le liqhomane. Haeba tsoelo-pele ena e ka tsamaea hantle ho latela kamoo ho reriloeng kateng, lebotho la pele la sesole le tla hlomelloa ka OICW ka selemo sa 2007.
Leha ho le joalo, ba se nyatsang ba botsa lipotso tsena: Sethunya see se tla sebelisoa joang ha masole a lebetse motse o nang le baahi ba bangata, moo ho ka etsahalang hore ebe ba lireng ba ka har’a baahi ba se nang molato? Ho tla etsahala’ng ha OICW e rekisetsoa mabotho a mang lefatšeng a ka ’nang a sebelisa sebetsa see khahlanong le batho ba habo ’ona? Hona ho tla etsahala’ng ha libetsa tsee li oela matsohong a likhukhuni le linokoane?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Alliant Techsystems
[Litšoantšo tse leqepheng la 14]
Hangata libetsa tse nyenyane le tse bobebe li rekisoa ka lidaemane le lithethefatsi