Lithunya—Ha se Tsa Banna Feela
LEFATŠENG la liphatlalatso, setšoantšo sa monna oa seqhobane ea kakatletseng sethunya ka matsoho se ’nile sa sebelisoa ho rekisa lintho tse ngata. Ke lenane la lintho tse ngata tse rekisoang—koae, makoloi, liaparo, lithunya le lintho tse ling tse lekanyetsoang feella ke mohopolo oa mophatlalatsi.
United States ka ho khethehileng, banna ba ’nile ba tšoantšoa e le ba sa khaohaneng le lithunya tsa bona. Libakeng tsa metse, ho ’nile ha emisoa liemahale tsa bahale ba tšoereng sethunya ka letsoho kapa se leketlile thekeng. Esita le hoja ho se mantsoe a hlalosang setšoantšo, litšoantšo tse bontšang meeli e ka bophirima ea United States li khetholloa kapele ka lithunya tse kentsoeng lebanteng le thekeng la monna. Ho entsoe libaesekopo tse ngata ka lentsoe “sethunya” lihloohong tsa tsona. Lipontšo tsa thelevishine le liphatlalatso tsa lipontšo tsa sethaleng li tletse molumo oa lithunya—moo batho ba lokileng le ba babe ba thunyanang hohle. Liheshana tsa banna li loana li tšoere lithunya matsohong ’me maotong a tsona ho na le lipono tsa sebele tsa banna ba shoeleng.
Empa hona joale basali ba eketsehileng ba rata lithunya. Lilemong tse ngata tse fetileng, lithelevishine li bontšitse mafokisi a basali le mapolesa a sekhukhung a thunyanang le linokoane ka lithunya tse bolaeang le tse matla haholo.
Ba phallela ka bongata libakeng tseo ba ithutang ho sebelisa lithunya ho tsona, ba ntse ba korola ka makhetlo a mangata litšoantšo tse lekanang le batho ka boholo ’me ba li thunya pakeng sa tsa mahlo.
Kahoo ha ua lokela ho tšoha ho utloa hore lithunya tse etselitsoeng basali ka ho khethehileng li se li le teng ’marakeng ’me li rekoa ka bongata. “Mafumahali, le ke ke la sebelisa setebela-lephoka sa banna, joale ke hobane’ng ha le sebelisa lithunya tsa banna? U batla sethunya se senyenyane se bobebe, se ke keng sa roba linala tsa hao, u rata sethunya se tlang ho fella ka mokotlaneng oa hao. Mohlomong u batla sethunya sa [9,65] caliber sa LadySmith . . . se boreleli seo u ka khethang boholo ba molomo oa sona,” ho ngotse moqolotsi e mong oa litaba oa mosali. Setsebi se seng se hlalositse lebaka leo basali ba batlang lithunya ka lona: “Mosali o batla sethunya hore a shebahale hantle. U batla hore sethunya e be ntho e bohehang hantle eo a ka e kenyang ka mokotlaneng oa hae. Ha a rate ha se ka hohlana le mokotlana oa hae o monyenyane oa litlolo le seipone . . . Basali ba bangata ba rata hore mebala ea lintho e nyalane. Ha ba rate ha se shebahala hampe . . . O se rekela ho itšireletsa, empa ka nako e tšoanang ha a rate ha se ka bonahala se le sebe.”
Lithunya tse nyenyane tse etselitsoeng basali ka ho khethehileng li boholo ba 9,65 caliber, li ka hlahlela likulo tse hlano ’me li fumaneha ka khetho ea bolelele ba tsona—tsa lisenthimithara tse hlano le tsa lisenthimithara tse robeli—hore li lekane hantle ka mokotlaneng. Tse ling li na le kutu e boreleli ea rosewood e bosootho bo lefifi, ’me tse ling li ka ’na tsa ba le likutu tse mebala e hlakileng. “Li ntle haholo. Ke nahana hore li tšoareha habonolo,” ho boletse mosali e mong. Joale ho na le mekotlana e mecha e nang le likaroloana tse khethehileng bakeng sa sethunya sa mosali. “Mosali ea nang le sethunya se hlokang mokotlana o khethehileng o ipitsetsa khathatso. Molomo oa sethunya sa hao o tla qetella o tletse makumane a likuku le lipompong kapa koae haeba u tsuba, kapa ntho leha e le efe e bokellaneng botlaaseng ba mokotlana oa mosali oa letsoho,” ho boletse mosali e mong. Batho ba bang ba bona e sa le pele nako eo mosali a tla nka sethunya joalokaha a nkile sekhele.
Manane a Tsona a Eketseha
Phuputso ea haufinyana e bontšitse hore bohareng ba 1983 le 1986, lenane la basali ba nang le lithunya United States “le eketsehile ka karolo ea 53 lekholong ho ea ho tse fetang limillione tse 12.” Phuputso ena e boetse e bontšitse hore nakong ea lilemo tseo tse tharo, “basali ba eketsehileng ba limillione tse 2 ba ne ba nahana ho reka sethunya.” Limakasineng tse ling tsa basali, tlhokomeliso e bolotsana ea bohlokoa ba ho itšireletsa ha mosali e tšoantšoa ka mosali ea khutlang mosebetsing ’me a fumana fenstere ea monyako o ka pele e pshatliloe. Na o lula a le mong? Na o na le sethunya ho itšireletsa haeba a kopana le lesholu? Nomoro e botlaaseng ba phatlalatso ena eo a ka letsetsang ho eona ntle ho tefo ke ea moetsi oa lithunya, ea phatlalatsang lenane la lithunya tse ncha tse nyenyane tsa basali.
“Liphatlalatso tsena li tšoana le ho tšela letsoai leqebeng,” ho boletse mosali e mong. Lebaka ke hore basali ba bangata ba lula ba le bang kapa ke motsoali a le mong, ba ikutloa ba ka hlaseloa habonolo, ’me hangata ba na le lebaka le utloahalang. Metseng e mengata e meholo, ho betoa hoa eketseha. Basali ba phamoleloa mekotlana ea bona—ba bangata ba e nkeloa ba supiloe ka thipa. Basali baa hlaseloa literateng, moo ho emisoang makoloi, le meahong ea liofisi motšehare. Matlung le libakeng tsa bolulo moo basali ba lulang ba le bang, ba ea keneloa ha ba ntse ba robetse. “Re lokela ho ithuta ho itlhokomela hobane re batho ba mefuta e mengata sechabeng se mabifi ka ho eketsehang, re tlameha ho itlhokomela,” ho boletse mosali e mong.
“Ha ke tsoa mosebetsing, motho e mong o ile a ntšoara ka morao. O ne a tšoere thipa ’me o ile nkhatella fatše eaba o phamola mokotlana oa ka. Nakong eo, ke ile ka ipolella hore ke tlameha ho etsa ntho e ’ngoe,” ho boletse mosali e mong eo ho buisanoeng le eena thelevisheneng ea U.S. Ka mor’a hore a etse kōpo ea ho lumelloa ho tsamaea a nkile sethunya le ho ikoetlisetsa ho thunya, qeto ea hae ebile efe? “Boikutlo ba hore nka hlaseloa habonolo bo ile ba fela. Ke ile ka nahana hore haeba ke na le sethunya, ke tla thunya ’me ke ntho e ntle, ke ne ke ikutloa ke sa tšabe. Ka tšepe ena matsohong a ka, ke tla hle ke tsebe ho itšireletsa.”
Ho hlakile hore oo ke monahano oa basali ba fetang limillione tse 12 United States, ’me ho tseba mang hore ke ba ba kae ba nang le lithunya ka ntle ho tumello? Mohlomong lefatšeng lohle manane a eketsehile. Leha ho le joalo, na monahano ona ke phello ea linnete tse bontšoang ke liphuputso tse ngata? Pele u ilo reka sethunya ho itšireletsa, ak’u nahane ka seo baetapele ba sepolesa le lipalo-palo ba se bontšang.