Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 6/8 leq. 26
  • “Sesosa sa Kotsi”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Sesosa sa Kotsi”
  • Tsoha!—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lithunya—Tsela ea Lefu
    Tsoha!—1990
  • Lithunya—Tsela ea Bophelo
    Tsoha!—1990
  • Lithunya—Ha se Tsa Banna Feela
    Tsoha!—1990
  • Bashemane ba Babeli ba Phelang Hape
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 6/8 leq. 26

“Sesosa sa Kotsi”

KE ’NILE ka sebelisa lithunya ha e sa le ke le moshanyana, empa nke ke ka hlola ke e-ba le se seng hape. Re na le polasi e nyenyane, ’me ke ile ka nahana hore ke hloka sethunya bakeng sa ho laola liphoofotsoana tse senyang ka ho fata peō masimong. Ka letsatsi le leng ’na le mosali oa ka re ne re sebetsa masimong re lokisetsa ho jala. Ho ne ho chesa ka ho khethehileng letsatsing leo, ka hona re ile ra siea bara ba rōna ba babeli ka tlung moo ho neng ho pholile. Re ne re tsamaile limithara li se kae feela ’me ka nahana hore ba tla sala hantle ba ipapalla ba le babeli. Ke ne ke le holim’a terekere ha moshanyana e monyenyane a tla ho ’na a matha a hoeletsa: “Ntate, ke nahana hore ngoana o thuntsoe!” Ke ile ka mathela hae ’me ka fumana mosali oa ka a thusa ngoana ka CPR (cardiopulmonary resuscitation [thuso ea pele hore pelo le matšoafo li sebetse]) litepising tsa monyako o kamor’a ntlo. Ha ke ntse ke letsa nomoro ea 911, ke ile ka kōpa Jehova a thuse mora oa ka hore a phele, empa haeba a ne a ke ke a phela a mpe a mo hopole nakong ea tsoho. O ile a shoela liatleng tsa ’m’ae.

O ne a e-na le lilemo tse peli le halofo. O ne a le bonolo ’me ho se letho leo a le tsebang. Tlaleho ea ’muso e thathamisitse ho thungoa hona e le kotsi. Moshanyana e moholo o ile a nka sethunya ka kamoreng ea rōna ea ho robala, a se hlahlela, ’me a bapala ka sona. Ho shoa ha mora oa rōna, haholo-holo ka mokhoa o tjena, ke leqeba le sa foleng ho fihlela letsatsing leo Jehova a re tsosetsang eena ka lona.

Ho siea bashanyana ba le bang hae e bile phoso, empa ho ba le sethunya ka tlung e bile sesosa se seholo sa kotsi. Sethunya ke kofuto e bolaeang. Le ka mohla nke ke ka lokafatsa ho ba ha ka le sona.—Lengolo le amohetsoeng ka Tšitoe ngoahola le tsoang ho Paki ea Arizona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela