Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 5/8 maq. 9-11
  • Ho na le Tšepo efe Bakeng sa ho Ntlafala ha Moruo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho na le Tšepo efe Bakeng sa ho Ntlafala ha Moruo?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motho e Mong ea ka Tsebang ho Tsamaisa Moruo oa Lefatše Lohle
  • Ho Ntlafala ha Moruo ho Haufi
  • Ke Hobane’ng ha ho E-Na le Qaka ea Litšenyehelo Tsa Bophelo?
    Tsoha!—1989
  • Litheko Tse Phahameng—Litšenyehelo ho Batho
    Tsoha!—1989
  • Haufinyane, Ha ho ea Tla Futsaneha!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Fela ha Bofutsanea ho Atametse
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 5/8 maq. 9-11

Ho na le Tšepo efe Bakeng sa ho Ntlafala ha Moruo?

Ho tlalehoa hore nakong ea puso ea Louis XVI oa Fora, mofumahali oa hae Marie Antoinette, ho tlalehoa hore o kile a botsa letona la ntlo ea borena la lichelete: “U tla etsa eng ka khaello ea chelete, Monghali le Letona la lichelete?” Karabo ea hae e bile: “Ha ho letho le tla etsoa Mofumahali. E mpe haholo.”

LE HOJA linako li fetohile, ho bonahala filosofi ena e khethehileng e ntse e i amoheleha. Matona a ’muso le litsebi tsa moruo ka ho tšoanang ba tletleba ka molato o moholo oa machaba oa chelete, ho se tsitse ho hoholo ha moruo mahareng a linaha tse ruileng le tse futsanehileng, le bofutsana bo tšabehang linaheng tse ngata. Empa haeba ho etsoa ho honyenyane haholo kapa ho sa etsoe letho—mathata ana a teba haholo. Na see sea utloahala tabeng ea moruo?

Lentsoe “economics [moruo]” le tsoa lentsoeng la Segerike oikonomos, le bolelang mohlanka kapa molaoli oa ntlo. Ha e le hantle, moruo oa lefatše ke thuto ea kamoo “ntlo” ea lefatše e tsamaisoang kateng. E tsamaisoa joang?

Ka mohlala, ha re nahaneng lefatše e le sebaka sa boahisani, ’me lichaba ka bomong e le baahisani. E mong oa baahisani ke morui e moholo ’me o batla a alima motho e mong le e mong chelete, empa erekaha e le motho ea molemo ea alimang, ba alingoeng chelete ha ba tsotelle ho e khutlisa. Malapa a mang a futsanehileng haholo a molatong oa chelete ka ho tebileng hoo a lokelang ho alima chelete ho lefa phaello e phahameng likalimong tsa oona. Ho sa le joalo, lelapa la ntate e mong le futsanehileng ka ho fetisisa sebakeng seo, hammoho le metsoalle ea lona ba sa tsoa ithabisa moketeng oa semetletsa oa lijo, le hoja bana ba hae ba bangata ba bolaoa ke tlala.

Malapa a barui a na le lijo tse ngata ’me a qetella a li lahletse ka moqomong oa lithōle. A sebelisa chelete e ngata liphoofolong tsa oona tsa lapeng ho feta chelete eo malapa a futsanehileng a ka e sebelisang baneng ba oona. Nako le nako ba ba le liboka ho buisana ka mathata a sebaka seo, empa ho bonahala ho se letho le etsoang. Karohano e tebileng e ntse e eketseha mahareng a malapa a barui le a mafutsana. Ka ho hlakileng, ho na le ho hong ho fosahetseng mabapi le tsela eo sebaka sena sa boahisani se tsamaisoang ka eona.

Motho e Mong ea ka Tsebang ho Tsamaisa Moruo oa Lefatše Lohle

Tsamaiso e ntle e ke ke ea arohanngoa le boitšoaro bo botle. Joalokaha re bone, boithati le meharo sechabeng, mokhatlong, le ho batho ka bomong li tlatsetsa ka ho toba qakeng ea litšenyehelo tse phahamang tsa bophelo, haholo linaheng tse futsanehileng. Leeme la moruo ke pontšo e ’ngoe ea leeme la tsamaiso eo ea lintho.

Ka ho lumellehang, ha ho na litharollo tse bonolo. Mathata ana a maholo hoo a ke keng a lokisoa ke naha e le ’ngoe, ’me ha ho sehlopha sa machaba se nang le matla a hlokahalang se ka sebetsanang le ’ona. Ho phaella moo, baeta-pele ba lefatše ba nyatsoa bakeng sa ho batla thuso ea lipolotiki.

Leha ho le joalo, histori e bua ka molaoli e mong eo ka ho khethehileng a neng a tsotella ka boemo ba moruo bo neng bo theoha. O ile a fana ka melao e khethehileng ea ho ba sireletsa.

Molaoli enoa e bile eena ea ileng a lokolla Baiseraele Egepeta lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng ’me a ba fepa ka mohlolo ka manna leetong la bona la lilemo tse 40 lehoatateng. Morena enoa ea sa bonahaleng o ile a tiisa hore e mong le e mong o na le lijo tse lekaneng.—Exoda 16:18; bapisa 2 Ba-Korinthe 8:15.

Hamorao, ha Baiseraele ba fihla Naheng ea Pallo, melao e fanoeng ke Molimo e ile ea sireletsa ba hlokang. Likalimo tse sa kenyeng phaello li ile tsa fanoa ho ba ileng ba oeloa ke bomalimabe. Mafutsana a ne a khoahlapisa masimong, esita le masimong a litholoana le merara. ’Me beng ba masimo ba ne ba lokela ho siela ba khoahlapisang ho hong. Ho feta moo, Molimo o ile oa laela Baiseraele ba ruileng haholoanyane ‘ho fuparolla liatla tsa bona ho bafumanehi naheng.’—Deuteronoma 15:7-11.

Molimo o ile oa tsamaisa ntlo ea Iseraele ka tsela eo sechaba sohle se neng se ka tsoela pele hantle, ha feela se ne se mamela litaelo tsa oona. Baemeli ba hae, joaloka Morena Salomone, ho ne ho hlokahala hore ba etsise mohlala oa Molimo. Ka Salomone, mopesaleme oa ngola: “O tla sireletsa motho ea hlokang haholo, o tla boloka bana ba ba hlokang . . . o tla lokolla mofutsana ea bitsang ho eena, ’me ho ba hlokang thuso, o tla ba le mosa ho mafutsana le ba hlokang, . . . bophelo ba bona e tla ba ba bohlokoa mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:4, 12-14, The Jerusalem Bible.

Leha ho le joalo, hamorao Molimo o ile oa bolela Lentsoeng la oona hore ho tla ba le ho phahama ha litšenyehelo tsa bophelo. Ha Bibele e hlalosa ka boemo bo hatellang ba moruo boo qetellong bo neng bo tla hlasela batho, e profetile: “Moputso oa letsatsi lohle ke lofo ea bohobe.” (Tšenolo 6:6, Weymouth, Khatiso ea Bohlano) Kajeno, boemo bona ke ba sebele ho mafutsana a mangata lefatšeng. Moputso oa letsatsi lohle ha o tsebe ho reka esita le sejo se le seng.

Ho Ntlafala ha Moruo ho Haufi

Tharollo feela bothateng bona bo senyehang ba litaba e ile ea totobatsoa ke mohapi oa moputso oa Nobel, Willy Brandt. O itse: Ho na le tlhokomelo e hōlang ea hore linaha tse futsanehileng le tse ruileng . . . li tlamahantsoe hammoho ke thahasello ea tsona e tšoanang ea ho pholoha, le hore litharollo li ka finyelloa feela ka ho amohela katamelo e nang le kahlolo e molemo le ea lefatše ka bophara.”

Ke sona seo Molimo ka booona o se hopotseng, katamelo e nang le kahlolo e molemo ea lefatše ka bophara. Ho fapana le babusi ba batho, Molimo o na le boikemisetso le tsela ea ho ntlafatsa moruo oa lefatše lohle.

Boprofeteng bo tšoanang bo hlalosang bothata ba moruo, o buile ka molaoli eo a mo khethileng, molaoli ea ka tsebang ho lokisa boemo. O hlalosoa e le ea kalletseng pere e “tšoeu” ’me hape e le ‘ea hlōlang le ea tla hlōla.’ Enoa ke Jesu Kreste, eo haufinyane a tlang ho ‘hlōla’ hore a hōlise puso ea ’Muso ea Molimo holim’a batho bohle. ’Muso ona, o leng matsohong a Jesu Kreste, ke eona tsela ea Molimo ea ho rarolla mathata a kopanyelletsang qaka ea litšenyehelo tsa bophelo tse phahamang.—Tšenolo 6:2; bapisa Daniele 2:44.

Tlas’a ’Muso ona, oo boprofeteng ba Esaia o boleloang e le “maholimo a macha,” Molimo oa tšepisa: “Ba ke ke ba sebeletsa lefeela kapa ho tsoalla bana bomalimabeng.” “Bahlanka ba ka ba tla ja . . . ; bahlanka ba ka ba tla noa . . . ; bahlanka ba ka ba tla thaba.”—Esaia 65:13, 14, 17, 23, The New English Bible.

Kajeno batho ba limillione ba sebeletsang lefeela ba ka ikhothatsa ka mantsoe ana. Lefatšeng le lecha la Molimo, bana ba bona ba ke ke ba tingoa lintho tsa motheo ka lebaka la bomalimabe ba mathata a moruo. Ho ameha ka litšenyehelo tsa bophelo ho tla nkeloa sebaka ke thabo ea bophelo.

Haeba u ikutloa hore litšepiso tse joalo e mpa e le toro e ke keng ea phethahala, ke hobane’ng ha u sa buisane le Lipaki tsa Jehova lekhetlong le latelang ha li u etela. Li ka thabela ho u bontša ho tsoa Mangolong lebaka leo re ka tšepang tharollo ea Molimo qakeng ea litšenyehelo tsa bophelo tse phahamang.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Lefatšeng le lecha la Molimo, ho ke ke ha e-ba le batho ba lapileng kapa mafutsana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela