Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 9: 551 b.c.e. ho ea pele—Batho ba Bochabela ba Batla Tsela e Nepahetseng
“Tsela ea ’nete e tšoana le ’mila o moholo.”—Meng-tzu, mofilosofi oa Chaena oa lekholong la bone la lilemo B.C.E.
MALUMELI leha e le afe a bolela hore tsela ea ’nete ke e lebisang polokong. Ka mohlala, Bolumeli ba Confucius, Botao, le Bobuddha, bo bitsoa “litsela tse tharo” tsa Chaena. Malumeli a Japane le Korea a sebelisa lentsoe le tšoanang. Haeba “litsela” tsena li sa tšoane, li fapana joang?
Bolumeli ba Confucius—Tsela ea Motho
Le hoja ho tsejoa feela ho fokolang ka Confucius, libuka tsa litšupiso tse tsebahalang li bolela hore o “lokela ho balloa har’a banna ba bileng le tšusumetso e matla ka ho fetisisa historing ea lefatše.” E le tichere, mofilosofi, ralipolotiki, o phetse mahareng a 551 le 479 B.C.E. Lebitso la hae la lapeng e ne e le K’ung, ’me hamorao o ile a bitsoa K’ung-Fu-tzu, e bolelang “Morena K’ung.” Lebitso le iketselitsoeng Selatine ke “Confucius.”
Confucius haa ka a thea bolumeli bo bocha. The Viking Portable Library World Bible e hlalosa hore o ile a “hlophisa bolumeli bo bong bo neng bo se bo ntse bo le teng naheng eo a hlahetseng ho eona nakong e sa tsejoeng, a bo neha libuka, a bo neha tlhompho melaong ea bona, le likhopolo tsa boitšoaro bo botle.” O ne a thahasella haholo boitšoaro ba batho ho feta bolumeli. Thuto ea hae e khōlō ebile ea boitšoaro ba sechaba. Boiteko ba hae ba ho finyella setulo sa lipolotiki bo ile ba susumetsoa ke takatso e makatsang ea ho felisa mahlomola a batho ba hae. Joale, ka ho loketseng filosofi ea monna enoa-ralipolotiki ea ferekaneng haholo ho feta moeta-pele oa bolumeli ea nang le tšusumetso—e ’nile ea bitsoa “Tsela ea motho ea Confucius.”
Confucius o ne a sa nahane haholo ka bolumeli ba mehleng ea hae, o ne a bolela hore boholo ba bona e ne e le tumela-khoela feela. Ha a ne a botsoa haeba a lumela ho Molimo, ho hakangoa hore o ile a arabela ka hore: “Ke khetha hore ke se ke ka araba.” Empa litšupiso tsa hae tse ngata ho Tien, e bolelang “Leholimo,” batho ba bang ba li hlalosa ka hore o ne a lumela nthong e ’ngoe e fetang feela matla a phahameng a se nang botho.
Confucius o hatelletse bohlokoa ba lelapa, ho hlompha molao, le bonngoe ba batho. O ile a hlokomelisa ka bohlokoa ba thuto mabapi le ho ntšetsa pele matla le ho matlafatsa litšobotsi tsa batho tse hlokahalang bakeng sa ho sebeletsa ba bang. O ile a hatella jen, lentsoe le bolelang ho ba mosa ho batho ka kakaretso, empa qenehelo e lerato le tlhompho ea boena ka ho khethehileng. O ile a khothalletsa borapeli ba baholo-holo ba shoeleng.
Mekhoa ena ea Confucius e sa ntse e le litšobotsi tsa batho ba Asia ba hōlisitsoeng ka tsela ea Confucius. Seithuti sa likamano tsa batho William Liu, sa Univesithi ea Illinois ea Chicago, se bolela hore “melao ea boitšoaro ea Confucius e ne e qobella batho hore ba sebetse, ba itlhome pele ’me ba lefe batsoali ba bona melato ea chelete eo ba nang le eona.” Ka hona, bafalli ba tsoang linaheng tse ling ba nang le tšusumetso e matla ea Confucius ba ile ba hlokomeloa United States bakeng sa ho fumana matšoao a phahameng ka ho fetisisa lithutong tsa sekolo.
Motheo oa thuto ea Confucius ke pokello e tsejoang e le Wu Ching (“Five Classics”). “Libuka Tse ’Nè,” kapa Ssu shu, tse kenyellelitsoeng lekholong la bo12 la lilemo, ho boleloa hore ke tsa bohlokoa thutong ea Confucius. Mokhoa oo li ngotsoeng ka ’ona, o tšoauoang ka bokhutšoaane ba tsona le ho rarana ha tsona, o li etsa hore li be thata ho utloisisoa.
Ho ea lekholong la bone la lilemo C.E., melao ea Confucius e ne e rutoa ’Musong oa Kokuryo o leng sebakeng se ka leboea sa Korea. Mohlomong thuto ea Confucius e ile ea atolohela ho fihla Japane qalong ea lekholo la bone la lilemo C.E. Ho sa le joalo, morao koana Chaena “tsela” e ’ngoe e ne e ntse e hōla.
Botao—Tsela ea Tlhaho
Tao, monahano o moholo oa Machaena ka lilemo tse liketekete, o bolela “tsela” kapa “’mila.” O ile oa qala ho lokisa tsela ea ho etsa lintho tumellanong le tsela eo bokahohle bo sebetsang ka eona. Lithuto tsa neano li bontša hore mothei oa eona e bile motlatsi oa Confucius ea neng a ena le lebitso la Lao Tze, leo mohlomong le bolelang “Moshemane e Moholo” kapa “Mofi-7 losofi e Moholo (ea Rapeloang).” Ba bang ba bolela hore Lao Tze o ile a bitsoa tjena hobane, ka mor’a kemolo ea mohlolo e ileng ea lieha ka lilemo tse mashome, ’mè oa hae o ile a mo beleha ka mor’a hore moriri oa hae o be moputsoa ke botsofali. Ba bang ba bolela hore o ile a fuoa tlotla ena ka baka la lithuto tsa hae tse bohlale.
Botao bo ruta hore tsoalong ngoana o fuoa matla a nang le tekanyo e itseng a “phefumoloho ea pele,” kapa matla a bophelo. Ka litsela tse sa tšoaneng, joaloka ho nahana ho tebileng, melao ea lijo, phefumoloho le taolo likamanong tsa botona kapa botšehali, ho fela ha matla a “phefumoloho ea pele” ho ka qojoa. Ka hona, nako e telele ea bophelo ba motho e tšoana le bohalaleli.
’Mele oa motho o talingoa e le bokahohle bo bonyenyane bo lokelang ho bolokoa ka ho nepahetseng tumellanong le tlhaho. Sena se sebetsana le seo Machaena a se bitsang yin le yang, tse bolelang karolo e moriti le e chabetsoeng ke letsatsi ea leralla. Motheong oa lifilosofi tsohle tsa Machaena, yin le yang ke lia loantšana, le hoja li tlatsana, e leng lintho tseo lintho tsohle li entsoeng ka tsona. The Encyclopedia of Religion ea phaella: “Yin e na le matla nthong e ’ngoe le e ’ngoe e lefifi, e moriti, e batang, e metsi, e kulang, e kobehang, lefatše, mosali, ha yang e khanya, e chesa, e omme, e le mafura, e le manganga, e le mabifi, e le ea leholimo, hape e le monna.” Tšebeliso ea melao-motheo ena e fumanoa ho feng-shui, mokhoa o mong oa Machaena oa bonohe oo ka Senyesemane o bitsoang geomancy. E reretsoe ho fumana libaka tse molemo bakeng sa litoropo le matlo, empa ka ho khethehileng bakeng sa mabitla. Ho boleloa hore ho lumellana ha mabotho a yin-yang a karolo e nang le matla le baahi ba eona ho tla tiisa boiketlo ba eona. Helen Hardacre oa Univesithi ea Princeton o hlalosa hore “ho lumeloa hore ho kopana ho loketseng ha mabotho a leholimo ho tsoela bafu molemo ebile ho nolofatsa tsoelo-pele ea bona lefatšeng le leng.”
Le hoja ho ntse ho lekoa ho boloka matla a yin-yang ka ho leka-lekaneng, ha ho boiteko bo lokelang ho etsoa ho fetola matla a eona a tlhaho. Ho nahanoa hore sena ke boikemisetso ba ho thibela pakane e reriloeng, e leng tumelo e khothalletsang bofokoli. Ka 1986 moitlami ea tsofetseng o e hlalositse ka tsela ena: “Thuto ea Botao ke ho thōla le ho se etse letho. Ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho itšetlehile ka ho se etse letho.” Ka hona matla a Botao a bile a amahanngoa le metsi, ao ho sa tsotelleheng bonolo ba ’ona a tsoelang libōpuoa tsohle molemo.
Pele, ho ne ho tloaelehile ho etsa phapang mahareng a filosofi ea Tao (ea lekholong la bo3 le la bo4 la lilemo B.C.E.) le bolumeli ba Tao (ba lekholong la bo2 le la bo3 la lilemo C.E.). Phapang ena ha e sa hlakile, hobane ho bonahala hore bolumeli ba Tao bo tsoile lifilosofing tsa Tao tse bileng teng pele ho bona. Moprofesa oa bolumeli Hans-Joachim Schoeps o bolela hore Botao e le bolumeli “ke ho ntšetsa pele bolumeli ba boholo-holo ba setso sa Machaena. Setsing sa bona ke mofuta o itseng oa tšebelisano le meea ... e itulelang kae kapa kae, eo ka ho sa feleng e behang bophelo ba motho kotsing. Chaena ea kajeno, Botao bo fetohile bolumeli ba litumela-khoela ho batho ba bangata.”
Boshinto—Tsela ea Kami
Japane le eona e boetse e hlokometsoe bolumeling ba boholo-holo, e leng motsoako oa “melimo e mengata le ho rapela baholo-holo ba shoeleng,” joalokaha mongoli e mong a bo hlalosa. Pele bolumeli bona ba sechaba bo ile ba tsoela pele bo hloka lebitso. Empa nakong ea lekholo la botšelela la lilemo C.E., ha Bobuddha bo ne bo kenyelletsoa Japane, lebitso le leng le ileng la nehoa Bobuddha e bile Butsudō, “tsela ea Buddha.” Ka hona, ho etsa phapang mahareng a bolumeli bona ba sechaba, hamorao bo ile ba tsejoa e le Shinto, “tsela ea kami.”
Kami (melimo fapa-fapaneng) ha e le hantle ke ntlha ea sehlooho ea Shinto. Kami e ile ea supa matleng leha e le afe a phahametseng motho kapa molimo, ho kopanyelletsa le melimo ea tlhaho, banna ba khethehileng, baholo-holo ba shoeleng ba rapeloang, kapa esita le “melimo ea bohlokoa kapa e tšoantšetsang melimo e moholo.” (The Encyclopedia of Religion) Le hoja lentsoe Yaoyorozu-no-kami le bolelang melimo e limillione tse robeli, lentsoe lena le sebelisoa ho hlalosa “melimo e mengata,” kaha melimo ea Shinto e ntse e eketseha. Batho, ka ha e le bana ba kami, haholo-holo ba na le tlhaho ea bomolimo. Ka hona, khopolo ke hore re phela tumellanong le kami, ’me u tla thabela tšireletso ea bona le kamohelo.
Boshinto, le hoja bo se matla litumelong kapa lithutong tsa bolumeli, bo nehile Majapane molao oa lintho tsa bohlokoa, bo bōpile boitšoaro ba bona, ’me bo laola tsela ea ’ona ea ho nahana. Bo ba neha litempele tsa ho rapela, moo ba ka rapelang ha ba utloa ho hlokahala.
Mefuta e moholo ea Boshinto ea amana. Tempele ea Boshinto le Boshinto ba Sechaba li na le liphapang tse ’maloa tsa bohlokoa. Mokha oa Boshinto, ka lehlakoreng le leng, o entsoe ka mekha e 13 e theiloeng lekholong la bo19 la lilemo e nang le mehato e fapaneng e nang le litšobotsi tse ling tsa lithuto tsa Confucius, Bobuddha, le Botao.
Tšusumetso ea Bobuddha ho Boshinto ebile e matla ka ho khethehileng. Sena se hlalosa lebaka leo Majapane a mangata e leng Mabuddha le Mashinto ka nako e tšoanang. Ntlo ea Mojapane oa boholo-holo e na le lialetare tse peli, aletare ea Shinto ho hlompha kami, le aletare ea Buddha ho hlompha baholo-holo ba motho ea shoeleng. Keiko, ngoanana e monyenyane oa Japane, oa hlalosa: “Ke hlompha baholo-holo ba ka ba shoeleng ’me ke bontša sena ka Bobuddha . . . Ke Mojapane, ka hona ke etsa meetlo eohle e menyenyane ea Boshinto.” Joale oa phaella: “’Me ke nahana hore lenyalo la Bokreste e tla ba ntho e ntle. Ke ho fapaneng, empa ho etsa molato oa eng?”
Ch’ŏndogyo—Tsela ea Bolumeli ba Korea ea Leholimo
Bobuddha, bo matlafalitsoeng ke Botao, le lithuto tsa Confucius bo har’a malumeli a mang a maholo a Korea ao e seng a Bokreste. Ka mor’a hore bo kenyelletsoe ho tsoa Chaena, bo ile ba susumetsoa ke bolumeli ba sechaba ba Korea, boshaman (boprista), ’me ho ea ka The Encyclopedia of Religion e bile “litšobotsi tse khethiloeng, tse fetotsoeng, tse fapaneng boemong ba sechaba le ba kelello bo tletseng hohle Koung ea Korea.”a
Bolumeli bo bong ba Korea ke Ch’ŏndogyo, “Bolumeii ba Tsela ea Leholimo,” e leng lebitso la bona ho tloha ka 1905. Bo theiloe ka 1860 ke Ch’oe Suun (Cheu), pelepele bo ne bo bitsoa Tonghak, “Thuto ea Bochabela,” ho fapana le Sohak, “Thuto ea Bophirimela,” e leng lentsoe la Bokreste, leo Ch’ŏndogyo e le hōlisitseng bakeng sa bofokoli. Ho ea ka mongoli oa Jeremane Gerhard Bellinger, Ch’ŏndogyo e leka ho kopanya “mehopolo ea botho bo mosa ea Confucius le toka, ho khutsa ha Botao, le mosa oa Buddha,” e leng tseo mothei oa tsona a neng a li reretse bona. Ch’ŏndogyo e boetse e na le litšobotsi tsa boshaman, le lithuto tsa Roma e K’hatholike. Ho sa tsotellehe ho ipolela ha bona ho hōlisa bonngoe ba bolumeli, ka 1935 bo ne bo hlahisitse mekha e 17.
Bohareng ba “Bolumeli ba Tsela ea Leholimo” ke tumelo ea hore motho ke oa bohlokoa, ke karolo ea Molimo. Ka hona Sain yŏch’ŏn, (“Tšoara motho joaloka Molimo”) ke thuto ea ’nete, e batlang hore batho ba tšoaroe ka “kameho e khōlō, tlhompho, botšepehi, ho lekana, le toka,” ho hlalosa Yong-choon Kim oa Univesithi ea Rhode Island.
Boitekong ba ho fetola tsamaiso ea sechaba mabapi le ho hahamalla melao-motheo ena ho tliselitse mothei oa bona, Suun, hore a loantše ’muso. Ho itšunya lipolotiking ho ile ha lebisa polaong ea hae le mohlahlami oa hae. Sena se boetse sa thusa ho qholotsa Ntoa ea Japane ea Sino ea 1894. Ha e le hantle, mosebetsi oa bopolotiki ke letšoao le khethollang la malumeli a macha a Korea, boo mokha oa Tonghak e bileng ’ona oa pele. Hangata bochaba ke bona sehlooho se seholo, kaha Korea e abetsoe sebaka se ka pele lefatšeng nakong e tlang.
Ke “Tsela” Efe e Lebisang Bophelong?
Ka ho hlakileng, batho ba bangata ba Asia ba ikutloa hore haholo-holo ha ho bohlokoa hore na ke “tsela” efe ea bolumeli eo motho a e latelang. Empa Jesu Kreste, eo le eena lekholong la pele la lilemo bolumeli ba hae bo neng bo bitsoa “Tsela,” o ile a hana pono ea hore “litsela” tsohle tsa bolumeli lia amoheleha ho Molimo. O lemositse: “Tsela e lebisang timelong ea ka ho sa feleng e sephara ’me e na le sebaka se sengata, . . . empa tsela e lebisang bophelong e nyenyane ’me e tšesaane, ’me ba e fumanang ba ’maloa.”—Liketso 9:2; 19:9; Mattheu 7:13, 14, The New English Bible, mongolo botlaaseng ba leqephe; bapisa Liproverbia 16:25.
Ha e le hantle, Bajode ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba hlokomoloha mantsoe a hae. Ba ne ba sa nahane hore ba fumane Messia oa bona oa ’nete Jesu kapa “tsela” ea ’nete bolumeling ba hae. Kajeno, makholo a lilemo a 19 hamorao, bana ba bona ba sa ntse ba emetse Messia oa bona. Tokollo ea rōna e latelang e tla hlalosa lebaka.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boshaman bo theiloe ho shaman, setšoantšo sa bolumeli se bonahalang hore se etsa liketso tsa mehlolo tsa ho phekola le ho buisana le lefatše la meea.
[Litšoantšo leqepheng la 22]
Molaoli oa masole Guan Yu, molimo oa ntoa bolumeling ba setso ba Chaena le motšehetsi oa masole le bahoebi
Ho tloha ka letsohong le letšehali, Han Xiangzi LuDongbin, le Li Tieguai—batho ba bararo ho ba robeli ba sa Shoeng ba Botao—le Shoulao, molimo oa Linaleli oa Bophelo bo Bolelele
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tumello ea Ntlo ea Polokelo ea Lintho tsa Khale Brithani