Na U Siuoa ke Nako ka Mehla?
BASHEMANE ba babeli ba ile ba ngola limemo tsa ’moka oa boithabiso o neng o tla tšoareloa lapeng la bona Moqebelo ka 2:00 thapama. Ka ho hopola hore metsoalle ea bona e ’meli e ne e siuoa ke nako ka mehla, moshemane e mong o ile a re: “Ke hobane’ng ha re sa ngole 1:00 limemong tsa bona? Mohlomong ba tla fihla ka 2:00 e leng eona nako e nepahetseng.” Ke sona se hlileng sa etsahala!
Ha se mathata ’ohle a ho ba nakong a rarolloang habonolo joalo. Ha e le hantle, ho hlōleha ho ba nakong ho baka mathata a tebileng ho ba fihlang ka mor’a nako hammoho le ba tlamehang ho leta. Ke ’nete, ha se lichaba tsohle tse hatellang taba ea ho boloka nako. Empa ho sa tsotellehe hore na u lula kae, mohlomong ho hlokahala hore u amehe ka ho ba nakong bakeng sa lintho tse kang maeto a sefofane, liboka, litaetsano tsa khoebo, esita le liketsahalong tse ling tse tloaelehileng.
Kahoo haeba kamehla u siuoa ke nako, ke eng se ka u thusang hore u boloke nako? ’Me haeba hangata u lula u emetse ba bang, ke eng se ka u thusang ho sebetsana ka katleho le bofokoli bona bo atileng?
Na u siuoa ke nako ka mehla? Pele leka ho fumana lebaka la sena. Na u khelosoa habonolo? Na u na le bothata bo boholo ba ho itlhophisa hammoho le lelapa la hao? Litšusumetso tse joalo tsa ho siuoa ke nako li ka hlōloa ka boiteko bo matla. Ka mohlala, lekanyetsa nako ea mesebetsi ea hao ea ka mehla ’me u e hlophise hantle, u lumelle nako e ngata bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Hlahloba nako hora e ’ngoe le e ’ngoe. Ho fapana le ho leka hoba fihla hantle ka nako bakeng sa litaetsano tsa bohlokoa, ikemisetse ho fihla moo pele ho nako e behiloeng. Leha ho le joalo, na bothata ba hao ba ho siuoa ke nako ke bo tebileng?
Mabaka a Kelello
Ka linako tse ling ho na le lisosa tse patehileng tabeng ea ho siuoa ke nako—ho qoba mesebetsi e sa thabiseng, ho iponahatsa u le bohlokoa, ho hapa tlhokomelo, kapa ho qoba ho emela ba bang.
Ngaka Dru Scott o hlalosa lebaka le tebileng haholoanyane la ho siuoa ke nako: “Morekisi ea itokiselitseng ka hohle ho siea ofisi ka nako bakeng sa ho ea sebokeng sa bohlokoa le moreki e mong o khutla monyako ho ea ‘letsa mohala o le mong oa ho qetela.’ ’Muelli oa molao ea leng tseleng ea ho ea palama sefofane o ikutloa a tlamehile ho liehisa ho tloha ha hae ka ho ngola ‘tlaleho e ’ngoe hape.’ Ba fumana tšusumetso e fosahetseng mokhoeng ona oa ho senya nako. E baka ho hlasimoloha ho hlahisoang ke ho etsa lintho ka lepotla-potla ka motsotso oa ho qetela.”
E, lepotla-potla le hlasimollang la ho etsa lintho motsotsong oa ho qetela—le hoja le sa thabise—ka sebele le ka fana ka tšusumetso e hlokahalang. Haeba u belaela hore u “lekhoba” la mofuta ona oa lepotla-potla, u ka o hlōla joang? Dru Scott o fana ka tlhahiso: “Tšusumetso ke tlhokahalo ea motheo eo bohle re nkang karolo ho eona. Ho e batla ha ho bontše ho haelloa ke khōlo. Batho ba phelang hantle ba hlokomela tlhokahalo ea eona. Ba ithuta kamoo ba ka e hlokomelang hamolemo kateng.”
Ka mantsoe a mang, hlahloba litokisetso tsa hao tsa beke le beke. Na u kopanyellelitse le mesebetsi e meng e loketseng bakeng sa ho khotsofatsa thabo kapa tšusumetso ea hao? Kapa na kemiso ea hao ke lenane la lintho tse tenang, tse tloaelehileng? Ha ho motho ea nang le taolo e felletseng holim’a mosebetsi oa hae, empa haeba u etsa boiteko bo khethehileng ba ho fana ka tšusumetso moo u ka khonang, u ka tseba ho mamella maemo a tloaelehileng a bophelo ka ntle le ho lebella hore ho siuoa ke nako ho u fe thabo eo.
“Empa ke Sebetsa Hamolemo Tlas’a Khatello!”
Batho ba bang ba bolela hore ha ba ema ho fihlela motsotsong oa ho qetela, ba sebetsa hamolemo. ’Me haeba u ikutloa joalo, ke hantle. Empa u tšepahale. Na ka sebele u sebetsa hamolemo ha u ema ho fihlela motsotsong oa ho qetela?
Bukeng ea hae Working Smart, Michael LeBoeuf oa hlokomela: “Ke ba ’maloa ho rōna, haeba ba le teng, ba sebetsang hamolemo tlas’a khatello, ho sa tsotellehe seo u batlang ho se lumela. . . . Pele haeba u tlameha ho sebetsa ka lebelo, u eketsa menyetla ea hore u etse liphoso. . . . Lebaka la bobeli . . ., ho ka ’na ha tla ntho e potlakileng haholo ’me ea u amoha linako tseo tsa bohlokoa tseo u neng u rerile ho sebetsa ka tsona. . . . Lebaka la boraro, ka ho nahana hore lintho li entsoe hantle esita le ho etsa lintho tse ngata ka nako e nyenyane, ho bolela hore u khona ho sebetsa hantle empa u khetha ho sebetsa tlas’a khatello. Ua ithetsa ka ho hlōleha ho etsa seo u khonang ho se etsa.”
Na u Hloile ho Leta?
Mohlomong u boloka nako empa hangata u tlameha ho leta ba bang ba sa bolokeng nako. Ke joang u ka thusang kapa ho sebelisana le litho tsa lelapa, metsoalle, basebetsi-’moho ba seng ba itloaelitse ho fihla ka mor’a nako?
Mohlomong u ka thusa ba itloaelitseng ho fihla kamor’a nako ka ho ba hopotsa litaetsano e sa le pele kapa ho bua le bona ka ho tobileng ka bothata bona. E ka ’na ea ba hore ba bang ba fihlang ka mor’a nako ke lebaka la bofokoli ba botho, ha ba arabele thusong ’me ba tsoela pele ho thatafalletsa ba bang ho fihla ka nako. Haeba maemo a u hloka hore u phele kapa u sebetse le batho ba joalo, u ka amohela ho siuoa ke nako e le ntho ea bophelo ba sebele ’me u hōlise litsela tsa ho sebetsana le sena ka katleho.
Ka mohlala, u ka ’na ua nahanela nako ea ho leta le ho itokisetsa eona. Mohlomong le ka hlophisa hore le kopane tulong eo ho leng monate ho leta ho eona, joaloka lebenkeleng kapa ntlong ea lijo. U ka tla le mosebetsi kapa ntho e baloang ho u boloka u tšoarehile hamolemo ha u ntse u letile. Beha litaetsano le bona pelenyana e le hore ho siuoa ke nako ha bona ho tle ho se u etse hore u fose nako ea hao e behiloeng. Mabakeng a mang, kahlolo ea hao e molemo e ka bolela hore u se kopanyelletse bao ka tloaelo ba fihlang ka mor’a nako likemisong tsa hao.
Moputso oa Boitšoaro ba Hao bo Botle
Haeba u thatafalloa ho fihla ka nako, u se lokafatse bofokoli bona kapa ho iphapanyetsa bona u lebelletse hore ba bang ba u letele. Ho etsa joalo e tla ba ho se nahanele bophelo ba bang le maikutlo a bona. Nahana ka monyali ea neng a siiloe ke nako lihora tse tharo lenyalong la hae. Ka lebaka leo, mokete o ile oa tlameha ho potlakisetsoa ntlong e ’ngoe, sena sa thatafalletsa batho ba neng ba le teng ba fetang 200. Ka sebele, ho nahanela batho ba bang ho lokela ho re susumetsa ho boloka nako!
Ha ho pelaelo hore boiteko ba hao ba ho boloka nako bo tla fella ka hore u se be feela nakong empa u be pelenyana bakeng sa litaetsano tse ngata le mesebetsi. Ha u atleha ho sena iphe moputso! Ngaka Dru Scott o re: “Ho fumana nako ho tšoana le ho fumana chelete. U se ke ua e kenya litekanyetsong tsa ka mehla; e sebelise nthong e ’ngoe eo u tla e thabela. Nahana ka lintho tsohle tseo u batlang ho li etsa haeba u ne u e-na le nako e eketsehileng ea metsotso e leshome hoseng ho hong le hong, kapa metsotso e mashome a mararo mantsiboea, kapa metsotso e seng mekae mona le mane motšehare. Lokisa likhopolo tse ling, e le hore u ka ipha moputso ka ho thabisang ha u le nakong.”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 30]
Litsela tsa ho Hlōla ho Leta ho Fihlela Motsotsong oa ho Qetela
1. Arola mesebetsi e meholo, e boima ho ba mesebetsi e bonolo.
2. Nka mohato oa sebele ho phetha mosebetsi. Ka mohlala, haeba u behella ka thoko nako ea ho bala buka, e theole rakeng ea libuka ’me u behe setulong sa hao se u se ratang sa ho bala.
3. Itlame ho motho e mong. Bolella motsoalle kapa mookameli hore u tla qeta mosebetsi o itseng ka nako e itseng.
4. Iputse ka ho hong ha u qeta mohato o mong oa mosebetsi o moholo.
5. Ha u iphumana u senya nako, lumela hore, ‘Ke senya nako.’ Qetellong khopotso ena e etsa hore u be le taolo le ho khaotsa ho senya nako.
6. Nahana ka liphello tsa ho senya nako: Na mosebetsi o tla eketseha? Na litšenyehelo tsa chelete li tla eketseha? Ho thoe’ng haeba u ka kula motsotsong oa ho qetela? Ho thoe’ng haeba mosebetsi o tla u nka nako e ngata ho feta kamoo u neng u lebelletse kateng? Na mohlomong ho ka ba le letoto la litšitiso? Na boleng ba mosebetsi oa hao o etsoang motsotsong oa ho qetela bo tla senyeha?—Li tsoa ho “How to Get Control of Your Time and Your Life,” ka Alan Lakein.
[Litšoantšo]
Na u ikutloa ho hlokahala hore u etse ‘ntho e ’ngoe hape’ pele u ea taetsanong?
Na u sebetsa hamolemo tlas’a khatello?
Sebelisa nako ea ho leta bakeng sa ho phomola kapa ho etsa ntho eo u e batlang