Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 7/8 maq. 3-5
  • Koae le Bophelo ba Hao—Na li Hlile Lia Amana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Koae le Bophelo ba Hao—Na li Hlile Lia Amana?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litemoso Tsa ’Muso Tsa Bophelo bo Botle
  • Lisakerete—Na Ua li Nena?
    Tsoha!—1996
  • Barekisi ba Lefu—Na U Moreki?
    Tsoha!—1989
  • Koae le Thibelo
    Tsoha!—1989
  • Bophelo ba ba Limilione bo Eang le Mosi
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 7/8 maq. 3-5

Koae le Bophelo ba Hao—Na li Hlile Lia Amana?

“Rea Leboha ha U sa Tsube”-Letšoao la mehleng ea kajeno.

“Rea Leboha ha U Tsuba”-Polelo e hanyetsang makasineng oa feme ea koae.

MASOLE a se a shebane le ho loantšana, ho sebelisoa lipene le li-computer ho phatlalatsa maikutlo a buellang kapa a senyang lehlakore le leng. Mekhatlo e phatlalatsang e romella melaetsa ea eona e hanyetsang. Ntoa ena e loana libakeng tsa khoebo. Ke ntoa ea koae, ’me litšenyehelo li phahame haholo. Liranta tse likete tse limillione ka selemo. Ebang oa tsuba kapa che, ua ameha.

Ke ntoa e amang mabaka a mabeli a maholo—moruo le bophelo bo botle. Ho ba khahlanong le ho tsuba, bophelo bo botle bo nka sebaka sa pele. Ho bahoebi ba koae le ba tšehetsoang ke feme ea eona, moruo, phaello, le mosebetsi li kotsing. Taba ena e tsosa maikutlo le karabelo e khōlō. Boema-fofaneng motho ea tsubang o ile a kōpa motho ea ikemetseng feela hore a mo fe ntho ea ho khantša koae. “Ke mohau, ha ke tsube,” e bile karabelo e bonolo. “Ha kea u botsa haeba ua tsuba kapa che!” ha kharuma setsubi.

Empa motso oa qhoebeshano ena ke ofe? Na ho tsuba ho hlile ho kotsi hakaalo ho uena? Na u lokela ho khaotsa ho tsuba?

Litemoso Tsa ’Muso Tsa Bophelo bo Botle

Ho ’nile ha phehisanoa ka bothata ba koae le kankere ka lilemo tse mashome United States. Morao ka bo-1960 feme ea koae e ile ea ntša liranta tse limillione tseo ho boleloang hore e ne e le bakeng sa ho thusa ho batlisisa mokhoa oa ho qeta kamano pakeng tsa kankere le koae ’me kahoo e fumane tsela e itseng ea ho hlahisa lisekarete tse se nang ntho e bakang kankere. E ka ’na eaba phello e ’ngoe e bile e fetang eo baetsi ba koae ba neng ba lumellane ka eona.

Ka 1964 ngaka e khōlō ea U.S. e ile ea ntša tlaleho ea eona ea pele e lemosang khahlanong le likotsi tsa ho tsuba. Ho tloha ka 1965, baetsi ba lisekarete ba U.S. ba ’nile ba tlangoa ke molao ho ngola litemoso liphutheloaneng tsa bona. Ka lekhetlo la pele molaetsa o ne o se matla hakaalo: “Temoso: Ngaka e Khōlō e Entse Qeto ea Hore ho Tsuba Sekarete ho Kotsi Bophelong ba Hao bo Botle.” ’Me ka 1985 lifeme tsa koae li ile tsa laeloa ho ngola ka ho fapana melaetsa e mene liphatlalatsong le lihlahisoeng tsa tsona. O mong le o mong o qala ka mantsoe ana: “TEMOSO EA NGAKA E KHŌLŌ.” ’Me melaetsa e fapaneng ke ena: “Ho Tsuba ho Baka Kankere ea Matšoafo, Lefu la Pelo, Emphysema, ’Me ho Ka Baka Mathata a Kemaro.” (Bona lebokoso ho leqephe 4.) “Ho Tsuba, Basaling ba Imileng ho ka Fella ka ho Ntša Lesea le ka Pōpelong Kotsi, Lesea le Hlahileng Pele ho Nako, le Lesea le Nang le Boima bo Fokolang ba ’Mele.” “Ho Tlohela ho Tsuba Hona Joale ho ka Fokotsa Likotsi tse Tebileng tsa Bophelo ba Hao bo Botle.” “Mosi oa Koae o na le Moea oa Carbon Monoxide.”a

Linaha tse ling, ka ntle ho United States, le tsona li ntša temoso ka lisekarete. Makasine oa India Today o na le liphatlalatso tse nang le mantsoe ana: “TEMOSO EA MOLAO: HO TSUBA SEKARETE HO KOTSI BOPHELONG BO BOTLE.” Canada ba ne ba ngola ka litlhaku tse nyenyane: “Temoso: Mokhatlo oa Canada oa Boiketlo le Bophelo bo Botle o hlokomelisa hore kotsi bophelong bo botle e phahama ka baka la ho tsuba—qoba ho hema mosi oa koae.” Ho tloha ka la 31 Motšeanong, 1988, ho phatlalatsa koae ho ile ha thibeloa Canada. Brithani liphatlalatso tsa koae li na le mantsoe ana: “BOKOALI BO ITEKANETSENG [kapa BOKOALI BO FOKOLANG] Joalokaha ho hlalositsoe ke ’Muso oa H.M. KOTSI: TEMOSO ea ’Muso ea Bophelo bo Botle: LISEKARETE LI KA SENYA BOPHELO BA HAO BO BOTLE KA HO KOTSI.” Ho phatlalatsa koae ho ’nile ha thibeloa Italy ho tloha ka 1962. (Empa batho ba Italy ba ’nile ba tsuba lisekarete ka makhetlo a imenneng habeli lilemong tse fetang tse 20 tse fetileng!) Ka litemoso tse ngata hakana tse theiloeng bopaking bo hlōlang ba tsa mahlale, lithuto tse fetang tse 50 000 ka lilemo tse ngata, qeto ke e ke keng ea baleheloa—ho tsuba ho kotsi bophelong ba hao bo botle!

Leha ho tsuba e le mokhoa oa lefatše lohle, hase linaha tsohle tse batlang hore litemoso li ngoloe sehlahisoeng sena. ’Me ha khoebo e oa sebakeng se seng, lifeme tse khōlō tsa koae, ka liphatlalatso tsa tsona tse nang le khatello e khōlō, li bula khoebo e ’ngoe linaheng tse ling. Na naha ea heno e angoa ke liphatlalatso tse matla tsa koae? Na lisekarete tse tsoang linaheng tse ling li entsoe hore li bonahale li hohela haholoanyane? Tšusumetso ea sebele ke efe ea ‘thekiso ena e khōlō’?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Moea oa carbon monoxide, o sa nkheng, o etsa karolo ea 1 ho ea ho ea 5 lekholong ea mosi oa koae ’me o na Ie matla a maholo a ho kopana Ie hemoglobin, karoloana e tsamaisang moea oa oxygen maling. E fokotsa moea oa bohlokoa oa oxygen o lokelang ho pota maling. Hona ho ka baka kotsi ho motho ea seng a ntse a e-na Ie lefu la pelo.

[Lebokose le leqepheng la 4, 5]

HO TSUBA le Basali ba Baimana

Makasine oa Soviet Nauka I Zhizn (Mahlale le Bophelo) o sa tsoa hatisa sehlooho ka Ngaka Victor Kazmin seo ho sona a hlalositseng ka botlalo likotsi ho ’mè le ho ngoana haeba ’mè a tsuba nakong ea kemaro. O boletse: “Ho tsuba ho etsa likotsi tse khōlō pōpong e ka hare ho ’mè, seo maemo a eona a bophelo a etsang hore e angoe habonolo ke lintho tse chefu. Ka holim’a tsohle, mosi oa koae o na le likaroloana tse behang tšokelo e kotsi bophelong bo botle.”

O bolela hore ha e le hantle bo-’mè ba tsubang ba ka kenya chefu baneng ba bona. “Litlhahlobo tsa sebakeng sa liteko tsa mahlale li bontšitse ho le teng chefu—nicotine le sehlahisoa sa eona, cotinine lereng le sirelelitseng pōpelo la bakuli ba joalo ba basali. Empa ho tšosang haholo, joalokaha ho hlokometsoe ka electron microscopy, ke hore lelana le hokeletseng lesea le ka pōpelong ho ’m’a lona le fetola sebōpeho sa lona ho basali ba tsubang nakong ea kemaro; ’me ke ka lelana lena lesea le hōlang ka pōpelong le fumanang lintho tsohle tseo le li hlokang bakeng sa bophelo ho ’m’a lona . . .

“Haeba ’mè a tsuba libekeng tsa pele tse peli kapa tse tharo ka mor’a ho emara, ka ho tloaelehileng, tsamaiso ea methapo ea boko ea lesea le hōlang ka pōpelong e ameha haholo . . . Bekeng ea bone kapa ea bohlano ea ho emara tsamaiso ea pelo le methapo ea mali ea hōla. ’Me ke eona e tšoaetsoang ke chefu pele.”

Ke qeto efe e fihletsoeng ke Ngaka Kazmin? “Mosi oa koae o kotsi haholo ho lesea le hōlang ka pōpelong ho feta ho ’m’a lona.” Na lesea le hōlang ka pōpelong le tšoanela ho hlaheloa ke likotsi tsena kaofela ka baka la ho tsuba feela? Hopola temoso ea ngaka e khōlō ea U.S.: “Ho Tsuba . . . Ho Baka Mathata a Kemaro.” ’Me tlhaloso ena e beha litaba ka mokhoa o bonolo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

WHO/American Cancer Society

[Lebokose le leqepheng la 5]

HO TSUBA le Emphysema

Emphysema ke boloetse bo lebisang ho se sarolleheng ho hōlang butle ha matšoafo, hoo qetellong ho etsang hore ho be boima ho phefumoloha moea o litšila ka ho lekaneng. The Columbia University College of Physicians and Surgeons Complete Home Medical Guide ea hlalosa: “Batho ba [United States] ba nang le emphysema ba latela mokhoa o le mong: Boholo ke banna, ba pakeng tsa lilemo tse 50 le 70, ba ’nileng ba tsuba haholo ka lilemo. Nakong e fetileng, basali ba ne ba sa tšoaroe haholo ke emphysema joaloka banna,empa mokhoa ona oa fetoha kaha basali ba tsoela pele ho tsuba haholo.”

Tšupiso eona ena e tsoela pele: “Emphysema e ka tsoela pele e sa bonahale hore ke eona ka lilemo. Motho ea nang le emphysema ho ka etsahala hore e be o se a ile a tšoaroa ke sefuba se sebe haholo ka makhetlo a mangata mariha selemo ka seng ka lilemo tse seng kae, se nang le ho hohlola ho matla, ’me mohlomong le bohloko ba matšoafo bo sa feleng. Hangata ho hohlola hoa phehella ’me ha ho fele.” Matšoao a mang a emphysema ke afe?

“Emphysema e qala butle. Ho thatafalloa ke ho hema hoseng le mantsiboea hamorao ho ka lateloa ke hore ho qale ho u khathatsa leha u etsa mesebetsi e meng. Ho otlolla maoto hanyenyane ho ka etsa hore u qale ho hema ka thata; ho hloa methati ho boima. Qetellong, ha matšoafo a tsoela pele ho thatafalloa hanyane-hanyane ke ho hema moea o hloekileng, ho phefumoloha moea o litšila, le ho fapanyetsana moea, ho ka fihla ntlheng eo ho eona ho hema ho hlokang boiteko bo boholo ’me mokuli a holofale le ho thatafalloa ke ho etsa mesebetsi e tloaelehileng.”

Tšupiso eona ena ea meriana e phaella ka hore emphysema e ka lebisa mathateng a tebileng a boloetse bo amanang le pelo le methapo ea mali. Na ruri ’mele oa hao o tšoaneloa ke lintho tsena tsohle ka lebaka la ho tsuba feela? Ke hobane’ng ha u bolaea mpho ea hao ea bohlokoa ea bophelo hore u fumane monyaka oa nakoana oa nicotine?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela