Litho Tsa Rōna Tsa Kutlo—Limpho Tse Babatsehang
MAHLO a Luke a ile a ela ha a bona ice cream. Ha a tšoara cone, molomo oa hae o ile oa tlala mathe. A e isa molomong ’me a fofonela monko oa eona o monate. Joale a utloa tatso e monate haholo ha a qala ho latsoa ice cream e bonojoana, e batang!
Phihlelong ena e thabisang, Luke o sebelisa litho tsa hae tsa kutlo tse hlano tse babatsehang—ho bona, ho utloa, ho tšoara, ho fofonela, le ho latsoa. Leha ho le joalo, re boetse re na le litho tse ling tsa kutlo; ’me bongata ba tsona bo itšetlehile ka hore na motho o rata ho li hlophisa joang. Ka mohlala, letlalo ha le arabele kapele feela ha motho a angoa, empa hape le utloa mofuthu kapa mohatsela esita le bohloko. Karolo e ka hare ea tsebe, ntle le hore e arabele molumo, e laola boikutlo ba rōna ba botsitso ka mokelikeli o tsamaeang ka har’a likanale tsa eona tse selikalikoe. Ho phaella moo, ho na le lisele tse amohelang molaetsa ’meleng tse ikarabellang bakeng sa boikutlo ba rōna ba ho lapa le lenyora, esita le boikutlo bo bong.
Kahoo, ka lebaka la mekhoa ea neheletsano e rarahaneng ea boitsebiso, ’mele ea rōna e arabela litšusumetso tse fapaneng tsa ’mele le lik’hemik’hale tikolohong ea rōna. Nahana ka mehlala e ’maloa.
Leihlo le amohela letoto la litšoantšo. Khanya e lahleloa liseleng tse limillione tsa ho amohela melaetsa tsa retina, eo le eona e arabelang mahlaseling a khanya ka ho hlahisa melaetsa ea motlakase. Mothapo oa kutlo o fetisetsa molaetsa bokong, ’me bona bo hlahisa litšoantšo tse bonahalang.
Tsebe e na le boea bo bonyenyane bo leng karolong ea eona e ka hare bo thothomelang ka baka la maqhubu a molumo. Joale bo fetisa molaetsa oa motlakase oo boko ba rōna bo o hlalosang e le molumo.
Ho ama ke boikutlo bo itšetlehileng ka lisele tse nyenyane tse amohelang molaetsa letlalong. Ka ho hlakileng, lisele tse fapaneng tse amohelang molaetsa lia arabela ha motho a angoa, a utloa bohloko, mohatsela, le mofuthu.
Ho latsoa ke boikutlo bo nolofalitsoeng ke methapo e menyenyane ea litšoelesa tsa tatso. Ka baka la litšoelesa tsena tseo boholo li leng lelemeng, ’me li fokola likarolong tse ling tsa molomo, re ka thabela lijo tsa rōna le lino.
Ho fofonela ho amahanngoa haufi le ho latsoa. Boikutlo bo phahameng ka ho fetisisa ba lisele tse amohelang melaetsa tse leng karolong e ka holimo ea nko bo nolofalletsa lisele tsena ho utloa karolo e le ’ngoe ea motsoako o nang le monko likarolong tse 1 000 000 000 000 tsa moea! Hore na lisele tsena li tsebang joang ho utloa monko le ho tsosa methapo ea kutlo bokong ho sa ntse ho qakile bafuputsi.
Kannete, litho tsa rōna tsa kutlo ke limpho tse babatsehang. Leha ho le joalo, ke eng se etsahalang haeba li se li fokola? Re ka sebetsana le boemo joang? Ke eng seo re ka se etsang?