Mohla Litlhoko li Khotsofatsoang
LILEMONG tse ngata tse fetileng ho ile ha etsoa tšepiso ena: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe.” U ka ’na ua re, ‘Empa seo se ke ke sa etsahala.’ Haeba u bolela joalo, mohlomong u tla makala ho ithuta hore lingaka tsa mahlo tsa lekholong la bo20 la lilemo ha li sa talima ena le ntho e ke keng ea etsahala. Hobane’ng?
Na Lifofu li Tla Bona?
Haeba u botsoa hore ke setho sefe seo u bonang ka sona, mohlomong u ne u tla araba: ‘Ke mahlo a ka.’ Leha ho le joalo, ngaka ea mahlo e ne e tla arabela ka hore: ‘Ke boko ba ka.’ ’Me e tla be e nepile haholo. Ka nakoana leihlo ke setho sa kutlo se tsebang ho tšoara khanya le ho hlahisa melaetsa ea motlakase, ’me ke karolo e ka morao ea boko ba rōna e fanang ka pono.
Makasine oa Sefora Science et Vie haufinyana o sa tsoa akaretsa phuputso e entsoeng ho thusa lifofu ho bona. Karolong e bonang ea boko ho kenngoa tse nyenyane tse hokahantsoeng le k’hamera ea video tse tsebang ho romela melaetsa ka ho toba ho tloha ho k’hamera ho ea bokong. Ho hlahisoa khanya, e tšoanang le ea ha re “bona linaleli” ha re otliloe hloohong. Ka ho etsa likhokahanyo tse nepahetseng, boko bo tla tseba ho bala khanya joalokaha re bala matšoao a entsoeng ka mabone. Le hoja bao mahlo a bona a foufalitsoeng ba ka ’na ba thusoa ho bona, batho bao karolo ea boko ba bona e tsoileng kotsi ba ke ke ba thusoa ke mochine ona.
Na Lithōlō li Tla Utloa?
“Bakeng sa tsebe, mohlomong bothata bo fokola ho feta ba leihlo,” ho bolela Ngaka Jean-Michel Bader. Ho entsoe mohato o babatsehang oa ho kenngoa cochlear bakeng sa ho khutlisetsa tekanyetso e itseng ea kutlo ho batho ba sa utloeng hantle. Empa ho thoe’ng ka bothōlō bo bakiloeng ke mathata a ho hlōleha ha boko ho fetola maqhubu a molumo ho ba melaetsa ea motlakase?
Molemong oa batho ba joalo, ho etsoa mochine ho thusa karolo e ka hare ea tsebe. Ka thuso ea mochine o nang le microphone o monyenyane o fetolelang molumo ho melaetsa ea motlakase, melumo e tsamaisoa ke terata e nyenyane e hokahantsoeng le transmitter e nyenyane letlalong haufi le tsebe. Mochine o monyenyane o amohelang melaetsa o kentsoeng ka tlas’a letlalo ’me ebile o hokahantsoe ka ho toba le mothapo oa kutlo o fetisetsa molaetsa bokong ka tsela e tloaelehileng.
Ho Hlokahala Thuso e ka Tšepeloang Haholoanyane
Ho sa tsotellehe tsoelo-pele eo liphuputso tse joalo li bonahalang li fana ka eona, bo-ramahlale baa hlokomela hore boiteko ba ho lokisa mefokolo ea ’mele hangata ea hlōleha hobane thuto ea mahlale e haelloa ke kutloisiso ea ho rarahana ha litho tsa rōna tsa ’mele le kamoo li sebetsang kateng. Ka baka leo, boiteko ba ho utloisisa ka ho felletseng haholoanyane tšebetso ea ’mele ea rōna bo tsoela pele.
Le hoja batho ba bangata ba behile tšepo ea bona thutong ea mahlale bakeng sa hore lifofu li bone le hore lithōlō li utloe, ho na le mohloli o tšepahalang haholoanyane oa tšepo. Ke tšepiso ea ’Mōpi oa litho tsa motho tsa kutlo, Jehova Molimo. Ke eena eo nako e telele pele a ileng a bululela boprofeta bona: “Nakong eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa lithōlō li tla thiboloha.” (Esaia 35:5, NW) Empa re ka kholiseha joang hore mantsoe ao a tla phethahala? Ke ‘nako’ efe moo tšepiso eo e tlang ho phethahala?
Mahlaseli a Pele a Bokamoso
Haeba ntho e itseng e ile ea etsahala nakong e fetileng, na seo se ke ke sa u neha tšepo ea hore se tla boele se etsahale, haholo-holo haeba motho ea ikarabellang ka sena a bolela hore se tla etsahala? Lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng, Jesu Kreste o ile a khutlisetsa litho tsa kutlo ho ba lahlehetsoeng ke tsona, joalokaha a kile a tlaleha: “Lifofu li a bona, lihlotsa li a tsamaea, balepera ba a ntlafala, ba thibaneng litsebe ba a utloa.” (Luka 7:22) Liphekolo tsena li ne li sa itšetleha ka tsoelo-pele ea boqapi ba mahlale.
Ka nako e ’ngoe Jesu o kile a folisa motho ea tsoetsoeng e le sefofu. Baahisani ba bangata le metsoalle ba ile ba lumela mohlolo ona. Monna ea neng a phekotsoe bofofu ba hae o ile a re: “Ha ho eso ho utloahale le ka mohla o le mong hobane motho o tutubolotse mahlo a motho ea tsoetsoeng e le sefofu. Hojane eo hase oa Molimo, o na a ke ke a tseba ho etsa letho.” E, Jesu o ile a tseba ho tutubolla motho eo ka matla a Molimo!—Johanne 9:32, 33.
Sena se paka eng? Hore ka matla a Molimo, bohle ba holofetseng litho tsa kutlo ba tla folisoa! Ka hona, Jesu Kreste o ile a etsa mehlolo ena ho bontša ka tekanyetso e nyenyane se tlang ho etsahala lefatšeng ka bophara tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo. Ke “nakong eo,” pusong ea ’Muso oa Molimo, moo ho tlang ho ba le phethahatso e khōloanyane ea sebele ea boprofeta ba Bibele: “Mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa lithōlō li thibolohe.”—Esaia 35:5, NW.
Ho tseba tšepiso ea Molimo ka bokamoso esita le ho ba le botsoalle ba botho le eena ho etsa hore motho ea holofetseng a ikutloe hore kholofalo ha ea tlameha ho mo hlōla. E mo nolofalletsa ho ba le bophelo bo thabileng hona joale. Ha e le hantle, e tla ba ntho e hlollang hakaakang ha bao ka nako e ’ngoe ba kileng ba holofala lithong tsa kutlo ba thaba ha bohloko bohle le masoabi li tla be li fihlile!—Esaia 35:10.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
E tla ba ntho e hlollang hakaakang ha bao ka nako e ’ngoe ba kileng ba holofala lithong tsa kutlo ba thaba!