Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 8/15 maq. 5-7
  • Ho Tutubollela Litaba tse Molemo Mahlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tutubollela Litaba tse Molemo Mahlo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlōla Bofofu ba Moea
  • Pholiso eo e Leng Eona Feela e Tšoarellang—’Muso oa Molimo
  • Thabo Lefatšeng le Lecha la Molimo
  • Thusang Batho ba Foufetseng Hore ba Ithute ka Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Tšepo ea Lifofu ke Efe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Phela le Bokooa ba Pono
    Tsoha!—2015
  • Bafarisi ba Hloma Monna ea Neng a Foufetse Lipotso
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 8/15 maq. 5-7

Ho Tutubollela Litaba tse Molemo Mahlo

MAELE a Sedanishe a re: “Leholimo ha le boputsoa bo sa loeang feela hobane sefofu se sa le bone.” Empa bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi bo maphathe-phathe, na rea bona hore leholimo le leputsoa, kamoo ho ka boleloang kateng? Na re talima nako e tlang ka kholiseho? Na ruri re lumela litaba tse molemo tseo Lentsoe la Molimo, Bibele le fanang ka tsona?

Sehloohong se etellang sena pele, re ile ra tšohla litšobotsi tsa bofofu ba sebele. A re ke re hlahlobeng mofuta oa pono oo e leng oa bohlokoa haholoanyane. O amana le thabo ea rōna e tšoarellang esita le litebello tsa baratuoa ba rōna.

Ntle ho pelaelo, re tobane le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1, NW) Ho etsahala’ng ha batho ba ntse ba loanela ho iphelisa, ba mamella mathata a bophelo bo botle le mathata a lelapa, le ho sebetsana ka katleho le ho hloka toka sechabeng le ho hloka lerato? Hoa soabisa hore ebe ba bangata ba hlokomela hore tšepo ea bona bathong, bolumeling, le ’musong ea fela. Ka lebaka la ho hlokomela hore tharollo ha e eo, ba bang ba etsa qeto ea hore le ka mohla mathata a bona a ke ke a rarolloa ka tsela e loketseng. Koranteng ea Brazil Jornal da Tarde, Jacob Pinheiro Goldberg oa hlokomela: “Batho, ba tobane le ’nete e bohloko, ba ikutloa ba khopisoa ke liphoso hoo ba sitoang ho nahana ka tsela e hlophisehileng, ’me ba beha tšepo ea bona bolumeling ba mehlolo.” Leha ho le joalo, esita leha lintho li sa tsamaee hantle, re batla ho nahana ka tsela e utloahalang le e bohlale, na ha ho joalo?

Nahana ka nakoana hore u hloka lehae bakeng sa lelapa la hao, ’me chelete hase bothata. Mohlomong ua fuputsa ’me u etela matlo a fapaneng libakeng tse sa tšoaneng. Le hoja barekisi ba litša tse hahiloeng ba leka ho lebisa tlhokomelo ho seo u se lakatsang, ho bonahala hore u ke ke ua fumana lehae leo u nahanneng ka lona. Leha ho le joalo, kaha khotsofalo le boiketlo ba lelapa la hao lia ameha, ha u tele, na ha ho joalo? Joale nahana ka thabo ea hao ha qetellong u fumana ntlo eo ka sebele u lakatsang ho ba le eona.

Joalokaha u ne u tla nka nako u batla lehae le lecha, ke hobane’ng ha u sa hlahlobe Bibele bakeng sa ho fumana tharollo ea mathata a hao? Hantle feela joalokaha re lokela ho seka-seka linnete ha re etsa liqeto tabeng ea lehae, ka ho tšoanang ho hlokahala hore re nahane ka hloko ka seo re se balang Lentsoeng la Molimo. ’Me se molemo haholoanyane ho feta ho fumana lehae ke ho bona ha rōna le ho ananela ’nete ka Jehova Molimo le Jesu Kreste. Jesu o itse: “’Me bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.

Empa haeba molaetsa oa Bibele e le oa bohlokoa hakaalo, ke hobane’ng ha ba bangata hakana ba lula e le lifofu litabeng tse molemo tsa oona? Lebaka le leng, e leng le ka ’nang la makatsa ba bangata, ke hore, “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) Phello ke hore, Satane Diabolose ‘o foufalitse likelello tsa ba sa lumelang, ba tle ba se ke ba chabeloa ke leseli la Evangeli ea khanya ea Kreste, eo e leng setšoantšo sa Molimo.’ (2 Ba-Korinthe 4:4) Le hoja re bona ka mahlo a rōna, ke boko bo hlalosang leseli le kenang ka leihlong. Ka hona, ho ba sefofu ho boetse ho hlalosoa e le ho “hlōleha kapa ho se ikemisetse ho lemoha kapa ho etsa qeto.” Sena se re hopotsa polelo e tloaelehileng e reng: “Ha ho motho ea foufetseng joaloka ba sa batleng ho bona.”

Motho ea foufetseng ha a khone ho bona se ka pele ho eena, kahoo a ka ’na a tsoa kotsi. Bofofu ba sebele ba batho ba bangata hona joale bo ke ke ba felisoa, leha ho le joalo ha ho motho ea tlamehileng ho lula e le sefofu moeeng.

Ho Hlōla Bofofu ba Moea

Joalokaha maemo a tsamaiso ea likhoere-khoere a ka fokolisa pono ea mahlo, tikoloho e hlephisang boitšoaro e ka tlatsetsa bofofung ba moea. Ho feta moo, Jesu Kreste o ile a lemosa khahlanong le lithuto le lineano tsa batho. O ile a hlakisa hore baeta-pele ba bolumeli morao koo ba ne ba khelosa mohlape oa bona: “Ke lifofu tse tsamaisang lifofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, li tla oela sekoting tse peli.”—Mattheu 15:14.

Ho e-na le ho thetsoa ke baeta-pele ba lifofu, ba tutubollelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo mahlo a bona ba thabile hakaakang! Jesu o itse: “Ke tlile lefatšeng lena ho etsa kahlolo ea hore ba sa boneng ba bone, ’me ba bonang ba fetohe lifofu.” (Johanne 9:39) Leha ho le joalo, ba foufetseng moeeng ba ka bona joang? Ha e le hantle, a re tsoeleng pele ho nahana ka bofofu ba sebele.

Hona joale ho na le litokisetso tse ngata tse ka sebelisoang ke ba nang le bothata ba ho bona. Ho ne ho ntse ho se joalo. Ho ne ho se boiteko bo matla bo etsoang ba ho thusa lifofu pele Valentin Haüy a bula sekolo se khethehileng bakeng sa lifofu ka 1784. Hamorao, Louis Braille o ile a qapa mokhoa o reheletsoeng eena; o ile a etsa sena bakeng sa ho thusa batho ba nang le bothata ba ho bona hore ba bale.

Ho thoe’ng ka ba foufetseng moeeng? Lilemong tsa morao tjena boiteko bo matla bo ’nile ba etsoa bakeng sa ho bolela litaba tse molemo esita le libakeng tse hōle haholo tsa lefatše. (Mattheu 24:14, NW) Lipaki tsa Jehova li thabetse ho tlisa tšepo ho ba foufetseng ka tsela ea tšoantšetso le ea sebele.

Mosali e mong oa Brazil o ile a ngola: “Ke rata ho bolela hore ho sa tsotellehe khaello ea ka ’meleng, nka bona—moeeng. Molimo o babatseha hakaakang! Re thabetse ho tseba hore ‘Jehova o tla fuparolla seatla sa hae, a kholise tse utloang kaofela.’” (Pesaleme ea 145:16) ’Me Jorge, ea foufetseng ka tsela ea sebele oa hopola: “Ka nepo bophelo ba ka bo ka aroloa likarolo tse peli: pele le ka mor’a ho kopana le Lipaki. . . . Ka thuso ea tsona, ke ile ka qala ho bona lefatše ka ho hlaka le ka tsela e khanyang. Ke thabela kamano e ntle haholo le bohle ka phuthehong.” Joalokaha seo se thabisa, Bibele e re fa tiiso ea hore haufinyane ha ho motho lefatšeng ea tla foufala—ka tsela ea sebele kapa ea moea. Seo se tla etsahala joang? Ke joang ho tlang ho bonahala e le ’nete hore lefatšeng lohle “Jehova o tutubolla mahlo a lifofu”?—Pesaleme ea 146:8.

Pholiso eo e Leng Eona Feela e Tšoarellang—’Muso oa Molimo

Ho sa tsotellehe tsebo e eketsehileng ea ho phekola ka tsela e loketseng, mafu a mangata a tsoela pele ho baka bofofu, bohloko, le lefu. Joale, ke’ng se hlokahalang ho felisa phepo e fosahetseng, maemo a sa lokelang a tsamaiso ea likhoere-khoere, le matšoenyeho a felisang pono le thabo ea bophelo? Ho folisa lifofu ha Jesu le ba bang e bile mohlala o etsoang ka tekanyo e nyenyane oa se tla etsahala nakong e tlang. Hoa thabisa hore ebe mosebetsi oa hae oa ho ruta le ho folisa o ne o tšoantšetsa litlhohonolofatso tse tla atolosetsoa lefatšeng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo.

Pholiso ka tekanyo ea lefatše ka bophara e haufi.a Lenaneo lena la pholiso ea bomolimo le tšoantšoa hamolemo ke moapostola Johanne: “La mpontša hape nōka e ntle ea metsi a bophelo, a hloekileng joalo ka kristale, e tsoang teroneng ea Molimo le Konyana. Mahareng a lepatlelo la motse le mabopong a nōka, ka mose o mong le o mong, ho na le sefate sa bophelo se behang litholoana haleshome le metso e ’meli, ’me se beha litholoana ka likhoeli tsohle; mahlaku a sefate seo ke a ho folisa ba-lichaba.”—Tšenolo 22:1, 2.

Lipolelo tse kang “metsi a bophelo” le “sefate sa bophelo” li bontša hore ka mor’a ho fela ha tsamaiso e khopo ea kajeno, litokisetso tsa pholiso tsa ’Muso oa Molimo li tla isa moloko oa batho phethehong butle-butle. Ha e le hantle, melemo ea sehlabelo sa thekollo sa Jesu (ho akareletsa le tšoarelo e feletseng ea libe), hammoho le ho tseba Jesu Kreste le Ntate oa hae, e tla tlisa bophelo bo botle bo phethahetseng le bophelo bo sa feleng.—Johanne 3:16.

Thabo Lefatšeng le Lecha la Molimo

Joale, ak’u nahane lefatše le se nang tlōlo ea molao, tšilafatso, kapa bofuma. Nahana lelapa la hao le phela ka khotso Paradeiseng e tsosolositsoeng. (Esaia 32:17, 18) E tla ba thabo e kaakang ho bona mebala e sa tšoaneng ka kelello le litho tsa kutlo tse phethahetseng!

Faber Birren o re: “Ka tlhaho ho hlokahala hore motho a phele tikolohong e ntseng e feto-fetoha e sa khaotse—ea khanya, mebala, litšobotsi. Ha ho tikoloho e tenang tlhahong. Mebala ke e ’ngoe ea lintho tse tlisang thabo lefatšeng lena. Ke tšobotsi ea tlhaho, eseng mokhelo, ’me bophelo bo molemo bo itšetlehile ka eona.”

Mpho ea pono ke ea bohlokoa hakaakang! E tla ba thabo e kaakang ha mahlo a kileng a foufala—ka tsela ea sebele kapa ea moea—a bona!

E, Paradeiseng e tsosolositsoeng e tlang, bofofu le mefokolo e meng e ke ke ea hlola e e-ba sesosa sa ho se thabe! Ha ho ea sa tla hlola a khelosoa. Kaha lerato la sebele le tla ata, bohle ba tla khantšetsoa moeeng. Seo, le se eketsehileng se tla etsahala haufinyane, empa hona joale ke nako ea hore re amoheloe ke Ea tla phethahatsa tšepiso ea hae ea boprofeta: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha”!—Esaia 35:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka kōpo hlahloba bopaki bo fanoeng bukeng ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, khaolong ea 18, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela