Tšepo ea Lifofu ke Efe?
JOHN MILTON o ile a hlophisa lithothokiso tsa hae tsa Paradise Lost le Paradise Regained le hoja a ne a foufetse. Taba ea hore e ne e le sefofu e bile e le sethōlō ha ea ka ea thibela Helen Keller boitekong ba hae ba ho ruta ba nang le likhaello tse itseng ’meleng. E, batho ba bangata ba foufetseng ba sebetsana ka katleho le boemo ba bona. Empa e ne e tla ba ho babatsehang hakaakang ha e mong le e mong a ne a ka thabela ho bona hantle! U ka ’na ua lumela ka ho khethehileng haeba u na le moratuoa kapa motsoalle ea foufetseng kapa ea sa boneng hantle.
Ke ’nete hore linaheng tse ling mananeo a pholiso a ruta batho ba sa boneng hantle mahlale a bophelo ba letsatsi le letsatsi. Mongolo oa Braille le lintja tse tataisang tse koetlisitsoeng li thusa lifofu ho hlokomela litlhoko tsa tsona tse ngata. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba talima bofofu e le kholofalo e tšajoang ka ho fetisisa. Mongoli e mong o ile a tiisa: “Ho foufala ke ho se khone ho sebelisa karolo e khōlō ea lefatše la rōna le bonahalang.” Ka nako e tšoanang, lifofu tse ngata li tlameha ho itšetleha haholoanyane ka batho ba bang.
U ka ’na ua ipotsa, na bofofu bo atile hakaalo? Ha e le hantle, na u kile ua tseba ka trachoma? E ikarabella bakeng sa bofofu ba batho ba limilione tse robong. The New Encyclopædia Britannica e re ka eona: “Lefu lena lea tšoaetsanoa ’me le ata bathong ba penyaneng tikolohong e sa hloekang. Khaello ea metsi a hlatsoang, le boieane ba lintsintsi tse hoheloang ke mantle, bo thusa ho jala lefu lena. Ka litsela tse ling trachoma ke bothata ba maemo a bophelo eseng ba bongaka; haeba maemo a bophelo a ka ntlafatsoa, ho penyana ha fokotsoa, lintsintsi tsa thibeloa, ’me ha tiisoa hore ho na le metsi a lekaneng, trachoma e fokotseha ka potlako.” Batho ba bang ba ka bang milione ba na le onchocerciasis, kapa bofofu ba linōka. Kapa ho thoe’ng ka xerophthalmia? Le hoja lebitso lena le le thata, ’nete ke hore ke sesosa se tloaelehileng sa bofofu. Lefu la tsoekere, ’metso o mosoeu, ’maselese, scarlet fever, le mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a ka ’na a kolekela bofofung.
Ha re ntse re hōla, pono ea rōna e ka ’na ea fifala ka lebaka la mafu a kang le etsang hore thaka ea leihlo e koaheloe ke matheba a masehla le glaucoma, ’me re ke ke ra siea li-cataract. The New Encyclopædia Britannica ea hlokomela: “Cataract e ntse e le holimo lethathamong la lisosa tsa bofofu linaheng tse ngata lefatšeng, ’me le eona e ntse e le kotsi haholoanyane hobane e phekoleha habobebe ka ho buuoa.”
Ho sa tsotellehe lintho tse ncha tse sibolloang tšebetsong e khethehileng ea bongaka ba mahlo, ho felisoa ha bofofu ho bonahala e le ntho e hōle le ho etsahala. Encyclopedia eona eo e re: “Tsoelo-pele thibelong ea bofofu le phekolong le ho buuoa ho amanang le bona ho ka ba le molemo ho baahi ba khonang ho fumana tlhokomelo ea bongaka. Ho fihlela maemo a lijo le bohloeki a karolo e khōlō ea baahi ba lefatše a ka ntlafatsoa, bofofu bo ka thibeloang bo tla lula bo ntse bo atile ka tsela eo bo atileng ka eona hona joale.”
Le hoja lithibela-mafu le ho buuoa li hlile li loketse li bile li le molemo tabeng ea ho loantša bofofu, tšepo ea phekolo e tšoarellang e amana le ntho e ’ngoe e ileng ea etsahala hoo e ka bang lilemong tse likete tse peli tse fetileng.
Ho Folisa Lifofu Mehleng ea Jesu
Nahana ka motho ea leng lilemong tsa hae tsa bo-30 a tsamaea tseleng e lerōle. Ha ba utloa hore oa feta, banna ba babeli ba lifofu ba ka thōko ho tsela baa hoeletsa: “Re utloele bohloko!” Le hoja bashebelli ba ba laela hore ba thōle, lifofu tsena li hooa haholo: “Re utloele bohloko!” Ka mosa motho enoa oa botsa: “Le rata ha ke le etsetsa eng?” Ka thahasello e matla baa araba: “Mahlo a rōna a ke a tutubolloe.” Joale nahana: Monna enoa o ama mahlo a bona, ’me hang-hang baa bona!—Mattheu 20:29-34.
Ke thabo e kaakang ho bana bao pele e neng e le banna ba lifofu! Leha ho le joalo, bofofu bo atile haholo. Ena e ne e mpa e le ketsahalo e le ’ngoe. Ke hobane’ng ha u lokela ho lebisa tlhokomelo ea hao ho eona? Hobane e ne e le Jesu oa Nazaretha eo ka mosa a ileng a etsa hore banna bao ba bone. Ha e le hantle, ka ntle le ‘ho tlotsetsoa ho bolella mafutsana litaba tse molemo,’ Jesu o ne a ‘rometsoe ho busetsa pono ho lifofu.’—Luka 4:18, NW.
Batho ba ile ba hlolloa ke liphekolo tse joalo tsa mohlolo tse ileng tsa etsoa ka moea o halalelang oa Molimo o matla. Rea bala: “Eaba bongata boo boa makala, ha bo bona limumu li bua, le lihole li e-na le ’mele o motle, le lihlotsa li tsamaea, le lifofu li bona, ’me ba rorisa Molimo oa Iseraele.” (Mattheu 15:31) Ka ntle le tefo kapa ho etsa mponeng kapa ho itlotlisa ka lipholiso tse joalo, Jesu o ile a phahamisa lerato la Jehova Molimo le mohau. Leha ho le joalo, Jesu o ne a na le kutloelo-bohloko le bakeng sa lifofu tsa moea le batho ba nyahameng ba neng ba “khathetse, ba saretsoe joalo ka linku tse se nang molisa.”—Mattheu 9:36.
Le hoja histori e joalo e ka ba e thahasellisang, u ka ’na ua ipotsa, Kajeno teng ho joang? Kaha kajeno ha ho motho ea folisang batho joalokaha Jesu a ne a etsa, na lipholiso tseo li na le seo li se bolelang bakeng sa rōna? Na lifofu li na le tšepo leha e le efe? Ka kōpo bala sehlooho se latelang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
“Ho fihlela maemo a lijo le bohloeki a karolo e khōlō ea baahi ba lefatše a ka ntlafatsoa, bofofu bo ka thibeloang bo tla lula bo ntse bo atile ka tsela eo bo atileng ka eona hona joale.”—The New Encyclopædia Britannica