Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 10/8 maq. 10-13
  • Bofofu ba Linōka—Ho Hlōla Seoa se Tšabehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bofofu ba Linōka—Ho Hlōla Seoa se Tšabehang
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boloetse bo Tšabehang
  • Ho Loantša Liboba
  • Pilisi e le ’Ngoe Kapa Tse Peli Hang ka Selemo
  • Litebello Tsa ka Moso
  • Tšepo ea Lifofu ke Efe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Tutubollela Litaba tse Molemo Mahlo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Thusang Batho ba Foufetseng Hore ba Ithute ka Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Jesu o Phekola Monna ea Tsoetsoeng a sa Bone
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 10/8 maq. 10-13

Bofofu ba Linōka—Ho Hlōla Seoa se Tšabehang

KA MONGOLLI OA TSOHA! NIGERIA

KETSAHALO ena e ne e tloaelehile metseng e mengata e mabōpong a linōka Afrika Bophirimela. Sehlopha sa batho se ne se lutse litulong tlas’a sefate se seholo se ba sirelelitseng letsatsing le chesang. Ba bahlano ba bona—banna ba bane le mosali—ba ne ba foufetse ka ho feletseng hape ba foufaletse ruri.

Morena oa motse oo, ea neng a apere seaparo sa ka holimo se selelele se sesoeu, o ile a re: “Ba ne ba sa tsebe hore na ke hobane’ng ha ba ne ba foufala motseng ona oa khale. Boholo ba batho ba baholo moo ba shoele ba foufetse. . . . Ba ne ba nahana hore ho na le ledemona le khahlanong le bona. Ba ile ba rapela lithatho tsa bona ka tieo hore li ba sireletse. Baholo-holo ba bona ba ile ba ba bolella hore ba fe lithatho tsa bona lijo. Kahoo, ba ile ba hlaba likhōhō le linku e le ho etsa sehlabelo. Empa ba ile ba ’na ba tsoela pele ho foufala.”

Qetellong, lingaka li ile tsa tla ’me tsa hlalosa hore bofofu bo ne bo sa tsoe mohloling o phahametseng tlhaho. E ne e le phello ea boloetse ba onchocerciasis, kapa bofofu ba linōka, bo ileng ba bitsoa joalo ka lebaka la hore liboba tse nyenyane tse lomang, tse jalang boloetse boo li behela mahe a tsona linōkeng tse phallang ka lebelo.

Ka lehlohonolo, bofofu ba linōka ha bo tšoaetsanoe habonolo joaloka mafu a mang a linaheng tse chesang tse mongobo. Ha le hlahise tšokelo ho batho ba lulang metseng e meholo kapa ho ba etelang hakhutšoaane sebakeng se nang le tšoaetso ea lona. Bofofu bo hlaha feela ka mor’a ho tšoaetsoa khafetsa nakong ea lilemo tse ngata.

Leha ho le joalo, bofofu ba linōka ke boloetse bo tšosang ba linaheng tse chesang tse mongobo bo senyang bophelo ba batho ba limilione. Le hoja bo tōtile haholo libakeng tse ling tsa Bochabela bo Hare le Amerika Bohareng le Boroa, ba amehang haholo ke ba sebetsang le ba phelang haufi le linōka tse tletseng liboba karolong ea Afrika e lutseng tikolohong ea equator. Metseng e meng hoo e batlang e le motho e mong le e mong o na le boloetse bona. Ho ea ka likhakanyo tsa The Carter Center ea Atlanta, Georgia, U.S.A., hoo e ka bang batho ba limilione tse 126 ba kotsing ea ho tšoaetsoa. Batho ba bang ba limilione tse 18 ba na le libōkō tse noang mali tse bakang bofofu ba linōka. Palo ea batho ba seng ba batla ba foufetse kapa ba seng ba foufetse ka ho feletseng e hakanyetsoa ho ba lipakeng tsa milione e le ’ngoe le tse peli.

Hona joale, seoa se seng se e-na le lilemo tse makholo se le teng se behiloe tlas’a taolo ka boiteko bo kopanetsoeng ba WHO (World Health Organization) le mekhatlo e meng, hammoho le mebuso ea linaha tse fapa-fapaneng. Ho sa tsotellehe maemo a bora le ho felloa ke tšepo karolong e khōlō ea Afrika, lenaneo lena la toantšo ea boloetse ke le atlehang. Lenaneo lena le thoholetsoa ka hore ke “katleho e ’ngoe e hlokomelehang e khōlō ho tsa bongaka le tsoelo-pele tsa lekholo la mashome a mabeli la lilemo.”

Boloetse bo Tšabehang

Bofofu ba linōka bo jaloa ke mefuta e ’maloa ea liboba tse tšehali (genus Simulium). Ha seboba se nang le tšoaetso se loma motho, se kenya popane ea sebōkō se noang mali (Onchocerca volvulus). Butle-butle, ka tlas’a letlalo la batho ba tšoaelitsoeng, popane e-ea hōla ’me e fetoha libōkō tse bolelele ba lisenthimithara tse 60.

Ka mor’a hore li emolisoe, libōkō tse tšehali kaofela li qala ho hlahisa libōkō tse nyenyane tse bitsoang microfilariae; li tsoela pele li etsa sena ka lilemo tse 8 ho isa ho tse 12, li hlahisa tse limilione. Libōkō tsa microfilariae ha li fihle boemong ba khōlō ntle leha li ka nkoa ke seboba, ’me tsa hōlela ka har’a sona, le ho fetisetsoa mothong hape. Ka ho tloaelehileng, libōkō tsena tse nyenyane, tse e-s’o kang li hōla li phasa-phasa ho pholletsa le letlalo ’me qetellong li ka ’na tsa futuhela mahlo. Libōkō tse ka bang limilione tse 200 li ka ’na tsa nyeunya ka har’a mohlaseluoa a le mong. Tsa ba ngata hoo lipatlisiso tse mabapi le boloetse li akarelletsang ho sehoa ha letlalo hanyenyane bakeng sa tlhahlobo. Letlalo leo ho etsoang sampole ka lona ha le talingoa ka mochini o hōlisang lintho tse nyenyane haholo, le ka ’na la bonahala le e-na le libōkō tse nyenyane haholo tse makholo-kholo tse phasa-phasang.

Likokoana-hloko tsena li hlokofatsa batho bao e leng bahlaseluoa ba tsona. Ha lilemo li ntse li feta letlalo la motho ea nang le tšoaetso le ba morumo ’me le ba makhakhapha. Hangata mabali a bontšang ho lahleheloa ke ’mala oa letlalo aa hlahella. Bahlaseluoa ba ba le seo ka ho hlakileng se hlalosoang e le letlalo la koena, letlalo la mokholutsoane, kapa letlalo la lengau. Botsikinyane e e-ba ba bo boholo, hoo ho ’nileng ha tlalehoa hore bo khannela ba bang hore ba ipolaee. Haeba libōkō tse nyenyane li ka futuhela mahlo, qetellong, pono e ba e fokolang ’me mohlaseluoa o foufala ka ho feletseng.

Libakeng tsa mahaeng tse futsanehileng, moo liboba li leng ngata, ka ho khethehileng bofofu ke moroalo o boima hore o ka jaroa. Lebaka le leng ke hore batho ba bangata ba motse ka tumela-khoela ba lumela hore bofofu ke phello ea kotlo ea Molimo le hore batho ba foufetseng ha ba na thuso lichabeng tsa habo bona. Lebaka le leng ke hore ha ho na lithuso tsa sechaba tse tsoang ’musong, e leng ho etsang hore bahlaseluoa ba itšetlehe ka malapa a bona ka ho feletseng. Sata, mohlaseluoa oa mosali oa bofofu ba linōka Burkina Faso, o ile a re: “Ho motho ea foufetseng, hore na ke monna kapa mosali, bohloko boa tšoana. Haeba moroetsana a foufetse ’me a sa nyaloa, a ke ke a fumana monna. Ke ile ka nyaloa pele ke foufala, empa monna oa ka o ile a shoa. Khaitseli ea ka o ile a foufala a sa le monyenyane ’me o ne a ke ke a fumana mosali. Ka bobeli ba rōna re hlokometsoe ke malapa a habo rōna—bakeng sa lijo, bakeng sa lintho tsohle. Hoa tšabeha.”

Libakeng tseo bofofu ba linōka bo tloaelehileng, hangata batho ba tlohela metse ea habo bona, liboba le boloetse li ba qobella hore ba balehe. Naha e nonneng e haufi le metsi e lahloa kherehloa ’me e fetoha thite. Sena, ka lehlakoreng le leng, se tlatsetsa bofutsaneng le tlaleng ea sekoboto.

Ho Loantša Liboba

Boiteko ba machaba ba ho beha bofofu ba linōka tlas’a taolo linaheng tse supileng tsa Afrika Bophirimela bo qalile ka bo-1970. Li hlometse ka lihlahisoa tse bolaeang popane tse ka fetoloang metsoako e se nang kotsi, chefu ea likokoanyana e bolaeang popane, lihelikopthara tse ngata, lifofane tse nyenyane, le literaka li ile tsa sebelisoa ho hlasela liboba, tse jalang boloetse bona. Sepheo e ne e le ho hlasela le ho bolaea liboba ha li sa ntse li hlaseleha habonolo ka ho fetisisa—boemong ba ha e sa ntse e le popane.

Ho ne ho sa hlokahale hore ho tšeloe chefu ka har’a linōka tsohle. Litsebi li ne li tseba hore liboba tse tšehali li behela mahe a tsona metsing le hore mahe a khomarela makaleng le mafikeng a ka tlas’a liphororo tsa nōka. Ke metsi a phallang ka potlako feela a fanang ka oksijene e ngata eo popane e sa tsoa qhotsoa e e hlokang bakeng sa ho phela. Sena se bolela hore libaka tsa ho qhotsetsa ho theosa le linōka li ne li lekanyelitsoe li bile li khetholleha.

Sepheo sa ho fafatsa libaka tsena tsa ho qhotsetsa e ne e se ho felisa liboba ka ho feletseng, e leng mosebetsi o ke keng oa etsahala. Empa ka ho fokotsa bongata ba liboba, litsebi li ne li tšepa hore ho ka khaoloa ketane e tsoelang pele ea ho fetisoa ha kokoana-hloko. Liboba tse fokolang li ne li tla bolela hore ho ba le tšoaetso e ncha e fokolang. Ho ne ho e-na le khopolo ea hore haeba liboba li ne li ka thibeloa hore li se ke tsa hōla ho fihlela likokoana-hloko tse teng li e-shoa butle-butle ka har’a batho ba seng ba ntse ba e-na le tšoaetso, ho ne ho tla fihla nako eo ho neng ho sa tl’o ba le likokoana-hloko tse setseng. Kahoo, ha seboba se loma motho, se ne se ke ke sa monya likokoana-hloko tseo se tlang ho li fetisetsa ho ba bang.

Mosebetsi ona e ne e le o phephetsang. Liboba li qhotsetsa libakeng tse ngata tseo ho leng thata ho li finyella. Hape, kaha li ka fofa makholo a lik’hilomithara, ho ne ho hlokahala hore liboba li loantšoe sebakeng se seholo. Ho feta moo, ho ne ho tla hlokahala phalimeho e ikhethang hobane esita le khoeli e le ’ngoe feela e ka fetang ho sa fafatsoa libaka tsa ho qhotsetsa e ne e ka fella ka keketseho e khōlō ea liboba, ’me ea senya mosebetsi o entsoeng ka lilemo-lemo.

Ho tloha ka bo-1970, sefofane se ile sa fafatsa ka ho khetheha libakeng tse hōle tse nang le metsi tse fetang lik’hilomithara tse 19 000. Ka lebaka leo, ho ile ha tlosoa karolo ea 80 lekholong ea boloetse libakeng tse nang le tšoaetso linaheng tse ileng tsa e-ba le seabo toantšong ea liboba.

Pilisi e le ’Ngoe Kapa Tse Peli Hang ka Selemo

Kahoo, ho tloha ka 1987, sebetsa se seng se ile sa etsoa bakeng sa ho loantša bofofu ba linōka. Lekhetlong lena, ho e-na le ho hlasela liboba, tlhaselo e ile ea tobisoa ho likokoana-hloko tse ka hare ho ’mele oa motho. Sebetsa sena e ne e le sethethefatsi se sireletsehileng le se atlehang se bitsoang Mectizan (ivermectin), se entsoeng lilaboratoring tsa k’hamphani ea meriana ea Amerika.

Ho thibela boloetse boo ho tsoela pele, ho hlokahala hore motho ea nang le tšoaetso a noe tekanyo e le ’ngoe—pilisi e le ’ngoe kapa tse peli—selemo le selemo. Mectizan ha e bolaee libōkō tse noang mali tse seng li hōlile tse ’meleng, empa e bolaea libōkō tse nyenyane ka ho fetisisa le ho thibela tse seng li hōlile ho hlahisa libōkō tsa microfilariae tse eketsehileng. Sena se thibela boloetse hore bo se ke ba tsoela pele ka har’a mohlaseluoa ’me se liehisa ho fetela ha boloetse ho ba bang. Sethethefatsi se boetse se lokisa kotsi e qalehang karolong e ka holimo ea leihlo ’me se thibela likotsi tse ling ho mpefala. Leha ho le joalo, se ke ke sa lokisa likotsi tsa khale tsa mahlo, leha e le hore se ka lokisa bofofu hang ha bo se bo qalehile.

Leha ho le joalo, bothata e ne e le kabo—ho fetisetsa sethethefatsi sena ho batho ba se hlokang. Matšoele-tšoele a phelang metsaneng e hōle a ka finyelloa ka maoto feela. Hangata ho sebelisa koloi ho hloka hore ho tlosoe lihlahla kapa haesita le ho haha marokho. Ka linako tse ling ntoa ea lehae, khaello ea tšehetso ea lichelete, le lipolotiki tsa sebakeng seo li phaella mathateng a kabo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata ana, qalong ea 1995 lipilisi tsa Mectizan tse ka bang limilione tse 31 li ne li se li abiloe, haholo-holo Afrika.

Litebello Tsa ka Moso

Ho pholletsa le lilemo tse 20 tse fetileng, Onchocerciasis Control Programme (Lenaneo la Taolo ea Bofofu ba Linōka) le ’nile la loantšana le bofofu ba linōka linaheng tse 11 tsa Afrika Bophirimela, sebakeng se menahanyang Fora ka makhetlo a mararo ka boholo. Liphello e bile life? Ho ea ka lipalo-palo tsa WHO, tšebeliso e kopantsoeng ea lihlahisoa tse bolaeang popane le Mectizan e sebelelitse ho sireletsa batho ba fetang limilione tse 30 bao ka nako e ’ngoe ba kileng ba sokeloa ke seoa sena sa boholo-holo se tšabehang. Batho ba fetang limilione tse 1,5 ba neng ba e-na le tšoaetso e tebileng ea kokoana-hloko ena hona joale ba folile ka ho feletseng. Ho feta mona, ho hlōla bofofu ba linōka ho boetse ho etsa hore naha e ka lengoang e etsang lihekthere tse limilione tse 25 e fumanehe hape bakeng sa ho haha le ho lema—naha e lekaneng bakeng sa ho fepa batho ba ka bang limilione tse 17 ka selemo.

Ntoa e sa le hōle le ho fela. Lichabeng tsa Afrika moo bofofu ba linōka bo ’nileng ba loantšoa ho na le ba ka tlaase ho halofo ea batho ba sokeloang ke boloetse bona.

Lilemong tsa morao tjena boiteko ba ho loantša boloetse bona bo ile ba matlafatsoa. Ka lilemo tse peli feela, ho tloha ka 1992 ho fihlela ka 1994, palo ea batho ba ileng ba phekoloa ka Mectizan e ile ea menahana, ho tloha ho limilione tse 5,4 ho isa ho tse 11. Ho elella qetellong ea 1994 linaha tse ka bang 32 tsa Afrika, Latin America, le Bochabela bo Hare li ne li hlomme mananeo a phekolo ea Mectizan, ao qetellong a ka ’nang a sireletsa batho ba ka bang limilione tse 24 bofofung.

Pan American Health Organization e na le tšepo ea ho felisa boloetse bona joalokaha e le tšokelo ea bophelo bo botle ba sechaba linaheng tsa Amerika Leboea le Amerika Boroa ka selemo sa 2002. Ka sebele, Afrika, mosebetsi o moholoanyane. Leha ho le joalo, United Nations Children’s Fund e-ea hlokomela: “Ho se ho ntse ho hlakile hore bakeng sa moloko o hōlang hona joale bofofu ha bo sa hlahisa tšokelo e tšosang ea ka moso joalokaha bo kile ba etsa, sebakeng seo ho lahleheloa ke pono e ’nileng ea e-ba karolo ea botsofali ka nako e telele.”

Hoa thabisa ho tseba boiteko bo entsoeng ba ho thusa batho ba sokeloang ke bofofu. Nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Jesu Kreste le eena o ile a bontša kameho e lerato ho batho ka ho etsa hore ka mohlolo ba bangata ba foufetseng ba boele ba bone. (Mattheu 15:30, 31; 21:14) Sena se ile sa bontša ka tekanyo e nyenyane se tlang ho etsahala lefatšeng ka tlas’a ’Muso oa Molimo. Ka sebele, nako e-ea tla eo ho seng ea tlang ho utloisoa bohloko ke bofofu ba mofuta leha e le ofe. Lentsoe la Molimo le bolela esale pele: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha.”—Esaia 35:5.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

“Ba ne ba beha meea ea bademona molato bakeng sa bofofu. Hona joale, baa tseba hore bo bakoa ke libōkō”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Pilisi e le ’ngoe kapa tse peli ka selemo e ka ’na ea thibela bofofu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela