Pefo Lipapaling—Ke Hobane’ng ha e Eketseha?
Maele a boholo-holo a re “papali e nea ’mele bophelo bo botle.” Mehleng ea boholo-holo lingaka tsa Magerike li boletse hore papali e itekanetseng e ne e ka nea ’mele bophelo bo botle.
Leha ho le joalo, kajeno lipapali tse ngata ha li tlisetse libapali kapa babōhi bophelo bo botle. Pefo lipapaling e eketsehile hoo moemeli oa lekhotla la molao, Palamente ea Europe, le amohetseng qeto e telele ea ho hlahlobisisa “tšenyo ea thepa le pefo lipapaling.” Litho tsa Palamente ea Europe, li tšositsoe ke mabifi a ntoa pele le ka mor’a papali mahareng a libapali le batšehetsi ba lihlopha tse hlōlisanang, li hlahlobile ketsahalo ena litšobotsing tse fapaneng tsa eona, lisosa tsa eona, le mehato e ka nkuoang ho e thibela. Li fumane eng, ’me pefo lipapaling e se e le ea mofuta ofe?
‘Ketsahalo e Jeleng Setsi’
Bolo ea maoto, papali e ratoang haholo lefatšeng, ke eona e nyatsuoang haholo, empa le mefuta e meng ea papali ea ameha bothateng bona. Ka 1988 ho ile ha qhoma pefo nakong ea tlholisano ea bo-’mampoli ba machaba ba bolo ea maoto ba Europe e neng e tšoaretsoe Jeremane. Ka mor’a ntoa e neng e akarelletsa sehlopha sa machaba, batšehetsi ba Brithani ba ile ba qala ho loana ’me ha qetella ka ho ntšoa kotsi ha mapolesa, ho senngoa ha thepa, ’me batho ba 300 ba tšoaroa. Ka mora ho hlōla ha sehlopha sa Italy nakong ea litlholisano tsona tseo tsa bo-’mampoli, batho ba bararo ba ile ba bolaoa ka baka la moea o fetelletseng oa ho chesehela lipapali.
Brithani sehlopha se tummeng hampe sa bo-tsotsi ba tsosang pefo se jala tšabo hohle moo se eang teng, ’me se kentse letsoho “ho senya botumo bo botle ba papali ea Manyesemane ea bolo ea maoto naheng eo le linaheng tse ling,” joalokaha The Guardian e boletse. Ka makhetlo a mangata nakong ea papali, likoranta tsa ’Mantaha tsa Italy li buile ka Lisontaha tse “mabifi”—liketsahalo tsa lipapali tse ileng tsa qetella ka mafu a mangata, likotsi, le tšenyo ea thepa. Joalokaha koranta ea ka mehla e hlalosa, mabala a lipapali a fetohile “lebala la lintoa.” Empa maemo a joalo ha a felle Brithani le Italy feela. Netherlands, Jeremane, Soviet Union, Spain, le linaha tse ling li talimane le bothata bo tšoanang.
“Ntoa ea Batšehetsi”
Boitšoaro bo mabifi ba batšehetsi ba bang bo hlohlelletsoa ke phatlalatso ea papali, ’me ho etsa hore ba itšoare bophoofolo nakong ea papali. Papaling ea bolo ma-ultrà Italy kapa sehlopha sa bo-tsotsi sa Brithani se bokana hammoho ka mor’a lifolaga tse nang le lihlooho tse kang “Red Army” kapa “Tiger Command.” Motšehetsi oa bolo, joalokaha tsotsi e ’ngoe e boletse, “o batla ho loana, ho hlōla sebaka sa eo a hlōlisanang le eena.” Litulong tsa bashebelli lebaleng la lipapali, maemo a tšoana le a mabaleng a lipapali a mehleng ea boholo-holo a Roma, moo babōhi ba neng ba thabisoa ke libapali tse thoholetsang liloani ho bolaeana. ’Me pina e hlohlelletsang ea batšehetsi e tletse mapetjo a mahlapa le mantsoe a khethollo ea morabe.
Hangata batšehetsi ba nka libetsa tse kotsi. Liphuputso tse entsoeng ke mapolesa pele ho litlholisano li sibolotse libetsa tse ngata—lithipa, lithunya, le libolo tsa billiard. Litsenene tse ngata tsa tšepe li ile tsa liheloa litulong tsa bashebelli tsa mabala a lipapali a Brithani!
Ho Kenella ha ’Muso
Qeto ea Palamente ea Europe e phehelletse mebuso ho nka mehato e matla ho felisa pefo lipapaling. Ka mohlala, ’muso oa Brithani o nkile mehato e joalo tlas’a tataiso ea tona-kholo oa oona Margaret Thatcher. Mofumahali Thatcher o ile a tsitlallela ho amohela melao e matla haholoanyane, joaloka likarete tsa boitsebahatso tse tlamang bakeng sa ho kena mabaleng a lipapali. Haeba beng ba tsona ba fumanoa ba le molato ka liketso tsa pefo, likarete tseo li ne li tla nkuoa. Ho phaella moo, Brithani ho na le morero oa ho haha mabala a lipapali a nang le k’hamera ea thelevishene bakeng sa ho laola babohi, ho haha mabota a tla arohanya batšehetsi ka mahlakoreng a hlōlisanang, le ho felisa lintho leha e le life tse ka chang. Mapolesa a ile a kenella har’a lihlopha tsa basenyi, babōhi ba mabifi ka ho fetisisa, bakeng sa ho fumana baetapele ba bona le ho ba tšoara.
Ho boetse ho nkuoa mehato le linaheng tse ling. Ba boholong lipapaling Italy, ka tšebelisano-’moho le Letona la Litaba tsa ka Hare ho Naha, ba entse qeto ea ho sebelisa terata e hlabang mabaleng a lipapali esita le terata e sireletsang, lifofane, mapolesa a mangata, le lik’hamera tsa thelevishene. Ho bile ha nahanoa hore masole a be teng mabaleng a lipapali. Nakong ea litokisetso tsa Lipapali tsa Liolimpiki tse neng li tšoaretsoe Seoul, Korea, ka 1988, ba boholong ba ile ba koetlisa mapolesa ho loantša litlhaselo tsa batšosi.
Joale ho boetse ho na le liketso tsa pefo tse lebisitsoeng ho balaola-papali. Haufinyane nakong ea papali ea bolo Italy, balaola-papali ba 690 ebile bahlaseluoa. Tlholisanong ea papali ea litebele Liolimpiking tsa Seoul, molaola-papali o ile a hlaseloa ka sehlōhō ke bakoetlisuoa esita le mapolesa a neng a sa lumellane le qeto ea hae.
Ntle le kotsi bophelong ba batho, ho na le tšenyo e khōlō moruong e bakoang ke pefo lipapaling. Hase feela ho lefa liketekete tsa liranta bakeng sa tahlehelo e bakuoeng ke bosholu, ho inkela thepa, ho senya thepa le litšenyehelo tsa thibelo. Letsatsi le le leng la papali Brithani chelete e ka bang Rl 800 000 e sebelisoa bakeng sa tšireletso ea sepolesa feela.
Ke hobane’ng ha papali e e-na le pefo e mabifi a kang a bophoofolo?
Pefo—“Karolo ea Bohlokoa” Kamoo Lipapali li Bapaloang Kajeno
Kajeno, pefo e mabafi e amahanngoa le lipapali. Ka ho thahasellisang, phuputso e tšoanang e ileng ea lokisetsa qeto e amohetsoeng ke Palamente ea Europe e bontšitse hore “pefo hase karolo ea bohlokoa ea papali, empa e fetoha karolo ea bohlokoa maemong ao papali e bapaloang ho oona le melao e busang papali, haeba e ka bitsoa joalo, e ke ke ea e thibeloa ka ho lekaneng.” Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Ho fapana le liketso tsa pefo tsa batšehetsi, tsela eo papali e bapaloang ka eona e fetohile. Sechabeng ka bosona, ho na le “pefo e eketsehang,” joalokaha Palamente ea Europe e lumetse. Hape, lipapali tsa lefatše ha li sa khothalletsa feela mesebetsi ea ’mele. Ka mohlala, Athens ka 1896, Lipapaling tsa pele tsa Liolimpiki tsa mehleng ea joale, sehlopha sa limathi tsa Brithani se ile sa hlakoloa lenaneng hobane se ile sa ikoetlisa pele ho papali. Taba ea ho ikoetlisa pele ho papali e ne e hanana le moea oa litlholisano o neng o khothalletsoa nakong eo. Kajeno ketsahalo e joalo e ka tšehisa batho ba bangata.
Ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše le haholo-holo ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, batho ba lulang linaheng tse futsanehileng moruong ba ne ba na le nako eo ba sa etseng letho ka eona. Ka potlako mesebetsi ea boikhathollo ea fetoha khoebo e khōlō. Lithahasello tsa chelete e eketsehileng tsa beoa tekanyong e tšoanang le lithahasello tsa batho le tsa sechaba. Kajeno lipapali ke “sebaka seo chelete, lipolotiki, le bochaba li busang ho sona.” Ka mantsoe a mang, lipapali li fetohile “ketsahalo ea batho ba bangata.” Hangata ho hlōla ho bolela liranta tse limillione bakeng sa bahlōli! Thelevishene e boetse e tlatselitse botumong ba lipapali ’me mohlomong e tlatselitse hape mabifing a lipapali. Hangata k’hamera ea TV e qeta nako e ngata e bontša setšoantšo sa karolo e nang le pefo ea papali ho ena le likarolo tseo mohlomong ho boleloang hore li lokile, ka ho khutlisetsa filimi morao le ho bontša karolo eo hape. Ka ho se lemohe TV e ka hōlisa liphello tsa pefo likelellong tsa batšehetsi ba nakong e tlang esita le ho libapali. Ha ho sa na papali ea bo-maithutoane, ’me sebakeng sa eona ho na le “papali ea libapali tse lefuoang,” kamoo koranta e ’ngoe e hlalositseng, ha e bua ka liranta tse mashome a likete tse fumanoeng ke limathi Seoul nakong ea Liolimpiki tsa 1988.
Bochaba bo etsa hore limathi, bakoetlisi, balaoli, le babōhi ba be le pono e fetelletseng ea bohlokoa ba ho hlōla. Ka mor’a liketsahalo tsa papali ea machaba, tlhompho ea tlhōlo e lebisoa lehlakoreng le hlōlang, joalokaha baetapele ba bahlōli ba ne ba khutlela hae linakong tsa boholo-holo. Sena se bonoe lilemong tsa moraorao Italy, Argentina, le Netherlands, moo limathi li loanang ho fihlela motsotsong oa ho qetela. ’Me batšehetsi ba etsisa mohlala oa bona, ’me ba fetoletse litaba ho bontša botšepehi sehlopheng sa bona kapa sechabeng sa bona, ’me sena se baka ntoa pele ho papali le nakong ea lipapali le ka mor’a eona.
Pele ho tlholisano ea bo-’mampoli ba machaba ba 1988 ba Europe, makasine oa beke le beke oa Jeremane Der Spiegel o boletse hore ho ne ho e-na le tšabo ea hore ketsahalo ena e ka fetoha “lebala la mabifi a maholo, bochaba le bohatelli.”
Mofuta o Mong oa Pefo
Sena hase sona phetho se leng teng pefong ea lipapali. Liolimpiking tsa Seoul ka 1988 ho ile ha qhoma “bolotsana ba tšebeliso ea lithethefatsi tse sa lumelloang.” Tšebeliso ena ea lithethefatsi e eketsang matla a limathi le ho li lumella ho finyella boemo bo phahameng ho feta matla a tsona a tloaelehileng, e hlahisa pefo moeeng oa lipapali le bophelong ba limathi.
Ketsahalo ee e atile hakae?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Hangata k’hamera ea TV e qeta nako e ngata e tšoantšitse karolo e nang le pefo ea papali ho e-na le likarolo tseo mohlomong ho ka boleloang hore li lokile, ka ho khutlisetsa filimi morao le ho bontša karolo eo hape
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bochaba bo fetelletsa boikutlo ba bohlokoa ba ho hlōla
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng.]
Nancie Battaglia