Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 11/8 leq. 3
  • Ho Etsahala Eng Lipapaling?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahala Eng Lipapaling?
  • Tsoha!—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pefo Lipapaling—Ke Hobane’ng ha e Eketseha?
    Tsoha!—1989
  • Mathata a Lipapali Kajeno
    Tsoha!—1991
  • Papali ea Bolo ea Mohope oa Lefatše—Na ke Papali Kapa ke Ntoa?
    Tsoha!—1991
  • Boinehelo ba Bomolimo ha bo Bapisoa le Koetliso ea ’Mele
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 11/8 leq. 3

Ho Etsahala Eng Lipapaling?

Ka mongolli oa Tsoha! Italy

NA LIHLOOHO tse leqepheng le bapileng le lena li hlalosa ho lihuoa ha ’muso ka likhoka Latin America kapa tlhaselo ea botšosi naheng ea Europe? Che, litlaleho tsena le tse tšoanang le tsona ke “letsatsi le tloaelehileng la lipapali,” joalokaha koranta e ’ngoe ea Italy e hlalositse.

Ho bonahala matsatsing ana lipapali le pefo li tsamaisana. Ka mohlala, ba bangata ba sa ntse ba hopola mantsiboea a la 29 Motšeanong 1985, ha batho ba 39 ba shoa ’me ba 200 ba tsoa kotsi khohlanong e neng e le mahareng a batšehetsi pele ho papali ea makhaola khang ea Bo-’mampoli ba Mohope oa Bolo ba Europe.

Leha ho le joalo, liketsahalo tsa pefo tse bakoang ke libapali le babōhi ha lia lekanyetsoa feela mofuteng o le mong oa papali, joaloka bolo ea maoto, empa li mefuteng eohle ea lipapali—baseball, litebele, hockey.

Mantsoe a kang, “E se eka sebapali se hloahloa se ka hlōla” le, “Ke habohlokoahali ho nka karolo ho feta ho hlōla,” a fetohile mantsoe a sa sebelisoeng ka ho felletseng lipapaling. Ke hobane’ng ha libapali le babōhi ba itšoara ka tsela ea bophoofolo le ka mabifi litlholisanong tsa lipapali? Ke eng se ikarabellang ka pefo lipapaling? Bothata boo bo tebile hakae?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela