Mathata a Lipapali Kajeno
BATHO ba ’nile ba pheha khang ka hore lipapali ke tsa bohlokoa hobane li hōlisa boitšoaro bo botle. Ba bolela hore lipapali li hōlisitse kananelo bakeng sa mosebetsi o thata, ho ba ra-lipapali le ho latsoa thabo ea ho bapala. Empa ho ba bangata likhang tse joalo ha li utloahale ’me esita le kajeno li utloahala e le boikaketsi.
Ka ho khethehileng bothata ke khatello ea ho batla ho hlōla. Makasine oa Seventeen o bitsa sena “tšobotsi e sa rateheng ea lipapali.” Hobane’ng? Kahobane ha ho qotsoa ’ona makasine oo, “ho hlōla ho koahela kameho ka botšepehi, mosebetsi oa sekolo, bophelo bo botle, thabo le litšobotsi tse ling tsa bohlokoa tsa bophelo ba motho. Ho hlōla ho fetoha ntho ea bohlokoa ho feta tsohle.”
Phihlelo ea Kathy Ormsby oa U.S. eo e leng sebapali se hloahloa ka ho fetisisa e ile ea sebelisoa ho bontša liphello tse soabisang tsa khatello e fetelletseng ea ho hahamalla ho finyella sepheo se itseng lipapaling tsa mabelo. Ka la 14 June, 1986, libeke tse seng kae ka mor’a ho roba rekoto lebelong la basali la limithara tse 10 000 mabelong a likoleche tsa sechaba, Kathy o ile a tsoa lekoteng tlhōlisanong ea NCAA (National Collegiate Athletic Association [Mokhatlo oa Likoleche tsa Sechaba oa Lipapali tsa Mabelo]) ea bo-’mampoli, eaba o mathela borokhong bo haufi le moo ’me a itihela a leka ho ipolaea. O ile a pholoha, empa o ile a holofala ho tloha lethekeng ho ea tlaase.
Scott Pengelly, ngaka ea mafu a kelello e phekolang limathi, o hlokometse hore Kathy hase mokhelo. Ka mor’a teko ea Kathy ea ho ipolaea, Pengelly o ile a tlaleha: “Ke ile ka amohela melaetsa ea thelefono e reng, ‘Ke ikutloa joaloka Kathy.’” Semathi se seng, Mary Wazeter oa Univesithi ea Georgetown, se ileng sa roba rekoto lebelong la batho ba itseng la lik’hilomithara tse 21,7 le sona se ile sa leka ho ipolaea ka ho itihela borokhong ’me se ile sa holofala bophelo bohle ba sona.
Khatello ea ho hlōla, le ho phelela se lebelletsoeng li ka ba matla ’me ho hlōleha ho li finyella ho ka ba kotsi. Donnie Moore, sebapali se hloahloa se akhelang libolo sa sehlopha sa California Angels sa baseball, o ne a le boemong ba ho akhela bolo e le ’ngoe ka tsela e tla etsa hore sehlopha sa habo se kene tlhōlisanong ea Letoto la Lipapali tsa Lefatše la 1986. Empa sebapali sa Boston se thibang libolo se ile sa otla bolo eo ’me sa e betsetsa hōle hoo se ileng sa khona ho pota lebala, ’me Boston e ile ea hlōla papali eo hammoho le tlhōlisano ea bo-’mampoli Lithiming tsa Amerika. Donnie, eo ho latela metsoalle ea hae a ileng a sithabetsoa ke ho hlōleha hona, o ile a ithunya ’me a shoa.
Moea o Fetelletseng oa Tlhōlisano
Bothata bo amanang le lipapali tsa kajeno ke moea o fetelletseng oa tlhōlisano. Ha se ho fetelletsa lintho ho bolela hore batho ba hlōlisanang ha e le hantle ba ka fetoha batho ba hlokang boitšoaro. Ha Larry Holmes e sa le ’mampoli oa boimahali papaling ea litebele, o ile a bolela hore o ne a lokela ho fetoha ha a kena ka selika-likoeng sa litebele. O hlalositse: “Ke tlameha ho siea mosa ka ntle ho selika-likoe sa litebele le ho kena le bobe bohle joaloka Dr. Jekyll le Monghali Hyde.” Limathi li hōlisa boikutlo bo fetelletseng ba tlhōlisano ka boikemisetso ba ho thibela ba bang ba nang le talente e tšoanang ho hlōla.
Ka nako e ’ngoe motho eo e kileng ea e-ba mokoetlisi oa sehlopha sa bolo o kile a re: “U tlameha ho ba le moea oo o fetelletseng oa tlhōlisano ka hare ho uena, ’me ha ho letho le hlohlelletsang moea oo joaloka lehloeo.” Ho tlalehoa hore esita le eo e neng e le mopresidente oa U.S. Ronald Reagan o kile a tlalehela sehlopha sa papali ea bolo sa koleche: “U ka utloa lehloeo le loketseng bakeng sa eo u hlōlisanang le eena. Ke lehloeo le letle kaha ke la tšoantšetso feela seaparong sa bolo seo u se apereng.” Empa na ha e le hantle ho molemo ho fehla moea oa lehloeo bakeng sa motho eo u hlōlisanang le eena?
Bob Cousy, eo e kileng ea e-ba sebapali se hloahloa ka ho fetisisa papaling ea basketball sa sehlopha sa Boston Celtics, o kile a bolela ka kabelo ea hae ea ho thibela sebapali sa sehlopha seo ba hlōlisanang le sona, Dick Barnett, sebapali se hloahloa sa basketball sa Los Angeles Lakers, hore se se akhele bolo ka letanteng. Cousy o itse: “Ke ile ka lula ka kamoreng ea ka ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea. Seo ke ileng ka se etsa feela ebile ho nahana ka Barnett, ka lehlakoreng le leng ke nahana ka tsela eo nka mo hlōlang ka eona ’me ka lehlakoreng le leng ke fehla moea oa ho mo hloea. Nakong eo ke fihlang lebaleng ka eona, ke ne ke halefile hoo hoja Barnett o ile a re feela ‘lumela’ mohlomong ke ne ke tla mo raha molomong.”
’Nete ke hore hangata libapali li leka ka boomo ho sitisa libapali tseo li hlōlisanang le tsona, ’me lia putsoa bakeng sa ho etsa joalo. Ira Berkow, moqolotsi oa litaba tsa lipapali o boletse hore sebapali sa papali ea bolo ea maoto se tsebang ho raha sebapali se seng hore se be se ntšoe ka lebaleng “se koptjoa ka matsoho [ke libapali ’moho le sona] bakeng sa mosebetsi o tsoileng matsoho oo se o entseng. Ha se lemalitse libapali tse ngata, . . . sea putsoa qetellong ea letoto la lipapali ’me sena se fella ka hore se ekelletsoe moputso kapa ka hore libapali tse e-s’o hiroe li fumane mosebetsi. Ke kahoo libapali tse ngata li aparang liaparo tse ngotsoeng mabitso a bosoasoi a kang Joe Greene ea Sehlōhō, Jack (’Molai) Tatum,” le a mang.—The New York Times, December 12, 1989.
Fred Heron, sebapali se bapalang morao sa sehlopha sa bolo ea maoto sa St. Louis se boletse: “Bakoetlisi ba re bolelletse hore sehlopha [sa Cleveland Browns] se na le motho ea bapalang hare ea fokolang ka baka la kotsi eo a ileng a ba le eona molaleng nakong e fetileng. Ba ile ba etsa tlhahiso ea hore haeba nka fumana monyetla, ke leke ho mo ntša ka lebaleng ka ho mo lematsa. Kahoo nakong ea papali ke ile ka tšela mola oa libapali, ka feta bohare ba lebala hammoho le sebapali se bohareng, ka ba ka fihla moo a emeng teng. Ke ile ka leka ho mo utloisa bohloko molaleng ka sephaka, eaba oa thekesela ’me o lahla bolo. Libapali tsa heso li ile tsa nthoholetsa. Empa ke ile ka talima motho ea bapalang hare ea rapalletseng fatše eo ka ho hlakileng a neng a opeloa. Hang-hang ke ile ka nahana, ‘Na ke se ke fetohile phoofolo? Hona ke papali, empa ke leka ho holofatsa motho e mong.’” Leha ho le joalo, Heron o ile a hlokomela: “Letšoele la bashebelli le ile la nthoholetsa.”
Batho ba bangata ba tletleba ka hore likotsi tse ngata tse bakoang ke moea o fetelletseng oa tlhōlisano ke bothata bo boholo lipapaling kajeno. Ka masoabi, likotsi tse limillione li kopanyelletsa bana ba kenngoang moea o fetelletseng oa papali ea tlhōlisano ho tloha bonyenyaneng. Ho latela Komisi ea U.S. ea Tšireletso ea Lihlahisoa tse Rekoang, selemo se seng le se seng bana ba limillione tse ’nè ba phekoleloa likotsi tsa lipapali sepetlele ’me ho hakanngoa hore ba bang ba limillione tse robeli ba phekoloa ke lingaka tsa lelapa.
Bana ba bangata hona joale ba bolaoa ke likotsi tse fetelletseng tse neng li bonoa ngope-setšoha lilemong tse fetileng. Lilemong tse fetileng ha bana ba ne ba bapalla monate feela, ba ne ba leba lapeng ha ba ne ba tsoile kotsi ’me ba ne ba sa bapale hape ho fihlela ha bohloko bo felile. Empa litlhōlisanong kapa lipapaling tse hlophisitsoeng esale pele, hangata bana ba tsoela pele ho bapala, ba lematsa likarolo tsa ’mele tse ntseng li opa haholoanyane. Ho latela eo e kileng ea e-ba sebapali se hloahloa sa baseball se akhelang libolo Robin Roberts, batho ba baholo ke bona mohloli o moholo oa bothata. “Ba tlisetsa bana khatello e khōlō—kelellong le ’meleng—nako e telele pele bana ba lokela hoo.”
Chelete le ho Qhekella
Bothata bo bong ka lipapali ke hore chelete e fetohile ntho ea sehlooho eo batho ba amehileng ka eona. Meharo ho fapana le ho ba sebapali se setle esita le ho bapala ka mokhoa o hlokang leeme joale e bonahala e le eona e hlahelletseng lipapaling. Moqolotsi oa litaba oa The Denver Post, Jay Mariotti o itse: “Ke masoabi ho bolela hore botle ba lipapali bo felile ka ho felletseng lilemong tsa bo-1980. Lipapali li kene lilemong tsa bo1990 e le matla a tšabehang bophelong ba rōna ba sechaba, e le khoebo e khōlōhali ea matsebe-tsebe a lidolara tse limillione (ha e le hantle, [liranta tse 173,5] tsa libillione [limillione tse sekete], e leng khoebo ea bo22 e khōlōhali Amerika) eo ka linako tse ling e hlalosoang hamolemo e le khoebo e bolotsana.”
Selemong se fetileng libapali tse 162 tsa lithimi tse khōlō tsa baseball United States—tse fetang se le seng ho tse hlano—li ile tsa fumana liranta tse fetang limillione tse tharo sebapali ka seng, ’me moputso o phahameng ka ho fetisisa e ne e le oa limillione tse robeli tsa liranta. Hona joale, selemo hamorao, libapali tse fetang 120 li tla lefshoa liranta tse fetang tse limillione tse 5,5 sebapali ka seng, ho kopanyelletsa le libapali tse 32 tse tlang ho bokella liranta tse fetang limillione tse robeli bakeng sa sebapali ka seng, ’me bonyane sebapali ka seng se tla fumana chelete e fetang liranta tse limillione tse 14 ka selemo, ho tloha ka 1992 ho fihlela ka 1995! Takatso e matla ea chelete le meputso e meholo li fetohile lintho tse tloaelehileng lipapaling.
Esita le lipapaling tsa likoleche hangata ho hatelloa chelete. Bakoetlisi ba lihlopha tse hlōlang ba fumana moputso o phahameng haholo, ba fumana chelete e ka etsang liranta tse limillione tse tharo ka selemo e le moputso haesita le moputso oa ho phatlalatsa lihlahisoa tsa bo-rakhoebo le mesebetsi ea bona sechabeng. Likolo tse nang le lihlopha tse tšoanelehang bakeng sa lipapali tsa bo-’mampoli lihlopheng tsa bolo ea maoto tse khethiloeng bofelong ba selemo United States li amohela liranta tse limillione-millione—’me selemong se fetileng li fumane liranta tse limillione tse 151. Mopresidente oa koleche John Slaughter oa hlalosa: “Lihlopha tsa bolo ea maoto le tsa basketball li tlameha ho etsa chelete, ’me li tlameha ho hlōla hore li etse chelete.” Sena se fella ka likotsi tse ngata tseo ho tsona ho hlōla ho fetohang ntho ea bohlokoa haholo—’me liphello e ba tse kotsi.
Kaha mosebetsi oa libapali tsa bolo tse lefuoang o itšetlehile ka ho hlōla, li etsa sohle se matleng a tsona ho hlōla. Rusty Staub eo e kileng ea e-ba sebapali se hloahloa haholo sa baseball o itse: “Ha e sa le papali feela. Ke mosebetsi o boima oa ’mele.” Ho qhekella ho jele setsi. Sebapali sa baseball se bapalang karolong e ka thōko ea lebala, Chili Davis oa hlalosa: “Haeba u sa qhekelle, ha u leke ho hlōla.” Sebapali se bapalang ka har’a lebala sa New York Mets, Howard Johnson o re: “U etsa sohle seo u ka se khonang haeba u ke ke ua tšoaroa.”
Kahoo matla a boitšoaro aa nyenyefatsoa ’me bona ke bothata bo boholo lipapaling tsa likoleche. Harold L. Enarson, eo e kileng ea e-ba mopresidente oa Univesithi ea ’Muso ea Ohio oa lumela: “Bakoetlisi ba bang le batsamaisi ba lipapali tsa mabelo baa qhekella, ha bapresidente le batsamaisi ba iphapanya ka boomo.” Selemong sena, liunivesithi tse 21 United States li ile tsa lefisoa ke Mokhatlo oa Likoleche tsa Sechaba oa Lipapali tsa Mabelo bakeng sa litlōlo tsa molao, ’me liunivesithi tse ling tse 28 li sa ntse li hlahlojoa.
Ha ho makatse ha litekanyetso tsa libapali tse ncha li senngoa, e leng bothata bo bong bo boholo lipapaling tsa kajeno. Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi tse fang limathi mokoka e jele setsi, empa hangata ho fumana thuto hona ha ho joalo. Phuputso e khōlō e tiisa hore libapali tse leng mananeong a maholo a lipapali tsa mabelo li qeta nako ea tsona e ngata li bapala nakong eo li lokelang ho ba lithutong tsa sekolo ka eona. Phuputso e tšehetsoang ke ’muso le eona e boetse e fumane hore ke libapali tse ka tlaase ho se le seng ho tse hlano tse ileng tsa qeta lithuto tsa tsona ho tse tharo tsa likoleche tsa Amerika le liunivesithing tse nang le mananeo a maholo a basketball a banna.
Esita le liithuti tse ’maloa tsa lipapali tsa mabelo tseo qetellong li atlehang lipapaling tse khōlō le ho fumana meputso e meholo le tsona hangata li fetoha bo-ralipapali ba tsebahalang ba soabisang. Li hlōleha ho laola chelete ea tsona le ho talimana le linnete tsa bophelo. Travis Williams ea ileng a shoa a le lilemo li 45 ka February selemong sena a ntse a hloka moo a lulang teng ka baka la bofutsana ke mohlala o mong o joalo. Ho tloha ka 1967 ha a sa ntse a bapalla sehlopha sa bolo ea maoto sa Green Bay Packers, o sa ntse a hopoloa le kajeno ka ho roba rekoto papaling ea bolo ea maoto e lefuoang ea U.S., ka ho matha sebaka sa limithara tse 37,6 ka karolelano ka lehlakoreng la thimi eo ba neng ba bapala le eona ha bolo e qeta ho tlosoa. Ka nako e ’ngoe o kile a bolela hore ha a ntse a le kolecheng “ha ho mohla ho neng ho hlokahala hore a ee ka klaseng. O ne a itlela litlhakisong tsa papali feela.”
Mathata a Amanang le Bashebelli
Kajeno batho ba qeta nako e ngata ba shebelletse lipapali ho feta nako eo ba e qetang ba bapala ka bobona ’me hona ho felletse ka mathata a maholo. Taba e ’ngoe ke hore hangata ho ea mabaleng a lipapali ho kopanyelletsa ho pepesetsoa boitšoaro bo bobe le bo mabifi ba bashebelli ba bang. Lintoa li tloaelehile boemong ba maikutlo a phahameng liketsahalong tse ling tsa lipapali ’me batho ba makholo ba tsoile likotsi ’me ba bang ba bileng teng lipapaling ba ile ba bolaoa.
Empa kajeno bashebelli ba bangata ha ba be teng ka seqo lipapaling; ba li shebella thelevisheneng. United States, seteishene se qetang lihora tse 24 se ntse se hasa lipapali feela se qeta nako e eketsehileng letsatsi le letsatsi se hasa litaba tsa lipapali ho feta seteishene leha e le efe sa litaba tsa letsatsi le letsatsi! Empa na ho shebella lipapali ka tlung ea hao ha ho na mathata?
Che, ka sebele ha ho joalo. Mosali e mong o hlalositse: “Ka lilemo tse ngata monna oa ka o ne a tseba lebitso la sebapali se seng le se seng se lefuoang ’me boemo ba hae hase mokhelo. O na le metsoalle e ’maloa e sa shebelleng lipapali ka mehla.” Mosali enoa o re: “Phoso e khōlō ka ho fetisisa e amanang le mokhoa ona ke tšusumetso eo o nang le eona ho bana.” Oa phaella: “Ke hloile taba ea hore monna oa ka o sebelisa nako ea hae ea botho ho shebella lipapali ka ntle le ho ’nahanela kapa ho nahanela bana.”
Na tletlebo ee ke mokhelo? Che ha ho joalo. Likarolong tse ngata tsa lefatše, malapeng ho na le litho tsa lelapa tse qetang nako e ngata haholo li shebelletse lipapali thelevisheneng e leng ho fellang ka ho hlokomolohuoa ha litho tse ling tsa lelapa. Mosali e mong oa Brazil o supa phello e kotsi: “Butle-butle lerato le ho tšepana mahareng a monna le mosali li ka fokolisoa ’me sena sa beha lenyalo kotsing.”
Batho ba chesehelang lipapali ka ho fetelletseng hangata ha ba bontše ho leka-lekana litseleng tse ling. Hangata ba rapela libapali joaloka melimo, e leng seo libapali ka botsona li se bonang e le bothata. Sebapali se seng se hloahloa sa papali ea tenese Boris Becker se hlokometse: “Ha ke fihla motseng oa heso, batho ba ne ba eme matlotlosia ’me ba nchebile joaloka hoja ba lebelletse mahlohonolo a tsoang ho Mopapa. Ha ke talima batšehetsi ba ka mahlong . . . ke ile ka nahana hore ke talimme batho ba mohlolo ba sa tloaelehang. Ba ne ba hobotse mahlo ’me eka ba shoele.”
Ha ho pelaelo ka sena, lipapali li ka ba le matla a maholo a tlisang boikutlo ba monyaka le botšepehi bo matla. Batho ha ba haptjoe feela ke mosebetsi oa sehlopha sa libapali le tsebo empa hape ba haptjoa ke sephetho sa papali seo ho sa tsejoeng hantle hore na e tla ba sefe. Ba batla ho tseba hore na ke mang ea tla hlōla. Ho feta moo, lipapali li faposa batho ba limillione ho seo e ka ’nang ea ba ke bophelo bo bosula ho bona.
Leha ho le joalo, na lipapali li ka tlisetsa batho thabo? Na ho na le melemo ea sebele eo li ka fanang ka eona? Ke joang u ka qobang mathata a amanang le lipapali?
[Lebokose le leqepheng la 23]
Bolumeli ba Lipapali
Tom Sinclair-Faulkner oa Canada o ile a pheha khang ea hore “hockey [e bapalloang leqhoeng] hase papali feela Canada: ho ba bangata e sebetsa joaloka bolumeli.” Bona ke boikutlo boo hangata bo bonahatsoang ke batho ba bangata ba chesehelang lipapali ka ho fetelletseng ho sa tsotellehe hore na ba lula kae.
Ka mohlala, United States lipapali li ’nile tsa bitsoa “bolumeli ba lefatše bo amoheloang.” Ngaka ea libapali David Cox o hlokometse hore “ho na le likamano tse ngata mahareng a lipapali le tlhaloso ea lentsoe bolumeli e tsoang bukeng e hlalosang mantsoe.” Cox o ile a phaella: “Batho [ba bang] ba tšoara limathi joaloka hoja ke melimo kapa bahalaleli.”
Batho ba ratang lipapali ka ho fetelletseng ba etsa lihlabelo tse khōlō, ba sebelisa nako le chelete lipapaling tsa bona ’me hangata ba etsa sena ka tsela e ntšang malapa a bona kotsi. Batšehetsi le bona ba sebelisa lihora tse ngata ba shebelletse lipapali thelevisheneng. Ka sebete ba apara mebala ea lihlopha tsa habo bona ’me ba bonahatsa litšoantšo tsa libapali tseo ba li ratang pontšeng. Ba bina lipina tse ba khethollang e le batho ba inehetseng lipapaling tsa bona ka thabo le ka cheseho e khōlō.
Limathi tse ngata li bile li rapella tlhohonolofatso ea Molimo pele ho papali ’me lia khumana li etsa thapelo ea teboho ka mor’a ho kenya bolo ka letanteng. Papaling ea Mohope oa Lefatše ka 1986, sebapali se seng se hloahloa sa papali ea bolo Argentina se ile sa bolela hore ke letsoho la Molimo le se thusitseng ho kenya bolo ka letanteng. ’Me joaloka litho tse ling tsa malumeli, batho ba chesehelang lipapali ka ho fetelletseng ba ’nile ba bitsoa “batho ba hatellang melao-motheo e itseng ka ho fetelletseng.” Cheseho ena e fetelletseng e ’nile ea lebisa lintoeng tse mahlo-mafubelu tseo ka linako tse ling li ’nileng tsa baka lipolaeano har’a batšehetsi ba lihlopha tse fapaneng.
Joaloka bolumeli ba bohata, “bolumeli ba lefatše” ba lipapali bo nehelana ka “bahalaleli,” lineano, litšoantšo tse hlonepshoang, le litšebeletso ho balateli ba bona ba meharo empa bo sa ba nehe letho la bohlokoa kapa ho etsa hore bophelo ba bona bo be le morero ka ho sa feleng.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Hangata libapali li ntšoa kotsi
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ho shebella lipapali ho TV ho ka baka liqabang tsa lelapa