Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 9/8 maq. 24-26
  • Ho Boloka Lipapali Sebakeng se Loketseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Boloka Lipapali Sebakeng se Loketseng
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thoe’ng ka Tlhōlisano?
  • Boikutlo Mabapi le Limathi
  • Kamoo Lipapali li Leng Molemo ka Teng
  • Mathata a Lipapali Kajeno
    Tsoha!—1991
  • Na ke Lokela ho Kena Thiming ea Lipapali?
    Tsoha!—1996
  • Boinehelo ba Bomolimo ha bo Bapisoa le Koetliso ea ’Mele
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Na Tlhōlisano Lipapaling e Fosahetse?
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 9/8 maq. 24-26

Ho Boloka Lipapali Sebakeng se Loketseng

HA BATHO ba bapala lipapali tseo ba li ratang, ba ikutloa ba khatholohile ha ’mele ea bona e arabela le ho etsa liketso tsa botsebi kapa e mamella. Molimo o re bōpetse hore re thabele mosebetsi oa ’mele. Mohlomong batho ba bangata ba fumana thabo e khōloanyane ka ho shebella ba bang ha ba bapala. Kahoo lipapali li tšoana le lintho tse ling tse ngata tse molemo ha li bolokoa sebakeng sa tsona se loketseng.

Ka mohlala: Ha batho ba ea lebōpong la leoatle ho ora letsatsi, ke eng se etsahalang ha ba ba moathameleng o moholo haholo oa letsatsi? Ba utloa bohloko ba ho chesoa ke letsatsi ho senyang nako ea bona e monate ebile sena se ka ba kotsi. Ho joalo le ka lipapali. Papali e seng kae e molemo, empa ho ipepesetsa papali ka ho fetelletseng ho ka ba kotsi.

Lipapali e ka ba mokhoa o babatsehang oa boikhathollo le ho ithabisa, leha ho le joalo ha lia lokela hore e be tsona pakane feela ea motho. Ha li tlise khotsofalo ea ’nete kapa thabo ea ka ho sa feleng. Ka bomalimabe, ka linako tse ling motho o ee a hlaheloe ke kotsi e be e le hona a hlokomelang sena. Mary Wazeter, semathi sa mosali se ileng sa itihela borokhong ’me sa holofala sea hlalosa: “Mehope ea ka eohle le likhau ha li sa na bohlokoa ba letho.”

Oa tlaleha: “Ke ithutile linnete tse ngata ka bophelo. ’Nete e ’ngoe ke hore khotsofalo ea ’nete ha e finyelloe ka litsela tseo batho ba bangata ba li phehellang tsa ho fumana phetheho le katleho. Khotsofalo ea ka ha ea tla ka ho ba seithuti se fumanang lintlha tse phahameng ka ho fetisisa, ho ba semathi sa ’mampoli oa naha kapa ho ba le seemo se khahlehang sa ’mele.”

Ha se leka ho akaretsa litaba ka bokhutšoanyane, setsebi sa kahisano, John Whitworth se hlokometse: “Bofelong ba papali, sohle seo u nang le sona ke letoto la lipalo-palo. Sohle se bonahala se hloka motheo. Leha ho le joalo, ke nahana hore seo se lumellana le sechaba sa rōna kajeno.” Ho beha khatello e sa lokelang lipapaling ho fella ka ho ba le pono eo eseng ea sebele ka lintho tseo e leng tsa bohlokoa ka ’nete.

Ka mor’a ho hlōla tlhōlisanong ea lebelo la limithara tse 200 Liolimpiking tsa 1964, Henry Carr o hlalositse: “Ha ke khutlela Metseng ea Liolimpiki, ke ile ka talimisisa khau ea khauta ka lekhetlo la pele. . . . Ha e le hantle ke ile ka ipotsa: ‘Ha e le hantle, sena ke eng! Ka lilemo tsena tsohle ke ’nile ka sebetsa ka thata hore feela ke fumane see?’ Ke ne ke halefile haholo ho e-na le hore ebe ke thabile. Ke ne ke soabile e le ka ’nete.” Marlon Starling o ile a ikutloa ka tsela e joalo ka mor’a ho hlōla tlhōlisanong ea bo-’mampoli ba boima-hare ba Mokhatlo oa Lefatše oa Litebele ka 1987. O hlokometse: “Tlotla eo ha e lekane le ha ngoan’a ka a re, ‘Ntate, kea u rata.’”

Kahoo ho ka ithutoa thuto ea bohlokoa: Mosebetsi o behang litholoana, lelapa, ’me haholo-holo ho rapela Molimo, li lokela ho nka sebaka sa pele ka ho loketseng. Bibele e nepile ha e re: “Tlhakiso ea ’mele [eo lipapali li fanang ka eona] e na le molemo o monyenyane.” (1 Timothea 4:8, NW) Seo se bontša sebaka se loketseng sa lipapali bophelong ba rōna. Papali e lokela ho ba sebakeng sa bobeli. Kaha lipapali e ka ba tse thabisang hakana, motho o lokela ho falimeha ho feta leha e le neng pele hore lintho tsa bohlokoa haholoanyane li se hlokomolohuoe.

Kahoo, ka bohlale e-ba ea seli ha litho tsa lelapa li tletleba ka hore u qeta nako e ngata haholo u bua ka lipapali, u li shebelletse kapa u li bapala. Mosali e mong eo monna oa hae a ileng a etsa liphetoho tabeng ea ho lebisa tlhokomelo lipapaling, ka thabo o ile a hlokomela: “Joale o se a qeta nako e eketsehileng a e-na le ’na le bana. Ka linako tse ling lelapa la rōna le shebella papali thelevisheneng, empa mantsiboea a mangata re tsamaea hammoho ho otlolla maoto le ho buisana ka liketsahalo tsa letsatsi. Sena sea thabisa ’me se re boloka e thabile.”

Ka lebaka la mathata a ka hlahang, ke hobane’ng ha ka botšepehi u sa ipotse potso ena: Na mohlomong ke qeta nako e ngata haholo lipapaling ho feta kamoo ke lokelang ka teng? Leha ho le joalo, ho na le mabaka a mang a ho boloka lipapali sebakeng se loketseng.

Ho Thoe’ng ka Tlhōlisano?

Hore lipapali li ruise motho molemo ho e-na le hore li be kotsi, boikutlo bo loketseng mabapi le tlhōlisano ke ba bohlokoa. Ngaka ea sehlopha sa libapali tsa hockey e ile ea tletleba: “Bakoetlisi, matichere a tlhakiso ea ’mele, batsoali, le bana ka bobona ba ikemiselitse ho hlōla hoo ba lebalang morero oa lipapali [bakaeng sa bacha].” O boletse hore morero oa lipapali e lokela ho ba “ho hōlisa mosebetsi oa sehlopha le taeo, ho ikoetlisa hore motho e be ea shahlileng ’me habohlokoa ka ho fetisisa, bakeng sa ho ithabisa.”

Leha ho le joalo, ka masoabi ho hatella ho hlōla ho sentse thabo ea ba bangata. Setsebi sa thuto ea kelello tabeng ea lipapali Bruce Ogilvie o hlokometse: “Ka nako e ’ngoe nkile ka buisana le libapali [tse qalang ho bapala lihlopheng] tse khōlō tsa baseball tse 10 tse lulang libakeng tse ka thōko ka nakoana nakong ea boikoetliso ’me tse etsang karolo ea 87 lekholong li ile tsa bolela hore li lakatsa eka ho ka be ho se mohla li kileng tsa bapala baseball ea Lithimi tsa Bana ba Banyenyane hobane e li amohile thabo ho seo e ’nileng ea e-ba papali e thabisang.” Bothata bo tšoanang ke hore tlhōlisano e fetelletseng e tlatsetsa lenaneng le phahameng ka ho fetisisa la likotsi.

Bibele e fana ka tataiso ha e re: “A re se keng ra ithorisa, ra fehla moea oa tlhōlisano e mong ho e mong, ra honohelana.” (Ba-Galata 5:26, NW) Ho latela libuka tse hlalosang mantsoe tsa Segerike le Senyesemane, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho “fehla moea oa tlhōlisano” le bolela “ho qholotsa,” “ho phephetsa bakeng sa ho loana kapa ho hlōlisana le motho e mong.” Kahoo An American Translation eona e ngola sena tjena: “Ha re se keng ra phephetsana ka boikhohomoso ba rōna.” ’Me mongolo o botlaaseng ba leqephe ho New World Translation o beha taba ka mokhoa o mong: “Ho qobellana ho amohela tharollo ea khang.”

Joale, ka ho hlakileng, ho fehla moea oa tlhōlisano ha ho bohlale. Ha ho hlahise likamano tse ntle. Haeba u qobelloa ho amohela tharollo ea khang ’me u hlōloa, ’me mōhloli a ithorisa ka phello, phihlelo eo e ka ba e tlontlollang. Boikutlo bo fetelletseng ba tlhōlisano bo bontša ho hloka lerato. (Mattheu 22:39) Ka nako e tšoanang, haeba tlhōlisano e bolokoa e le e nang le botsoalle le e mosa, e ka tlatsetsa ho etseng hore papali e be e thahasellisang le hore papali e be e thabisang.

Ba bang ba ka ’na ba batla litsela tsa ho bapala lipapali ka tsela ea ho fokotsa moea oa tlhōlisano. Mokoetlisi e mong oa papali ea bolo ea maoto Engelane o itse: “Ke lumela molemong oa ho kopanela lipapaling ka baka la molemo oa tsona feela ho fihlela ha ngoana a le lilemo li 13 kapa li 14.” O khothalletsa hore ho se bolokoe litlaleho tsa sephetho sa papali kapa boemo ba lihlopha tsa lipapali—“ho se etsoe letoto la maemo kapa mehato e lokelang ho finyelloa, ho se be le litlhōlisano tsa ho qetela.” E, khatello ea ho hlōla e lokela ho fokotsoa ka ho loketseng kapa e felisoe ka ho felletseng.

Boikutlo Mabapi le Limathi

Ho boloka lipapali sebakeng se loketseng ho tla akarelletsa boikutlo ba rōna mabapi le limathi tse nang le neo, tse tsebahalang. Ka ho utloahalang, mohlomong re ka tsota matla a tsona a ho matha le litlhōlo tsa tsona tse makatsang. Empa na li lokela ho rapeloa? Hangata bacha ba bonoa ba manehile litšoantšo tsa limathi tse joalo ka likamoreng tsa bona. Na se finyelletsoeng ke batho ba joalo ka sebele se ba etsa batho ba tšoaneloang ke ho hlomphuoa? Mohlomong ha ho joalo ho hang.

Sebapali se secha sa sehlopha sa bo-’mampoli ba Lithimi tsa Sechaba tsa Papali ea Bolo ea Maoto pele se ne se talima libapali-’moho tse ngata ka tlhompho e khōlō. Empa se boletse hore boitšoaro ba libapali tsena le boikutlo ba tsona “li ile tsa felisa boikutlo bohle ba tlhompho boo ke neng ke e-na le bona ka tsona.” Se ile sa hlalosa: “Ka mohlala, ba ne ba ee ba re: ‘Hela, ke bile le likamano tsa botona le botšehali le banana ba bahlano bekeng e fetileng ho sa kopanyelletsoe mosali oa ka.’ Ke ile ka talima motho eo ’me ka nahana: ‘Enoa ke eena motho eo ke mo fetotseng molingoana.’”

Ka sebele ho fosahetse ho fetola motho leha e le ofe molingoana ’me sena ke ’nete haholo-holo ka batho ba hlahelletseng mosebetsing oo Bibele e reng o na le molemo o fokolang kapa o lekanyelitsoeng. Bahlanka ba Molimo ba phehelloa hore ba ‘balehele borapeli ba melimo ea litšoantšo.’—1 Ba-Korinthe 10:14, NW.

Kamoo Lipapali li Leng Molemo ka Teng

Joalokaha re hlokometse, Bibele e bolela hore boikoetliso ba ’mele, bo kang bo fumanoang lipapaling bo na “le molemo o monyenyane.” (1 Timothea 4:8, NW) Ke ka litsela life ho leng joalo? Ke joang u ka ruang molemo lipapaling?

Ngaka ea lekholong la bobeli la lilemo ea Mogerike Galen, eo e neng e le ngaka ea botho ea moemphera oa Roma Marcus Aurelius, e ile ea hatella bohlokoa ba boikoetliso ba ’mele bakeng sa bophelo bo botle ka kakaretso. E ile ea khothalletsa lipapali tsa bolo, kaha lipapali tsena li koetlisa ’mele ’ohle ka tsela ea tlhaho. Hangata ho bapala bolo ho boetse hoa thabisa bakeng sa papali, kahoo motho o tla hle a rate ho bapala lipapali tsena tseo a li ratang ho feta ho nka karolo mefuteng e meng ea boikoetliso.

Batho ba bangata ba fumana hore boikoetliso boo ba bo fumanang lipapaling bo ba neha boikutlo ba boiketlo. Ka mor’a mosebetsi o khathollang kapa papali, ba ikutloa ba le sehlahlo ebile ba khatholohile. Leha ho le joalo sena ha sea lokela ho re makatsa kaha Dr. Dorothy Harris o re, “boikoetliso ke moriana o molemo ka ho fetisisa o khathollang oa tlhaho.”

Boikoetliso ba ’mele bo kang bo tlisoang ke ho ikoetlisa ka mekhoa ea tlhaho, ho matha, le lipapali, ka kakaretso kajeno bo nkoa e le ba bohlokoa bakeng sa bophelo bo botle. The World Book Encyclopedia ea hlokomela: “Batho ba shahlileng ba etsa mesebetsi ea bona ea ka mehla ba sa khathale habonolo feela ’me ba ntse ba e-na le matla a mang bakeng sa lithahasello tse ling. Ba boetse ba boemong bo molemo ba ho loantša liphello tsa botsofali hamolemo ho feta batho ba fokolang ’meleng.”

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe kamoo lipapali li ka thusang motho ka teng hore e be ea shahlileng, melemo ea seo ke e lekanyelitsoeng. Botsofali le lefu li ke ke tsa thibeloa ke boiteko ba motho. Leha ho le joalo, ka mor’a ho bolela hore boikoetliso ba ’mele bo “na le molemo o monyenyane,” Bibele ea bolela: “Boinehelo ba bomolimo bo molemo linthong tsohle, kaha bo na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le bo tlang ho tla.”—1 Timothea 4:8, NW.

Ke Jehova Molimo feela, ’Mōpi oa rōna, ea ka tsebang ho re neha bophelo. Kahoo, ha ho letho le bohlokoa ho feta “boinehelo ba bomolimo” e leng tlhompho, borapeli le tšebeletso ho Molimo. Kahoo ba sebelisang boinehelo ba bomolimo ba talima ho etsa thato ea Molimo e le hona ho tlang pele bophelong. Ba tla ikitlaetsa ka matla tšebeletsong ea Molimo, ba sebelise bocha ba bona joalokaha Jesu Kreste a entse, ba bolelle ba bang lintho tse molemo ka Molimo le ’Muso oa oona.

E, ka ho etelletsa lithahasello tsa Molimo pele, batho ba ka fumana mosa oa oona le ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la oona le lecha la ho loka. Moo, Molimo o thabileng, Jehova, o tla ba fa thabo ea ’nete le ea ka ho sa feleng le khotsofalo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela