Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 9/8 leq. 27
  • “U se ke Ua Tela”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “U se ke Ua Tela”
  • Tsoha!—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Re Hloka Batho ba Tšepahalang’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ho Ikemisetsa ho Phela ka Melao ea Jehova ea Boitšoaro
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Tsoha!—1991
g91 9/8 leq. 27

“U se ke Ua Tela”

NAKONG eo Wilma Rudolph a hlahang ka eona, o ne a le monyenyane ’me a kula. O ne a se a e-na le lilemo tse ’nè empa a sa tsebe ho tsamaea. Eaba o qala ho kula haholo ka baka la scarlet fever le pneumonia. Le hoja a ile a pholoha, leoto la hae le letšehali le ile la holofala. A na le tšepo ea hore Wilma o tla tsamaea, ’mè oa hae o ne a silila leoto la hae le holofetseng ’me a ruta le bana ba hae ba bararo ba baholoanyane hore ba etse se tšoanang. Kahoo ho ne ho e-na le linako tse ’nè tsa mosebetsi tsa ho “silila Wilma” letsatsi le letsatsi.

Ha Wilma a le lilemo tse robeli, o ile a khona ho tsamaea ka thuso ea sesebelisoa se neng se tšehetsa leoto la hae. Kapele o ile a qala ho matha le ho bapala. O ne a ikemiselitse ho hlōla ho holofala ha hae. Ho itlhakisa hammoho le keletso ea ’mè oa hae li ile tsa mo thusa: “U se ke ua tela.”

Wilma ha aa ka a tela. ’Me ka 1960, Lipapaling tsa Liolimpiki Roma, Italy, o ile a amohela likhau tse tharo tsa khauta. O ile a hlōla litlhōlisanong tsa mabelo tsa limithara tse 100 le tse 200 ’me ea e-ba eena ea tsoang pele karolong ea ho qetela tlhōlisanong ea mekhahlelo ea limithara tse 400.

Nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ha e ne e le moshemane ea lilemo li supileng, Glenn Cunningham o ile a cha maoto ka mokhoa o kotsi haholo. O ile a qeta likhoeli a le liphateng ’me a bolelloa hore mohlomong a ke ke a hlola a tseba ho tsamaea hape. Ka mehla ’mè oa hae o ne a thoba mesifa ea hae e utloileng bohloko ’me a mo khothalletsa ho tsamaea le ho matha. Glenn ha aa ka a tela. Ha e le hantle, qetellong o ile a hlōla litlhōlisanong tsa mabelo tse 21 ho tse 31 tsa limithara tse 1 600 tse neng li tšoaretsoe Madison Square Garden. ’Me ka 1934, o ile a hloma rekoto e ncha ea lefatše tlhōlisanong ea lebelo la ’maele.

Ka nako e ’ngoe bophelong kaofela ha rōna re tobana le litšitiso tsa mefuta e sa tšoaneng. Hangata ke bothata bo itseng ba bophelo bo botle. Ho e-na le ho etsa qeto ea hore re hlōlehile, ho molemo hakaakang ho ikemisetsa ho se tele! Moapostola Pauluse o ngotse tjena mabapi le boiteko ba moea: “Ha re tele. Esita le ha motho eo re leng eena kantle [’mele oa rōna oa nama] a ntse a senyeha, ka sebele motho eo re leng eena kahare o ntse a nchafala [kapa o fumana matla a macha] letsatsi le letsatsi.”—2 Ba-Korinthe 4:16, NW.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 27]

UPI/Bettmann Newsphotos

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela